Bona se Molemo ka Lebaka la Mosebetsi oa Hao o Boima
1. Ke’ng se ka fokotsang cheseho ea rōna tšebeletsong?
1 Motho o ne a etselitsoe hore a “bone se molemo ka lebaka la mosebetsi oa hae o boima.” (Moek. 2:24) Empa ha re sa bone litholoana tse molemo tšebeletsong ea rōna, ho nyahama ho ka re amoha thabo ha ba ha fokotsa cheseho ea rōna. Ke eng se ka re thusang ho lula re e-na le boikutlo bo botle?
2. Ke hobane’ng ha re lokela ho talima lintho ka tsela ea sebele mabapi le karabelo ea batho tšimong?
2 Talima Lintho ka Tsela ea Sebele: Hopola hore le hoja e bile batho ba seng bakae feela ba ileng ba amohela molaetsa oa Jesu, ha ho pelaelo hore tšebeletso ea hae e ile ea atleha. (Joh. 17:4) Papisong ea mojali, Jesu o ile a bolela esale pele hore qetellong ba bangata ba ke ke ba amohela molaetsa oa ’Muso o kang peō. (Mat. 13:3-8, 18-22) Leha ho le joalo re ntse re finyella ho hongata ha re etsa mosebetsi ka mafolofolo.
3. Re ka ‘beha litholoana’ joang le hoja e le batho ba seng bakae feela ba arabelang molaetseng oa rōna?
3 Kamoo re Behang Litholoana Tse Ngata Kateng: Ho latela papiso ea Jesu, ba amohelang molaetsa ba ne ba tla ‘beha litholoana.’ (Mat. 13:23) Ka mor’a hore koro e mele ’me e hōle, litholoana tseo e li behang ke peō e ncha eseng semela se senyenyane sa koro. Kahoo litholoana tseo Bakreste ba atlehang ba li hlahisang hase barutuoa ba bacha, empa ke peō ea ’Muso eo re e jalang nako le nako ha re bolela litaba tse molemo. Sena se re tsoela “molemo” o moholo ’me rea khotsofala, ho sa tsotellehe hore na batho baa arabela kapa che. Re nka karolo ho halaletseng lebitso la Jehova. (Esa. 43:10-12; Mat. 6:9) Re thabela tlotla ea ho sebetsa le Molimo. (1 Bakor. 3:9) “Litholoana [tseo] tsa melomo” li thabisa Jehova.—Baheb. 13:15, 16.
4. Tšebeletso ea rōna e ka beha litholoana life re sa tsebe?
4 Ho phaella moo, ho ka etsahala hore mosebetsi oa rōna o boima o beha litholoana tseo re sa li boneng. Mohlomong bang ba ileng ba mamela Jesu ha a bolela litaba tse molemo ha ea ka ea e-ba barutuoa ho fihlela ka mor’a hore a phethe tšebeletso ea hae ea lefatšeng. Ka ho tšoanang, peō ea ’Muso eo re e jalang e ka ’na ea se ke ea mela pelong ea motho ho fihlela hamorao, ’me ho ka etsahala hore re se ke ra tseba le hore o ile a amohela ’nete. Ka sebele tšebeletso ea rōna e finyella ho hongata. Ka lebaka leo, e se eka re ka ‘beha litholoana tse ngata’ ’me ra bontša hore re barutuoa ba Jesu.—Joh. 15:8.