Watchtower ONLINE LIBRARY
Watchtower
ONLINE LIBRARY
Sesotho (Lesotho)
  • BIBELE
  • LINGOLOA
  • LIBOKA
  • km 5/14 leq. 3
  • Lebokose la Lipotso

Ha ho na video mona.

Ka masoabi ho bile le bothata.

  • Lebokose la Lipotso
  • Tšebeletso ea Rōna ea ’Muso ea 2014
  • Lingoloa Tse Tšoanang
  • Lelapa la Hao le ka Thaba Joang?​—Karolo ea 2
    U ka Thaba ka ho sa Feleng!—Lenaneo la ho Ithuta Bibele
  • Batsoali, le ka Thusa Bana ba Lona Joang Hore ba Rate Jehova?
    Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova (O Ithutoang)—2022
  • Ho Haha Lelapa le Matla Moeeng
    Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—2001
  • Sebelisa Websaete ea Rōna ho Ruta Bana ba Hao
    Tšebeletso ea Rōna ea ’Muso ea 2013
Bala Tse Ling
Tšebeletso ea Rōna ea ’Muso ea 2014
km 5/14 leq. 3

Lebokose la Lipotso

◼ Bana ba lokela ho ithuta eng e tla ntlafatsa kamano ea bona le Jehova?

Batsoali ba Bakreste ba sebetsa ka thata hore ba hōlise bana ba bona “ka taeo le kelello e laoloang ke Jehova.” (Baef. 6:4) Ka mohlala, batsoali ba bone ho le molemo hore ba tšoare temana ea letsatsi le bana ba bona hoseng ho hong le ho hong. Nakong ea borapeli ba lelapa le ka linako tse ling, lelapa le ka ’na la shebella video le ho e tšohla, le ka buisana ka lintlha tse tobileng bukeng ea Bacha Baa Botsa, le bapale tlaleho e itseng ea Bibele, kapa le itlhakise. Leha ho le joalo, e le hore bana ba ‘hatele pele ka matla khōlong e feletseng,’ ba lokela hore ba boele ba rutoe linnete tsa Bibele tse tebileng.—Baheb. 6:1.

Nahana ka seo re se rutang batho bao re kopanang le bona tšimong. Ha re etela motho ka lekhetlo la pele kapa ka lekhetlo la bobeli, hangata re leka ka matla ho qala thuto ea Bibele ka buka ea Ha e le Hantle ke Eng Seo Bibele e se Rutang? Ha re se re qetile buka ena, re sebelisa buka ea “Le Ipoloke Leratong la Molimo.” Hobane’ng? Buka ea Seo Bibele e se Rutang e thusa seithuti hore se be le tsebo ea motheo ea Mangolo. Buka ea “Lerato la Molimo” e se ruta ho sebelisa melao-motheo ea Bibele bophelong ba letsatsi le letsatsi. Ho ithuta libuka tsena ka bobeli ho thusa liithuti hore li ‘mele ka metso’ ho Kreste le ho “tsitsisoa tumelong.” (Bakol. 2:6, 7) Na boitsebiso boo bo ke ke ba ruisa bana ba rōna molemo? Le bona ba lokela ho rutoa ka thekollo, ’Muso le boemo ba bafu. Ba boetse ba lokela ho tseba hore na ke hobane’ng ha Molimo a lumeletse mahlomola le hore na ba ka tseba joang hore re phela matsatsing a ho qetela a tsamaiso ena. Ba lokela ho kholiseha hore Lipaki Tsa Jehova li tseba ’nete. Bacha le bona ba lokela ho utloisisa melao-motheo ea Bibele le kamoo ba ka koetlisang “matla a bona a ho lemoha.” (Baheb. 5:14) Ke ’nete hore batsoali ba lokela ho nahanela lilemo tsa bana le tsela eo ba utloisisang lintho ka eona. Leha ho le joalo, bana ba bangata ba khona ho ithuta linnete tsa Bibele tse tebileng ba sa ntse ba le banyenyane.—Luka 2:42, 46, 47.

Ho na le boitsebiso bo tla thusa batsoali ho ruta bana ba bona Bibele bo thehiloeng bukeng ea Seo Bibele e se Rutang bo tla hlaha Websaeteng ea jw.org. Morero oa seo ke ho thusa batsoali hore ba rute bana ba bona. Malapa a ka fumana boitsebiso bona Websaeteng ea rōna tlas’a LITHUTO TSA BIBELE > BACHA. Nakong e tlang, ho tla ba le boitsebiso bo eketsehileng bo thusang motho ho ithuta Bibele bo thehiloeng bukeng ea “Lerato la Molimo.” Ke ’nete hore le libuka tse printiloeng li ntse li ka sebelisoa. Batsoali ba ka etsa qeto ea hore na ba sebelise boitsebiso bona nakong ea Borapeli ba Lelapa, ha ba khannela ngoana e mong oa bona thuto, kapa ha ba ruta e mong ho ba le thuto ea botho.

    Lingoliloeng Tsa Sesotho Lesotho (1985-2026)
    Tsoa
    Kena
    • Sesotho (Lesotho)
    • Romela
    • Ikhethele
    • Copyright © 2025 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
    • Kamoo e Lokelang ho Sebelisoa
    • Tumellano ea ho Boloka Lekunutu
    • Privacy Settings
    • JW.ORG
    • Kena
    Romela