Watchtower ONLINE LIBRARY
Watchtower
ONLINE LIBRARY
Sesotho (Lesotho)
  • BIBELE
  • LINGOLOA
  • LIBOKA
  • wp20 no. 3 leq. 12
  • Re ka Bontša Joang Hore re Rata Batho ba Bang?

Ha ho na video mona.

Ka masoabi ho bile le bothata.

  • Re ka Bontša Joang Hore re Rata Batho ba Bang?
  • Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova (Ea Batho ka Kakaretso)—2020
  • Lihloohoana
  • Lingoloa Tse Tšoanang
  • MANGOLO A HALALELANG A RE’NG KA LERATO?
  • RE KA BONTŠA BATHO BA BANG JOANG HORE REA BA RATA?
  • “Le ’Ne le Ratane”
    Atamela ho Jehova
  • Seo Lerato (Agape)—Le Seng Sona le Seo le Leng Sona
    Molula-Qhooa o Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—1993
  • Re Lokela ho Bonahatsa Lerato
    Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova (O Ithutoang)—2017
  • Re ka Etsa’ng e le Hore re Lule re Ratana Haholo?
    Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova (O Ithutoang)—2023
Bala Tse Ling
Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova (Ea Batho ka Kakaretso)—2020
wp20 no. 3 leq. 12
Mosamaria ea molemo oa papisong ea Jesu o tlotsa maqeba a monna ea neng a tetekiloe, a siiloe kherehloa pela tsela.

Lerato le re susumelletsa hore re behe lithahasello tsa batho ba bang pele ho tsa rona

Re ka Bontša Joang Hore re Rata Batho ba Bang?

Kaha kaofela ha rona re litloholo tsa motho oa pele e leng Adama, re lelapa le le leng. Le hoja litho tsa lelapa li lokela ho ratana le ho hlomphana, matsatsing ana ho thata ho fumana lerato le joalo. Sena ha se sona seo Molimo a se batlang.

MANGOLO A HALALELANG A RE’NG KA LERATO?

“U rate oa heno joalokaha u ithata.” ​—LEVITIKE 19:18.

“Tsoelang pele ho rata lira tsa lona.”​—MATHEU 5:44.

RE KA BONTŠA BATHO BA BANG JOANG HORE REA BA RATA?

Bona hore na Molimo o hlalosa lerato joang ka lentsoeng la hae ho 1 Bakorinthe 13:​4-7:

“Lerato lea tiisetsa ’me le mosa.”

Nahana ka taba ena: U ikutloa joang ha batho ba bang ba sa u felle pelo, ba u tšoara ka mosa ebile ba sa u halefele ha u ba sitetsoe?

“Lerato ha le boulele.”

Nahana ka taba ena: U ikutloa joang ha batho ba bang ba lula ba u belaella ebile ba u monela?

Lerato “ha le batle lithahasello tsa lona.”

Nahana ka taba ena: U ikutloa joang ha batho ba bang ba hlompha maikutlo a hao ’me ba sa tsitlallele maikutlo a bona?

Lerato “ha le boloke tlaleho ea bobe.”

Nahana ka taba ena: Molimo o ikemiselitse ho tšoarela batho ba ileng ba mo siteloa empa ba se ba baketseng liphoso tsa bona. “A ke ke a lula a fumana molato ka ho sa feleng, kapa a lule a halefile ho isa nakong e sa lekanyetsoang.” (Pesaleme ea 103:9) Rea thaba ha motho eo re mo sitetsoeng a re tšoarela. Kahoo le rona re lokela ho ikemisetsa ho tšoarela batho ba bang ha ba re foselitse.​—Pesaleme ea 86:5.

Lerato “ha le thabele ho se loke.”

Nahana ka taba ena: Ha re batle hore batho ba bang ba re tšehe ka tsietsi ha re hlaheloa ke mathata. Kahoo le rona ha rea lokela ho thaba ha batho ba bang ba e-na le mathata, esita le haeba ba ile ba re tšoara hampe.

Re lokela ho rata batho bohle haeba re batla hore Molimo a re hlohonolofatse, ho sa tsotellehe hore na ba lilemo li kae, ke ba mohlobo ofe kapa ke ba bolumeli bofe. Tsela e ’ngoe eo re ka bontšang hore re rata batho bohle ke ka ho thusa ba hlokang.

    Lingoliloeng Tsa Sesotho Lesotho (1985-2026)
    Tsoa
    Kena
    • Sesotho (Lesotho)
    • Romela
    • Ikhethele
    • Copyright © 2025 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
    • Kamoo e Lokelang ho Sebelisoa
    • Tumellano ea ho Boloka Lekunutu
    • Privacy Settings
    • JW.ORG
    • Kena
    Romela