Watchtower ONLINE LIBRARY
Watchtower
ONLINE LIBRARY
Sesotho (Lesotho)
  • BIBELE
  • LINGOLOA
  • LIBOKA
  • km 3/14 leq. 3
  • Sebelisa Limakasine Tsa Khale Hamolemo

Ha ho na video mona.

Ka masoabi ho bile le bothata.

  • Sebelisa Limakasine Tsa Khale Hamolemo
  • Tšebeletso ea Rōna ea ’Muso ea 2014
  • Lingoloa Tse Tšoanang
  • Sebelisa Limakasine Tsa Rōna Hamolemo
    Tšebeletso ea Rōna ea ’Muso—1995
  • Tsamaisa Limakasine Tšebeletsong ea Hao
    Tšebeletso ea Rōna ea ’Muso—2005
  • Behella Nako ea Mosebetsi oa Limakasine ka Thōko
    Tšebeletso ea Rōna ea ’Muso—1993
  • Limakasine li Tsebahatsa ’Muso
    Tšebeletso ea Rōna ea ’Muso—1998
Bala Tse Ling
Tšebeletso ea Rōna ea ’Muso ea 2014
km 3/14 leq. 3

Sebelisa Limakasine Tsa Khale Hamolemo

Kaha ha ho na motho ea ruang molemo ha re boloka limakasine tsa khale kapa re li lahla, re lokela ho li tsamaisa. Makasine e le ’ngoe e ka etsa hore motho a rate ’nete a be a ipiletse lebitsong la Jehova. (Bar. 10:13, 14) Lintlha tse latelang li ka re thusa hore re sebelise limakasine tsa khale hamolemo.

  • Ha u paka tšimong e sa atiseng ho sebetsoa, malapeng ao ho ’ona ho se nang batho, u ka siea makasine moo batho ba fetang ka tsela ba ke keng ba e bona.

  • Ha u paka libakeng tseo batho ba emelang libese kapa literene ho tsona; ba botse hore na u ka ba fa se baloang, ebe u ba bontša limakasine tsa khale tse ’maloa, ’me u re ba khethe tseo ba li ratang.

  • Ha u ile moo ho hlatsuoang liaparo, mahaeng a batho ba hōlileng, litleliniking kapa libakeng tse kang tseo, u ka siea limakasine tsa khale tse seng kae. Hangata ho molemo hore u qale ka ho kōpa tumello ho motho ea ikarabellang haeba a le teng. Haeba ho se ho e-na le limakasine, u se ke ua siea tse ling hape.

  • Ha u lokisetsa maeto a ho boela, nahana ka hore na motho ka mong eo u rerang ho mo etela o ile a khahloa ke eng. Na o na le bana? Na o rata ho nka maeto? Na o rata ho sebetsa serapeng? Sheba limakasineng tsa khale hore na ebe ho na le sehlooho seo a ka ratang ho se bala, ’me u mo bontše sona ha u khutlela ho eena.

  • Haeba u fumana motho ea thabelang lapeng, eo u sa kang ua mo fumana ka makhetlo a itseng, mo bontše limakasine tsa khale tseo a sa li fumanang.

    Lingoliloeng Tsa Sesotho Lesotho (1985-2026)
    Tsoa
    Kena
    • Sesotho (Lesotho)
    • Romela
    • Ikhethele
    • Copyright © 2025 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
    • Kamoo e Lokelang ho Sebelisoa
    • Tumellano ea ho Boloka Lekunutu
    • Privacy Settings
    • JW.ORG
    • Kena
    Romela