Ho qala khoeling ena, sebokeng sa har’a beke ho ke ke ha hlola ho e-ba le likarolo tse tharo tsa mehlala ea seo u ka se buang le batho. Ho e-na le hoo, Bukana ea Seboka sa Bophelo ba Bokreste le Tšebeletso ea Rona e tla ba le mehlala ea seo re ka se buang e nang le potso, lengolo le potso e tla re thusa ho etsa leeto la ho boela. Ho tla bapaloa video e le ’ngoe feela ea mohlala beke le beke. Mohoeletsi o tla khetha hore na o tla buella sengoliloeng sefe le hore na o tla se buella neng ebang o khetha ho buella leeto la pela kapa leeto la ho boela. Ho ekelletsa moo, bukana ena e tla ba le leeto la pele la ho boela le leeto la bobeli la ho boela. ’Me mokhoa ona o tla re thusa ho ruta ‘bohle ba nang le tšekamelo e nepahetseng bakeng sa bophelo bo sa feleng,’ e leng oona morero oa rona.—Lik 13:48.
Likabelo tsa liithuti: Ntle le ha eba liithuti li fuoe litaelo tse ling, li lokela ho etsisa mehlala ea seo u ka se buang le batho e fanoeng.