Liboka li Susumelletsa Mesebetsing e Metle
1 Litšobotsi tse peli tsa bohlokoa tsa borapeli ba rōna ke ho ba teng libokeng tsa phutheho le ho kopanela tšebeletsong ea tšimo. Bobeli ba tsona lia tsamaisana. E ’ngoe e susumetsa e ’ngoe. Liboka tsa Bokreste li susumelletsa mesebetsing e metle, eo o motlehali ho eona e leng mosebetsi oa ho bolela ka ’Muso le ho etsa barutuoa. (Baheb. 10:24) Haeba re ne re ka tlohela ho ba teng libokeng, kapelenyana re ne re tla khaotsa ho bolela hobane re ne re ke ke ra susumelletseha ho etsa joalo.
2 Libokeng tsa beke le beke, re amohela taeo ea moea e reretsoeng ho re susumelletsa ho bolela. Ho potlaka ha mehla ena ho ntse ho hatisoa kamehla ho rōna, ho re susumelletsa ho isa molaetsa oa Bibele o fanang ka bophelo ho ba bang. Re khothalletsoa le ho matlafalletsoa hore re mamelle mosebetsing oa ho bolela. (Mat. 24:13, 14) Ka ho sebelisa menyetla e hlahang bakeng sa ho fana ka tlhaloso libokeng, re tloaelana haholoanyane le ho hlalosa tumelo ea rōna ka pel’a ba bang. (Baheb. 10:23) Ka ho ngolisa Sekolong sa Tšebeletso sa Puso ea Molimo, re fumana koetliso ea ho ba basebeletsi ba atlehileng haholoanyane le ho ntlafatsa tsebo ea rōna ea ho ruta.—2 Tim. 4:2.
3 Kamoo Liboka Tsa Tšebeletso li re Susumelletsang ho Bolela Kateng: Kaofela ha rōna re khothalletsoa ho sheba boitsebiso bo ho Tšebeletso ea Rōna ea ’Muso esale pele. Joale boitsebiso bona bo hatisoa likelellong tsa rōna ha re e-ba teng Sebokeng sa Tšebeletso ’me re bona ho etsoa lipontšo ka linehelano sethaleng. Ha re le tšebeletsong ea tšimo, re ka nahana ka Tšebeletso ea Rōna ea ’Muso, ra hopola linehelano tseo ho ileng ha etsoa lipontšo ka tsona, ’me kahoo re fane ka bopaki bo atlehileng haholoanyane. Ena e ’nile ea e-ba phihlelo ea bahoeletsi ba bangata.
4 E le ho latella se builoeng Libokeng tsa Tšebeletso, ba bang ba behelana nako le ba bang hore ba kopanele tšebeletsong ena. Bahoeletsi ba ntse ba hopola lintlha tse sebetsang tšimong ’me ba susumelletseha ho li leka hobane liboka tsena li ba khothalelitse hore ba kopanele mosebetsing oa ho bolela beke le beke.
5 Ha ho na ntho e nkelang liboka tsa rōna tsa Bokreste sebaka, moo re bokanang le barapeli-’moho le rōna ’me re susumelletsana mesebetsing e metle. Hore tšebeletso ea rōna e tle e atlehe, re tlameha ho ba teng kamehla libokeng tsa phutheho. E se eka re ka bontša kananelo tokisetsong ena e babatsehang e tsoang ho Jehova ka ho se “tlohele ho bokana ha rōna hammoho.”—Baheb. 10:25.