MATLOTLO A TSOANG BIBELENG | PESALEME EA 87-91
U se ke ua Tloha Sebakeng se Sephiring sa ea Phahameng ka ho Fetisisa
Ha re le ‘sebakeng sa Jehova se sephiring’ re ba le kamano e ntle le eena
Re lokela ho inehela le ho kolobetsoa e le hore re lule sebakeng sa Jehova se sephiring
Ba sa tšepeng Molimo ha ba tsebe sebaka sena
Ba sebakeng sa Jehova se sephiring ha ba tšosoe ke mang kapa mang ea batlang ho senya tumelo le lerato la bona ho Molimo
“Ea tšoasang linonyana” o leka ho re chehela leraba
Linonyana li seli ebile ha ho bonolo ho li tšoasa
Batšoasi ba linonyana ba ithuta mekhoa ea tsona ka hloko ebe ba qapa mekhoa ea ho li tšoasa
Satane, e leng eena “Ea tšoasang linonyana,” o ithuta batho ba Jehova ebe o ba chehela maraba a senyang kamano ea bona le Jehova
Maraba a mane a kotsi ao Satane a a sebelisang:
Ho Tšaba Batho
Ho Rata Chelete
Boithabiso bo Kotsi
Liqabang