Susumeletsanang Mesebetsing e Metle ka Cheseho
Baheberu 10:24 e re khothalletsa hore “re susumeletsane leratong le mesebetsing e metle.” Re ka susumetsa barab’abo rōna ka mohlala oa rōna le ka lipolelo tsa rōna tse bontšang tumelo. Phetela ba bang ka phuthehong liphihlelo tse monate tseo u bileng le tsona. Ba bontše kamoo u thabelang ho sebeletsa Jehova kateng. Leha ho le joalo, u se ke ua ipapisa le bona kapa ua ba bapisa le batho ba bang. (Bagal. 6:4) U se ke ua imetsa ba bang ka hore u etse hore ba ikutloe ba le molato empa u ba susumelletse “leratong le mesebetsing e metle.” (Sheba buka ea Sekolo sa Tšebeletso leq. 158, ser. 4.) Haeba re susumelletsana leratong, re tla etsa mesebetsi e metle e kang ho bolela kapa ho thusa ba bang ka lintho tse bonahalang.—2 Bakor. 1:24.