Boikitlaetso ba Lefatše Lohle ba ho Phatlalatsa Kopano ea Setereke ea “Latelang Kreste!”
Bahoeletsi ba Tla Boela ba Abe Leqetšoana le Khethehileng la Memo
1 Phutuho ea lefatše lohle ea ho phatlalatsa Kopano ea Setereke ea “Topollo e Atametse!” e ileng ea etsoa selemong se fetileng, e ile ea susumetsa batho ba thahasellang haholo. Ba ileng ba amohela memo ena e khethehileng eaba ba ba teng kopanong, ba ile ba latsoa ka lekhetlo la pele mokete o moholo oa lijo tsa moea oo Lipaki Tsa Jehova li nang le oona. (Esa. 65:13) Ba ile ba thabela ho kopanela le mokhatlo oa rōna oa bara ba motho oa Bokreste o mofuthu le o kopaneng. (Pes. 133:1) E le hore re thuse batho ba bangata kamoo ho ka khonehang hore ba be teng Kopanong ea Setereke ea “Latelang Kreste!”, re tla pheta phutuho ea lefatše lohle ea ho aba leqetšoana le khethehileng la memo.
2 Liphello Tsa Selemo se Fetileng: Litlaleho tse ileng tsa amoheloa tse tsoang likarolong tsohle tsa lefatše li bontša hore ho phatlalatsa Kopano ea Setereke ea “Topollo e Atametse!” ho ile ha e-ba le liphello tse ntle haholo. Libakeng tse ngata mecha ea litaba e ile ea re hlahisa hantle. Ka mohlala, motseng o mong, koranta e ’ngoe e ile ea phatlalatsa phutuho ena sehloohong se neng se nkile likarolo tse tšeletseng leqepheng la koranta eo ea re: “E le hore Lipaki li fihle ho motho e mong le e mong nako e sa le teng, li ikitlaelitse ka ho khetheha motseng mona, li sebetsa lihora tse eketsehileng, li tsamaea libaka tse teletsana ebile li bua li potlakile.” Phutuho ena e hlophisitsoeng hantle ea ho aba leqetšoana e ile ea khahla baphatlalatsi ba litaba motseng o mong, ’me ea ba susumelletsa hore ba e phatlalatse ka ho qaqa. Ke bonyane likoranta tse tharo tse ileng tsa bua hantle ka mosebetsi oa rōna pele ho kopano. Moqolotsi e mong oa litaba o ile a ngola lihlooho tse ngata tse buang taba ka mokhoa o batsi tse ileng tsa nka maqephe a fetang a mabeli khatisong ea Sontaha ea koranta e ’ngoe. E ile ea bua ka ho qaqa ka lintho tseo re li lumelang, mokhatlo oa rōna oa bara ba motho, ho ajoa ha leqetšoana la memo le ka kopano. Ha mohoeletsi e mong a ne a fana ka memo monyako, mong’a ntlo o ile a mo kena hanong, a re: “Ha e le hantle, ke ne ke ntse ke bala ka eona koranteng!” Mong’a ntlo e mong o ile a tsota a re: “Ke qeta ho bala ka lōna, ’me ke mona le se le le teng! Ke memo ea ka ee?” Eaba oa eketsa: “Lipaki Tsa Jehova li etsa ntho e ntle.”
3 Batho ba bangata ba thahasellang ba ne ba bonoa ba tla libakeng tsa kopano ba nkile maqetšoana ao ba memiloeng ka ’ona. Ba bang ba thahasellang ba ne ba tla ka likoloi ba tsoa metseng e hōle ho tla mamela lenaneo. Palo ea ba bileng teng kopanong e ile ea eketseha ka lebaka la ho ikitlaelletsa ha rōna ho mema ka mafolofolo, ’me naheng e ’ngoe batho ba bileng teng kopanong ba ne ba eketsehile ka karolo ea 27 lekholong ho ba neng ba le teng selemong se ka pele.
4 Tsela ea ho Akaretsa Tšimo: Le ka qala ho aba maqetšoana a memo libeke tse tharo pele ho kopano ea lōna. Le lokela ho etsa boiteko bohle ho akaretsa tšimo eohle ea phutheho. Liphuthehong tse nang le tšimo e khōlō, bahoeletsi ba ka kenya leqetšoana la memo ka bohlale malapeng a se nang batho, bekeng ea ho qetela pele ho kopano. Liphutheho li lokela ho etsa boiteko ba ho aba maqetšoana ’ohle ao li a romeletsoeng le ho sebetsa tšimo e khōlō kamoo ho ka khonehang. Maqetšoana ’ohle a setseng a ka sebelisoa ke bo-pula-maliboho phuthehong.
5 Seo re ka se Buang: U ka ’na ua re: “Re phutuhong ea lefatše lohle ea ho memela batho ketsahalo ea bohlokoa. Memo ea hao ke ena. Litaba tse ling tsa bohlokoa li hlalositsoe ho eona.” Ha re sa bue lolololo re tla khona ho sebetsa sebaka se seholo. Leha ho le joalo, haeba mong’a ntlo a e-na le lipotso, iphe nako ea ho li araba. Ha motho a bontša thahasello, ngola lebitso la hae le aterese ’me u khutlele ho eena kapele kamoo ho ka khonehang.
6 Ka sebele ke habohlokoa hore re leke ka tieo ho latela Kreste! (Joh. 3:36) Kopano ea rōna e tlang ea setereke e tla thusa bohle ba tla ba teng ho etsa joalo. Ka sebele re ka lebella hore ho tla boela ho fanoe ka bopaki bo boholo ka lebaka la boikitlaetso bona bo matla ba ho phatlalatsa Kopano ea Setereke ea “Latelang Kreste!” Kahoo, chesehela ho mema ba bangata kamoo ho khonehang hore ba be teng. E se eka Jehova a ka hlohonolofatsa boiteko ba hao haholo phutuhong ena eo re tla e etsa re kopane lefatšeng lohle.