Watchtower ONLINE LIBRARY
Watchtower
ONLINE LIBRARY
Sesotho (Lesotho)
  • BIBELE
  • LINGOLOA
  • LIBOKA
  • km 10/13 leq. 2
  • Sebelisa Websaete ea Rōna ho Ruta Bana ba Hao

Ha ho na video mona.

Ka masoabi ho bile le bothata.

  • Sebelisa Websaete ea Rōna ho Ruta Bana ba Hao
  • Tšebeletso ea Rōna ea ’Muso ea 2013
  • Lingoloa Tse Tšoanang
  • Sebelisang Karolo ea “E-ba Motsoalle oa Jehova” e Hlahang ho jw.org Tšimong
    Tšebeletso ea Rōna ea ’Muso ea 2015
  • Lelapa la Hao le ka Thaba Joang?​—Karolo ea 2
    U ka Thaba ka ho sa Feleng!—Lenaneo la ho Ithuta Bibele
  • Websaete e Ikhethang
    Tsoha!—2014
  • Lintho Tse ka u Thusang ha u Etsa Lipatlisiso
    Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova (O Ithutoang)—2023
Bala Tse Ling
Tšebeletso ea Rōna ea ’Muso ea 2013
km 10/13 leq. 2

Sebelisa Websaete ea Rōna ho Ruta Bana ba Hao

1. Sehlooho se reng “Bana” Websaeteng ea rōna, se entsoe ka morero ofe?

1 Websaete ea rōna ea jw.org, e etselitsoe ho khahla batho ba lilemo tsohle. Sehlooho se reng “Bana” (e-ea ho Lithuto Tsa Bibele > Bana) se thusa bana ba banyenyane le batsoali ba bona hore ba atamelane le hore ba atamele haufi le Jehova. (Deut. 6:6, 7) U ka sebelisa sehlooho see joang ho ruta bana ba hao?

2. Ha u ithuta le bana ba hao u ka khetha boitsebiso bo loketseng lilemo tsa bona joang?

2 Ikamahanye le Maemo: Ngoana e mong le e mong o na le litlhoko tse khethehileng. (1 Bakor. 13:11) U ka khetha boitsebiso bo loketseng lilemo tsa bana ba hao joang? Ipotse: ‘Ke’ng eo bana ba ka ba tla e thahasella? Ba tla utloisisa boitsebiso bo bokae? Ba ka khona ho tsepamisa likelello thutong ka nako e kae?’ Ha u ithuta le bana ba lilemo li tharo ho ea tlaase, u ka sebelisa lipale tse hlahang karolong e reng “Seo ke Ithutang Sona ka Bibeleng.” Malapa a mang a rata ho ithuta lipale tsa Bibele tse hlahang karolong e reng “Ruta Bana ba Hao.” U ka boela ua nahana ka likarolo tse latelang.

3. Batsoali ba ka atleha joang ho ruta bana ba bona ba sebelisa lihlooho tse hlahang karolong e reng “Seo le ka se Etsang Nakong ea Borapeli ba Lelapa”?

3 Seo le ka se Etsang Nakong ea Borapeli ba Lelapa: Mesebetsi e bontšitsoeng mona e thusa bao e leng lihlooho tsa malapa hore ba rute bana ba bona. E le hore u ithute hore na lipale kapa mesebetsi eo e etsoa joang, tobetsa konopo e ngotsoeng “Kopitsa” ’me u bale boitsebiso bo hlahang tlas’a “Tataiso ho Batsoali.” Sebelisa karolo ea “litšoantšo tse ka torouoang” ho ruta bana ba hao lintho tse kang ho taka litšoantšo. Thusa bana ba hōlileng ho qetela mesebetsi eo ba e fuoeng karolong ena. Mesebetsi eohle e amana le pale kapa thuto e le ’ngoe ea Bibele, kahoo bana ba lilemo tsohle ba ka kopanela thutong e tšoanang ea borapeli ba lelapa.

4. Karolong e reng “E-ba Motsoalle oa Jehova,” re ka fumana eng?

4 E-ba Motsoalle oa Jehova: Livideo, lipina le mesebetsi e hlahang karolong ena ea Websaete ea rōna, li thusa batsoali ho ruta bana ba bona ba banyenyane Lentsoe la Molimo. (Deut. 31:12) Livideo tse khutšoanyane tsa lipopae li ruta lithuto tsa bohlokoa. Lipapali tse kang tsa hore bana ba batle lintho tse patehileng li hatisa bohlokoa ba lithuto tseo. Kaha hangata bana ba rata ho bina—ebile lipina li thusa bana ho hopola lintho tseo ba ithutileng tsona—lipina tsa ’Muso le lipina tse ling tse ngoletsoeng bana ka ho khetheha li lula li kenngoa Websaeteng ena.

5. Ke hobane’ng ha batsoali ba lokela ho kōpa Jehova hore a ba thuse ho ruta bana ba bona ’nete?

5 Batsoali, Jehova o batla hore le be bo-’mè le bo-ntate ba atlehang. Kahoo, mo kōpeng hore a le thuse ho ruta bana ba lōna ’nete. (Baahl. 13:8) Ka tšehetso ea Jehova, u ka koetlisa bana ba hao e le hore ‘ba hlalefe bakeng sa poloko ka tumelo mabapi le Kreste Jesu.’—2 Tim. 3:15; Liprov. 4:1-4.

    Lingoliloeng Tsa Sesotho Lesotho (1985-2026)
    Tsoa
    Kena
    • Sesotho (Lesotho)
    • Romela
    • Ikhethele
    • Copyright © 2025 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
    • Kamoo e Lokelang ho Sebelisoa
    • Tumellano ea ho Boloka Lekunutu
    • Privacy Settings
    • JW.ORG
    • Kena
    Romela