MATLOTLO A TSOANG BIBELENG | PESALEME EA 119
‘Tsamaea Molaong oa Jehova’
Ho tsamaea molaong oa Jehova ho bolela hore re ikokobeletse litaelo tsa hae. Ka Bibeleng ho na le mehlala e mengata e metle ea batho bao joaloka mopesaleme ba ileng ba boloka molao oa Jehova ’me ba mo tšepa.
Hore motho a thabe e le kannete o lokela ho boloka molao oa Molimo
Joshua o ile a bontša hore o tšepile tataiso ea Jehova kahohle-hohle. O ne a tseba hore o lokela ho tšepa Jehova ka pelo ea hae eohle e le hore a thabe a be a atlehe
Lentsoe la Molimo le re thusa hore re be le sebete sa ho hlōla liteko
Jeremia o ile a bontša hore o sebete ebile o tšepile Jehova le har’a mathata. O ile a phela bophelo bo bonolo a ba a etsa mosebetsi oa hae ka mamello
Ha re tseba Lentsoe la Molimo hantle re ka paka ka sebete
Pauluse o ne a sa tšabe ho bolella batho bohle molaetsa oa Molimo. O ile a pakela ’Musisi Felixe ka sebete hobane a kholisehile hore Jehova o tla mo thusa
Libaka tseo re ka bontšang sebete ha re paka re le ho tsona
Sekolong
Mosebetsing
Lapeng
Libakeng tse ling