Ha Bongoana bo Lahleha
“Bongoana ke tokelo ea botho e ka sehloohong ho bana.”—“The Hurried Child.”
MOHLOMONG u tla lumela hore bana bohle ba lokela ho thabela bongoana ba sa tšoenyehe ka letho ebile ba sa tsebe letho. Leha ho le joalo, ’nete e bohloko bophelong ke ea hore bashanyana le banana ba bangata ba banyenyane ha ba be le bongoana bo joalo. Nahana feela ka litoro tse likete, kapa mohlomong tse limilione tsa bana, tse senngoang ha bana e e-ba bahlaseluoa ba ntoa. Nahana hape ka bana bao bophelo ba bona bo senngoang ke bokhoba kapa ho hlekefetsoa.
Bongata ba rōna re thatafalloa ke ho nahana hore na ngoana o ikutloa joang ha maemo a mo qobella hore a il’o lula seterateng hobane teng a ikutloa a sireletsehile ho feta ha a le hae. Hona nakong eo ba hlokang lerato lohle le tšireletseho eo ba ka e fuoang, bana ba joalo ba tlameha ho ithuta malebaleba a ho phela seterateng e le hore ba itšireletse ho ba ka ba hlaselang ka morero oa ho ba sebelisa hampe. Hangata bongoana boa senyeha mehleng ena ea rōna e likhathatso.
“Ekare Nka Khutlela Bongoaneng”
Carmen ea lilemo li 22 o ile a hula ka thata bongoaneng ba hae.a Eena le ausi oa hae ba ile ba tlameha ho ea phela seterateng e le ho baleha tlhekefetso ea ntate oa bona le ho hlokomoluhuoa ke ’mè oa bona. Ho sa tsotellehe likotsi tsa ho phela ka tsela ena, banana bao ka bobeli ba ile ba atleha ho qoba maraba a mang a tšoasang bana ba bangata ba balehileng malapeng.
Leha ho le joalo, Carmen o llela bongoana ba hae, kaha ha a hopole a kile a ba le bona. Oa tletleba: “Ho tloha boseeng ke ile ka iphumana ke se ke le lilemo li 22, ha ke ea ba le bongoana lipakeng. Hona joale ke nyetsoe, ke na le ngoana oa ka, empa ke ntse ke khalla ho etsa lintho tse etsoang ke bananyana, joaloka ho bapala ka lipopi. Ke lakatsa ho ratoa le ho hakoa ke batsoali. Ekare nka khutlela bongoaneng.”
Ho na le bana ba bangata ba bothateng bo tšoanang le ba Carmen le ausi oa hae. Ba phela seterateng, ha e le hantle, ba tinngoe bongoana. Ba bangata ba bona ba iphelisa ka tlōlo ea molao. Tlaleho ea litaba le lipalo tse bokeletsoeng li bontša hore bana ba qala ho etsa tlōlo ea molao ba sa le banyenyane haholo. Ho mpefatsang boemo le ho feta ke bothata bo bong hape: Banana ba bangata e ba bo-’mè ba sa le banyenyane, ha e le hantle, bona ka bobona e sa ntsane e le bana.
Bothata bo Patehileng Sechabeng
Ha ho makatse hore ebe bana bao palo ea bona e ntseng e eketseha ba qetella ba hlokomeloa ke batsoali bao e seng ba bona. Mohlophisi oa koranta ea Weekend Australian o tlalehile: “Bothata ba bana ba hlokomeloang ke batsoali bao e seng ba bona bo re fihletse re sa bo elelloe. Bana ba eketsehileng ba tsoang malapeng a qhalaneng le a senyehileng baa hlokomolohuoa.” Koranta eo e boetse ea re: “Bana ba bang ba hlokomeloang ke batsoali bao e seng ba bona ba qeta likhoeli, esita le lilemo ba sa kopane le batho ba sebetsanang le taba ea bona, ha ba bang bona ba hlokomeloa ke enoa kajeno, hosasa ba se ba hlokomeloa ke e mong, ho se mohla ba fumanang malapa a tsitsitseng.”
Tlaleho e ’ngoe ke ea ngoanana ea lilemo li 13 eo nakong ea lilemo tse tharo feela, a neng a se a fetile malapeng a 97—malapeng a mang a qetile bosiu bo le bong feela. O hopola bohloko bo tebileng ba ho lahloa le ho se sireletsehe boo a neng a bo utloa. Ho bana ba bangata ba hōlisoang ke batsoali bao e seng ba bona joaloka eena, bongoana ba bona boa lahleha.
Hase feela kajeno litsebi li buang ka tlokotsi e atang ea bongoana bo lahlehileng. Haeba u motsoali, u lokela ho nahana ka boemo bona bo sa thabiseng ’me u inke u le lehlohonolo hore ebe u khona ho fa bana ba hao lehae le lintho tseo ba li hlokang bophelong. Empa ho na le kotsi e ’ngoe hape. Lefatšeng la kajeno, hase kamehla bongoana bo lahlehang ka ho feletseng. Ka linako tse ling boa potlakisoa. Bo potlakisoa joang, hona liphello e ba life?
[Mongolo o botlaaseng ba leqephe]
a Mabitso a fetotsoe.