Ke Eng e re Susumelletsang ho Bolela?
1. Lerato le re susumelletsa ho etsa’ng tšebeletsong ea rōna?
1 Mosebetsi oa bohlokoa ka ho fetisisa oo re ka o etsang kajeno ke ho bolela litaba tse molemo tsa ’Muso oa Molimo. Ha ho pelaelo hore ha re etsa mosebetsi ona, re bontša hore re mamela litaelo tsena tse peli tsa bohlokoa ka ho fetisisa, e leng ho rata Jehova le moahelani. (Mar. 12:29-31) Lerato le na le matla a ho re susumelletsa hore re be baboleli ba chesehang.—1 Joh. 5:3.
2. Mosebetsi oa rōna oa ho bolela o bontša joang hore re rata Jehova?
2 Ho Rata Jehova: Ho rata Jehova, e leng Motsoalle oa rōna oa bohlokoa ka ho fetisisa ho re susumelletsa ho mo buella. Esale Satane a mo senya lebitso ka lilemo tse ka bang 6 000 tse fetileng. (2 Bakor. 4:3, 4) Ka lebaka lena batho ba mo tseba e le Molimo ea hlokofatsang batho liheleng tse tukang, e le Boraro-bo-bong bo sa utloisiseheng hape ba tseba a sa tsotelle batho. Ba bangata ebile ba lumela hore ha a eo. Re lakatsa e le kannete hore batho ba tsebe ’nete ka Ntate oa rōna ea leholimong! Boiteko ba rōna bo matla ba hore re be lipaki tsa Molimo bo mo thabisa haholo ’me ka lehlakoreng le leng bo halefisa Satane.—Liprov. 27:11; Baheb. 13:15, 16.
3. Mosebetsi oa rōna oa boboleli o bontša joang hore re rata moahelani?
3 Ho Rata Moahelani: Neng le neng ha re pakela motho ea itseng re bontša hore rea mo rata. Linakong tsena tse mahlonoko ho hlokahala hore batho ba utloe litaba tse molemo. Ba bangata ba tšoana le Baninive ba mehleng ea Jonase ‘bao ho hang ba neng ba sa tsebe phapang pakeng tsa letsoho la bona le letona le letsoho la bona le letšehali.’ (Jon. 4:11) Tšebeletso ea rōna e ruta batho kamoo ba ka atlehang le ho thaba kateng bophelong. (Esa. 48:17-19) E etsa hore ba be le tšepo. (Bar. 15:4) Haeba ba mamela ebile ba sebelisa seo ba ithutang sona, ba “tla pholoha.”—Bar. 10:13, 14.
4. Ke eng eo le ka mohla Jehova a ke keng a e lebala?
4 Bana ba lerato ha ba rate batsoali ba bona feela ka linako tse itseng. Ba loanela ho ba bontša lerato ka linako tsohle. Ka tsela e tšoanang, ho rata Molimo le baahisani ba rōna ho tla re susumelletsa hore re lule re falimehetse menyetla ea ho paka ka linako tsohle, eseng ka linako tse behiloeng feela. Re tla bolela re sa phetse. (Lik. 5:42) Le ka mohla Jehova a ke ke a lebala lerato le joalo.—Baheb. 6:10.