MATLOTLO A TSOANG BIBELENG | EZEKIELE 46-48
Litlhohonolofatso Tseo Baiseraele ba Neng ba Tla li Thabela ka Mor’a ho Lokolloa Babylona
Pono eo ho eona Ezekiele a ileng a bona tempele e ile ea khothatsa Baiseraele ba neng ba le Babylona, ea ba ea bontša hore boprofeta ba hore Jerusalema e ne e tla tsosolosoa bo ne bo nepahetse. Batho bao Jehova a neng a tla ba hlohonolofatsa ba ne ba tla nka borapeli bo hloekileng e le ba bohlokoa haholo.
Ho ea ka pono eo, lintho li ne li tla hlophiseha hantle, batho ba sebelisane ’moho ’me ba phele ba sireletsehile
Ho ne ho tla ba le matletse-tletse a lijo
Lelapa le leng le le leng le ne le tla ba le moo le lulang
Pele ba ka fuoa naha eo, karolo e ’ngoe ea eona e ile ea behelloa ka thoko e le “monehelo” oa Jehova
Nka bontša joang hore ho sebeletsa Jehova ke ntho ea bohlokoa ka ho fetisisa bophelong ba ka? (w06 4/15 27-28 ¶13-14)