Phutuho ea Lefatše Lohle ea ho Phatlalatsa Kopano ea Setereke ea “Topollo e Atametse!”
Bahoeletsi Liphuthehong Tsohle ba Tla Tsamaisa Sememo se Khethehileng
1 Ho tloha nakong ea selemo Karolong e ka Leboea ea Lefatše selemong sa 2006 ho fihlela ha likopano tsa setereke tse tla tšoaroa lefatšeng lohle li fela, ho tla sebelisoa limemo tse khethehileng phutuhong ea lefatše lohle ea ho phatlalatsa likopano tsa setereke tse tla tšoareloa linaheng tse ka bang 155. Phutuho ena e akarelletsa likopano tse khethehileng tse neng li lokiselitsoe ho tšoareloa Jeremane, Czech Republic le Poland ka July le bekeng e qalang ea August 2006.
2 Kaha metsotso e se e jele babeli nakong ena ea bofelo, likopano tse buang ka tšepiso ea Molimo ea ho re lopolla tsamaisong ena e khopo, li lokela ho ipiletsa haholoanyane ho batho ba nang le tšekamelo e nepahetseng. Molaetsa ona o lokela ho ba susumetsa hore ba nahane ka se larileng ka pele. E le hore re fe batho ba limilione tse mashome monyetla oa ho utloa molaetsa oa matšeliso le oa tšepo, liphutheho tsa Lipaki Tsa Jehova tse fetang 98- 000 lefatšeng lohle li khothalletsoa hore li kopanele ka cheseho mosebetsing oa ho phatlalatsa kopano eo li memetsoeng ho eona.
3 Liphutheho li tla romelloa limemo tse lekaneng e le hore mohoeletsi e mong le e mong a ka fumana limemo tse 30. Bo-pula-maliboho ba phutheho ba ka sebelisa limemo tse ling tse setseng. Phuthehong ka ’ngoe, phutuho ena e tla qala libeke tse tharo pele ho letsatsi la pele la kopano eo phutheho e abetsoeng ho ea ho eona. Sena se tla fana ka nako e lekaneng ea ho sebetsa boholo ba tšimo ea phutheho kapa ho e akaretsa kaofela ha eona.
4 Ho khothalletsoa hore hohle moo ho khonehang, beng ba matlo ba fuoe limemo matsohong. Leha ho le joalo, haeba ba bang ba le sieo malapeng a bona, sememo se ka siuoa monyako ka tsela e sa memeng mahlo a batho. Ho lokela ho etsoe boiteko bo matla ba ho tsamaisa limemo tsohle nakong ea libeke tseo tse tharo.
5 Re kholisehile hore joalokaha ho bontšitsoe sehloohong sena, ho tla fanoa ka bopaki bo boholo ka lebaka la boiteko bona bo matla bo etsoang lefatšeng lohle ba ho phatlalatsa Kopano ea Setereke ea “Topollo e Atametse!” Re rapella hore Jehova a hlohonolofatse boiteko ba lōna ka ho enneng ha le ntse le kopanela phutuhong ena e etsoang lefatšeng ka bophara.