Phutuho e Atlehang
Libeke tse tharo pele likopano tsa tsona li qala, liphutheho li tla boela li kopanele letšolong la ho mema batho ba thahasellang hore ba be teng likopanong. Ho na le lebaka le utloahalang la hore re kopanele phutuhong ena e etsoang selemo le selemo. Batho ba amohelang memo ena ’me ba tla kopanong hangata ba khahloa ke lipuo tse thehiloeng Mangolong, mafapha a hlophisitsoeng hantle a sebetsang ka baithaopi, boitšoaro bo botle le bonngoe boo re bo bontšang. (Pes. 110:3; 133:1; Esa. 65:13, 14) Leha ho le joalo, na phutuho ee ea atleha, haholo-holo libakeng tseo ho tsona batho ba thahasellang ba lokelang ho tsamaea maeto a malelele ho ea likopanong?
Kamor’a kopano e ’ngoe ea setereke ea 2011, ofisi ea lekala e ile ea fumana lengolo le tsoang ho mosali e mong ea ileng a fumana memo lemating la hae. O ne a tloaetse ho ipata ha Lipaki Tsa Jehova li kokota. O ile a ngola a re: “Ke ne ke e-na le ntlo e ntle le monna ea nthatang ’me ke ne ke nahana hore ke na le ntho e ’ngoe le e ’ngoe e tla etsa hore ke thabe. Ka masoabi, ke ne ke ntse ke sa thaba ebile ke se na morero bophelong. Kahoo, ke ile ka etsa qeto ea ho nka leeto la lik’hilomithara tse 320 ka koloi e le hore ke be teng kopanong ka Moqebelo.” O ile a thabela kopano haholo hoo a ileng a letsetsa monna oa hae a mo bolella hore o tla robaletsa e le hore a tle a khone ho ba teng lenaneong la Sontaha. “Ke ile ka mamela lipuo tsohle, ka kopana le Lipaki Tsa Jehova tse ngata ’me ka etsa qeto ea hore lena e ke ke ea e-ba lekhetho la ho qetela ke tla kopanong.” Kamor’a hore a khutlele hae, o ile a qala ho ithuta ’me kamor’a likhoeli tse ’nè ea e-ba mohoeletsi ea sa kolobetsoang. “Ke thabile haholo hore ebe ke ile ka fumana memo lemating la ka hobane hona joale bophelo ba ka bo na le morero e le kannete!”
Ba bang ba fumanang memo ba tla tla kopanong. Kahoo, kopanela ka cheseho phutuhong ena ea bohlokoa. Tloo le limemo tse setseng kopanong ’me u li sebelisetse ho paka ka mokhoa o sa reroang.
[Lebokose le leqepheng la 5]
Re Tla Tsamaisa Limemo Joang?
E le hore re sebetse tšimo eohle ea phutheho, ho hlokahala re bue ka bokhutšoanyane. Re ka ’na ra re: “Lumelang. Re tsoile letšolo la ho aba memo ena lefatšeng lohle. Ea hao ke ena. U tla fumana lintlha tse eketsehileng memong ena.” Bontšang cheseho. Ha le aba limemo mafelo-bekeng, le ka tsamaisa limakasine ha ho loketse.