HO PHELA JOALOKA MOKRESTE
Jehova o re Rutile ho Holisa Bana ba Rona
Batsoali ba ka ithuta’ng ho Jehova e ka ba thusang hore ba holise bana ba bona hantle? Shebellang video ea Jehova o re Rutile ho Holisa Bana ba Rona, ebe le araba lipotso tse latelang ka lelapa la Abilio le Ulla Amorim.
Lintho tse ba etsahalletseng ha ba ntse ba hola, li ile tsa ba hlomella joang hore ba holise bana ba bona?
Ke lintho life tseo bana ba bona ba ileng ba li thabela ha ba ntse ba hola?
Abilio le Ulla ba ile ba sebelisa Deuteronoma 6:6, 7 joang?
Ke hobane’ng ha ba sa ka ba fella feela tabeng ea ho bolella bana ba bona seo ba lokelang ho se etsa?
Ba ile ba thusa bana ba bona joang hore ba khone ho iketsetsa liqeto tse molemo bophelong?
Le hoja ba ne ba lula ba khothalletsa bana ba bona hore ba sebeletse Jehova nako eohle, ho ne ho ka ’na ha hlaha boemo bofe? (bt 178 ¶19)