Mehlala ea Seo U ka se Buang le Batho
MOLULA-QHOOA
Potso: Mofani oa mpho e kholo ka ho fetisisa ke mang?
Lengolo: Jak. 1:17
Buella Sengoliloeng: Makasine ena ea Molula-Qhooa e re bolella lintho tseo re ka li etsang ho bontša hore re leboha Molimo ka mpho ea bohlokoa eo a re fileng eona.
RUTA MOLAETSA OA BIBELE
Potso: Lebitso la Molimo ke mang?
Lengolo: Pes. 83:18
Molaetsa oa Bibele: Lebitso la Molimo ke Jehova.
HO KA BA LE THABO LELAPENG LA HAO
Tsela ea ho Qala Moqoqo: Re kopa ho u bontša video ena e khutšoanyane e buang ka malapa. [Bapala video ea Ho ka ba le Thabo Lelapeng la Hao.]
Buella Sengoliloeng: Haeba u ka rata ho bala bukana e hlahileng videong ena, nka u fa eona kapa ka u bontša hore na u ka e fumana joang websaeteng ea rona.
NGOLA SEO U TLA SE BUA
Sebelisa mehlala ena ho ngola seo u tla se bua