Ho Ntlafatsa Tsebo ea Rōna Boboleling—Ka ho Paka Tšimong ea Khoebo
Ke Hobane’ng ha ho le Bohlokoa: Kaha batho ba bangata ba qeta nako e ngata ba le mosebetsing, ho bonahala ho le molemo hore re ee moo ba sebetsang teng ’me re ba bolelle molaetsa oa ’Muso. Ho paka tšimong ea khoebo hoa thabisa ebile ho beha litholoana, hobane joang kapa joang re tla fumana batho ’me basebetsi ba botsoalle kaha ba re talima re le bareki. E le hore re atlehe tšebeletso ena, re lokela ho ba masene ’me re apare ka mokhoa o hlomphehang. (2 Bakor. 6:3) Kahoo, molebeli oa tšebeletso o lokela ho hlokomela hore na tšimo ea khoebo e sebetsoa khafetsa hakae le hore na ke bo-mang ba e sebetsang.
Leka Sena Khoeling Ena:
Nakong e tlang ha le tšoara Borapeli ba Lelapa, lokisetsang seo le tla se bua ha le sebetsa tšimo ea khoebo.