Watchtower ONLINE LIBRARY
Watchtower
ONLINE LIBRARY
Sesotho (Lesotho)
  • BIBELE
  • LINGOLOA
  • LIBOKA
  • mwb17 September leq. 2
  • Ke Hobane’ng ha Borapeli ba ’Nete e le ba Bohlokoa ho Uena?

Ha ho na video mona.

Ka masoabi ho bile le bothata.

  • Ke Hobane’ng ha Borapeli ba ’Nete e le ba Bohlokoa ho Uena?
  • Bukana ea Seboka sa Bophelo ba Bokreste le Tšebeletso ea Rona—2017
  • Lingoloa Tse Tšoanang
  • “Ona ke Molao oa Tempele”
    Jehova o Tsosolositse Borapeli ba ’Nete
  • Borapeli ba ’Nete Boa Tsosolosoa
    Bukana ea Seboka sa Bophelo ba Bokreste le Tšebeletso ea Rona—2017
  • Bua Puo e Hloekileng U Tle U Phele ka ho sa Feleng!
    Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—1991
  • “Ke Jehova Molimo oa Hao eo u Lokelang ho mo Rapela”
    Jehova o Tsosolositse Borapeli ba ’Nete
Bala Tse Ling
Bukana ea Seboka sa Bophelo ba Bokreste le Tšebeletso ea Rona—2017
mwb17 September leq. 2

PHELA JOALOKA MOKRESTE

Ke Hobane’ng ha Borapeli ba ’Nete e le ba Bohlokoa ho Uena?

Bajuda ba neng ba le Babylona ba ile ba khothatsoa ke pono eo ho eona Ezekiele a ileng a bona tempele hobane e ne e etsa hore ba be le tšepo ea hore borapeli ba ’nete bo tla tsosolosoa. Mehleng ena ea bofelo, borapeli ba ’nete ‘bo tla tiisoa ka thata ka holim’a litlhōrō tsa lithaba’ ’me re har’a ba tsoang lichabeng tsohle ba phallelang ho bona. (Esa. 2:2) Na u lula u nahanisisa ka tlotla eo u nang le eona ea ho tseba Molimo le ho mo sebeletsa?

LITHLOHONOLOFATSO TSE TLISOANG KE BORAPELI BA ’NETE:

  • Re utloisisa Lentsoe la Molimo haholoanyane. Kahoo, ha re ithuta Bibele, re fumana likarabo tsa lipotso tsa bohlokoa bophelong le likeletso tseo re ka li sebelisang bophelong letsatsi le letsatsi. Hape, lintho tseo re ithutang tsona Bibeleng li re thusa ho ba le tšepo.—Esa. 48:17, 18; 65:13; Bar. 15:4

  • Batho ba Jehova ba rata Bakreste-’moho le bona lefatšeng ka bophara.—Pes. 133:1; Joh. 13:35

  • Tlotla ea ho sebetsa le Jehova mosebetsing o khotsofatsang oa ho boleloa ha litaba tse molemo.—Lik. 20:35; 1 Bakor. 3:9

  • “Khotso ea Molimo” ea re matlafatsa ha re e-na le mathata.—Bafil. 4:6, 7

  • Letsoalo le khutsitseng.—2 Tim. 1:3

  • “Kamano e haufi-ufi le Jehova.”—Pes. 25:14

Nka bontša joang hore ke nka borapeli ba ’nete e le ba bohlokoa?

    Lingoliloeng Tsa Sesotho Lesotho (1985-2026)
    Tsoa
    Kena
    • Sesotho (Lesotho)
    • Romela
    • Ikhethele
    • Copyright © 2025 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
    • Kamoo e Lokelang ho Sebelisoa
    • Tumellano ea ho Boloka Lekunutu
    • Privacy Settings
    • JW.ORG
    • Kena
    Romela