PHELA JOALOKA MOKRESTE
Itšoare ka Tsela e Khahlisang Jehova
Jehova ke eena ea re behelang melao ea boitšoaro. Ka mohlala, ke eena ea faneng ka taelo ea hore monna le mosali ha baa lokela ho hlalana. (Mat 19:4-6, 9) O hloile ha batho ba sa nyalanang ba kopanela liphate. (1Ko 6:9, 10) O fane ka melao-motheo ea hore na batho ba hae ba lokela ho apara joang e le hore ba se ke ba tšoana le batho ba sa mo rapeleng.—De 22:5; 1Ti 2:9, 10.
Mehleng ena batho ba bangata ha ba rate ho mamela Jehova. (Bar 1:18-32) Ba rata ho apara le ho itokisa ho latela feshene. Batho ha ba lihlong ho phela ka tsela eo Molimo a sa e rateng, ho fapana le hoo ba soma ba ratang ho khahlisa Jehova.—1Pe 4:3, 4.
Kaha re bahlanka ba Jehova, re lokela ho phela ka tsela eo a batlang hore re phele ka eona. (Bar 12:9) Re ka etsa seo joang? Re lokela ho ba bohlale ha re etsa hore batho ba tsebe seo a se amohelang. Hape re lokela ho phela ka tsela e mo khahlisang. Ka mohlala, ha u khetha liaparo u ka ’na ua ipotsa hore na liaparo tseo u li khethang li bontša hore o hlompha Jehova kapa hore na u li khetha hobane u susumetsoa ke feshene. U ka boela oa ipotsa hore na tsela eo u itokisang ka eona e bontša hore u hlompha Jehova kapa che. Kapa pele u khetha movie oo u tla u shebella, u ka ’na oa nahana ka hore na Jehova o ikutloa joang ka oona. Na li bontša hore ke mamela Jehova? Na tsela eo ke khethang ho ithabisa ka eona e ka etsa hore ke qetelle ke sa hlomphe Jehova? (Pes 101:3) Na mekhoa ee e khopisa batho ba bang?’—1Ko 10:31-33.
Na ho hlile ho bohlokoa ho phela ka tsela e khahlisang Jehova? Haufi Jesu Kreste o tla felisa bokhopo le batho ba bo bakang. (Eze 9:4-7) Ho tla pholoha batho ba etsang thato ea Molimo feela. (1Jo 2:15-17) Ka lebaka leo a re pheleng ka tsela eo Jehova a e thabelang e le hore le batho ba re shebelletseng ba ka tlotlisa Molimo.—1Pe 2:11, 12.
SHEBELLA VIDEO EA E-BA MOTSOALLE OA JEHOVA—MONNA A BE LE MOSALI A LE MONG, EBE U ARABELA LIPOTSO TSE LATELANG:
Ke hobane’ng ha ho le molemo ho phela ka tsela e khahlisang Jehova?
Ke hobane’ng ha batsoali ba lokela ho ruta bana ba bona ho mamela Jehova e sa le masea?
Ke joang bana le batho ba baholo ba ka thusang ba bang hore ba tsebe hore Jehova o molemo?