Na U Sebelisa Limemo?
Ka letsatsi le leng moshanyana e mong ea lilemo li 11 o ile a fumana setlankana se mo memelang puo ea phatlalatsa e nang le sehlooho se buang ka lihele. Hamorao o ile a re ka sona: “Ke ile ka nahana ka ho tebileng ka sona, etsoe ho ne ho bonahala eka ka linako tsohle ke ne ke etsa lintho tse mpe, ’me kahoo ke ne ke ngongoreha haholo ha ke nahana ka ho ea liheleng tse tukang ha ke e-shoa.” O ile a ea mamela puo eo, eaba o kolobetsoa hoo e ka bang ka mor’a selemo a se a ithutile lithuto tse ’maloa tsa Bibele. Tšebeletso ea Bokreste ea Karl Klein, eo hamorao e ileng ea e-ba setho sa Sehlopha se Busang sa Lipaki Tsa Jehova, e ile ea qala joalo. E qalile ka hore a fumane setlankana.
Le kajeno limemo li sa ntse li khatha tema e khōlō mosebetsing oa ho paka. Bahoeletsi ba bangata ba fumana hore ho fa motho sememo ho ba thusa hore ba itsebise motho eo ba be ba qale ho qoqa le eena. Batsoali ba ka etsa hore bana ba bona ba banyenyane ba be le seabo tšebeletsong ka hore ba ba fe limemo e le hore ba ka fana ka tsona matlong. Bahoeletsi ba pakang ka mangolo ba ka tsebisa batho ka liboka ka ho kenya le setlankana ka enfelopong. Bonneteng, ho sebelisa limemo ke tsela e bonolo ea ho memela batho bao re ithutang le bona Bibele le ba bang ba thahasellang hore ba tle libokeng tsa rōna.
Qalong ea setlankana ho ngotsoe tlhaloso e khutšoanyane ea seboka se seng le se seng sa phutheho. Kaha ha hoa ngoloa aterese ea Holo ea ’Muso le linako tsa liboka, ho tla hlokahala hore u ngole boitsebiso boo ha u fana ka setlankana. Ho na le sebaka sa hore u ngole boitsebiso boo kapa o bo otle ka setempe haeba u lakatsa ho etsa joalo. Na u sebelisa limemo hamolemo tšebeletsong ea hao?