Watchtower ONLINE LIBRARY
Watchtower
ONLINE LIBRARY
Sesotho (Lesotho)
  • BIBELE
  • LINGOLOA
  • LIBOKA
  • km 1/98 leq. 3
  • Sebelisa Limemo Hamolemo

Ha ho na video mona.

Ka masoabi ho bile le bothata.

  • Sebelisa Limemo Hamolemo
  • Tšebeletso ea Rōna ea ’Muso—1998
  • Lingoloa Tse Tšoanang
  • Na U Sebelisa Limemo?
    Tšebeletso ea Rōna ea ’Muso—2005
  • Phutuho ea Lefatše Lohle ea ho Phatlalatsa Kopano ea Setereke ea “Topollo e Atametse!”
    Tšebeletso ea Rōna ea ’Muso ea 2006
  • Ho Nehelana ka Taba Tse Molemo
    Tšebeletso ea Rōna ea ’Muso—1991
  • Boikitlaetso ba Lefatše Lohle ba ho Phatlalatsa Kopano ea Setereke ea “Latelang Kreste!”
    Tšebeletso ea Rōna ea ’Muso—2007
Bala Tse Ling
Tšebeletso ea Rōna ea ’Muso—1998
km 1/98 leq. 3

Sebelisa Limemo Hamolemo

1 Limemo tsa phutheho li molemo haholo bakeng sa ho bolella batho ba motse aterese ea Holo ea ’Muso le linako tse nepahetseng tsa liboka. Ho ka ba molemo ho siela motho e mong le e mong eo u kopanang le eena sememo. Bakeng sa morero oo, phutheho ka ’ngoe e lokela ho ba le limemo tse ngata setokong. Bakeng sa liphutheho tse fetolang linako tsa tsona tsa liboka selemo le selemo ka January, ho lokela hore ho odaroe limemo tse ncha ka October selemo le selemo e le hore setoko sa limemo tse bontšang linako tse ncha tsa liboka li ka fumaneha kamehla. Ho lokela hore ho sebelisoe foromo ea Odoro ea Limemo bakeng sa morero ona. Hang ha le se le e-na le tsona, limemo tsena li ka sebelisoa hamolemo joang?

2 Bahoeletsi ba bangata ba fumane hore ho neha motho sememo ke tsela e sebetsang ea ho itsebisa eena le ho qalisa moqoqo. Ho bontša linako tsa liboka kapa molaetsa o leng lehlakoreng le ka morao ho ka bula tsela ea ho bua ka mosebetsi oa rōna le morero oa oona. Batsoali ba ka akarelletsa bana ba bona tšebeletsong ka hore ba nehelane ka sememo ntlong. Bahoeletsi ba kopanelang ho pakeng ka ho ngola mangolo ba lokela ho kenya sememo mangolong a bona le ho mema motho eo hore a tle libokeng. Limemo li ka ’na tsa siuoa matlong ao ho se nang batho ho ’ona hafeela ho hlokometsoe hore li kenngoa ka tlas’a monyako e le hore li se bonahale ho hang.

3 Limemo e bile thuso e khōlō ea ho lebisa batho ba lipelo li tšepahalang ’neteng. Phihlelo e ’ngoe e bolela ka mosali eo ka lebaka la sememo a ileng a phethahatsa takatso ea hae ea bophelo bohle ea ho utloisisa Bibele. Ka mor’a ho qeta bosiu bohle a rapela Molimo, banyalani ba Lipaki ba ile ba letsa tšepe ea monyako oa hae hoseng. A shebile ka lesobana le lemating, o ile a bolela hore hase nako ea hore a bule monyako. Lipaki li ile tsa sunya sememo tlas’a monyako. Se ne se baleha tjena: “Tseba Bibele ea Hao.” O ile a se bona ’me a bula monyako. Ho ile ha qalisoa thuto hang-hang ’me hamorao o ile a kolobetsoa. Le ka mohla re se halale matla a moea oa Molimo, e se eka ka linako tsohle re ka sebelisa limemo ha re ntse re phethahatsa tšebeletso ea rōna ka botlalo.—Bona le Tšebeletso ea Rōna ea ’Muso ea February 1994, leqepheng la 1.

    Lingoliloeng Tsa Sesotho Lesotho (1985-2026)
    Tsoa
    Kena
    • Sesotho (Lesotho)
    • Romela
    • Ikhethele
    • Copyright © 2025 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
    • Kamoo e Lokelang ho Sebelisoa
    • Tumellano ea ho Boloka Lekunutu
    • Privacy Settings
    • JW.ORG
    • Kena
    Romela