Bana ba se Nang Molato ba Hlaseloang ke ho Hleka-hlekoa
EILENE o re: “Ke se ke le haufi le ho ba lilemo li 40.a ’Me le hoja bothata ba ka bo etsahetse lilemong tse fetang 30 tse fetileng, bo sa ntsane bo ntšoenya. Ka baka la bona ke ikutloa ke halefile, ke le molato, ’me ke na le mathata lenyalong la ka! Batho ba leka ho nkutloela bohloko, empa ha ba khone.” Bothata ba Eilene ke bofe? O ile a hlaseloa ka ho hleka-hlekoa ka likamano tsa botona le botšehali ha e sa le ngoana, ’me ho eena liphello tsa seo li ipakile e le tsa nako e telele.
Ka sebele Eilene hase mokhelo. Liphuputso li bontša hore basali—le banna—ba bangata ka mokhoa o tšosang ba ’nile ba hlokofatsoa ke ho hleka-hlekoa ho joalo.b Ka hona, ho fapana le ho ba ketso ea boitšoaro bo litšila e etsahalang ka seoelo, ho hleka-hleka bana ka likamano tsa botona le botšehali ke bothata bo pharalletseng, bo kenelletseng lihlopheng tsohle tsa batho, tsa moruo, tsa bolumeli, le tsa merabe.
Ka lehlohonolo, banna le basali ba bangata haholo le ka mohla ba ne ba ke ke ba nahana esita le hanyenyane feela ka ho hleka-hleka ngoana ka tsela ena. Empa ba ’maloa ba kotsi ba na le tšekamelo ena e se nang kelello. ’Me ho fapana le batho ba kentsoeng monahano o tšoanang o ke keng oa fetoloa, ke batho ba seng bakae feela ba hleka-hlekang bana bao ka ho hlakileng e leng batho ba sa pheleng hantle ba nang le litšekamelo tsa ho bolaea ba lallang bana libakeng tseo ba bapallang ho tsona. Ba bangata haholo ba bona ke batho ba itlhahisang ka tsela e kholisang e le batho ba phelang ka tsela e tloaelehileng. Ba khotsofatsa litakatso tsa bona tse litšila ka ho hlasela bana ba sa tsebeng letho, ba ba tšepang, ba ke keng ba itšireletsa—’me hangata ba hlasela barali ba bona.c Pontšeng, ba ka ’na ba ba tšoara ka mosa, ka tsela e lerato. Sephiring, ba ba hatella ka ho ba tšosa, ka pefo, le ka mekhoa e hlabisang lihlong, e nyelisehang ea tlhaselo ea botona le botšehali.
Rea lumela hore ho thata ho nahana hore lintho tse sisimosang hakaalo li ka etsahala malapeng a mangata a bonahalang e le a hlomphehang. Leha ho le joalo, esita le nakong ea ho ngoloa ha Bibele bana ba ne ba sebelisoa “ho khotsofatsa ka nakoana . . . takatso ea nama.” (The International Critical Commentary; bapisa le Joele 3:3.) Bibele e ile ea bolela esale pele: “Tseba hobane mehleng ea qetello ho tla hlaha linako tse bohloko. Hobane batho e tla ba baithati . . . ba se nang lerato la hlaho . . . ba sa tsebeng ho itšoara, ba sehlōhō, ba hloeang ba molemo.” Ka baka leo, ha hoa lokela ho re makatsa hore e be ho hleka-hlekoa ha bana ho atile haholo kajeno.—2 Timothea 3:1, 3, 13.
Ho hleka-hlekoa ka likamano tsa botona le botšehali bongoaneng ho ka ’na ha se ke ha siea maqeba ’meleng. ’Me hase batho bohle ba baholo ba bonahalang ba tepelletse maikutlo ka baka la hore ba ile ba hleka-hlekoa ka likamano tsa botona le botšehali ha e sa le bana. Empa joalokaha maele a boholo-holo a boletse: “E mong o tšeha a nts’a hlomohile.” (Liproverbia 14:13, BPN) E, batho ba bangata haholo ba hlasetsoeng ke ho hleka-hlekoa hoo ba na le maqeba a tebileng a maikutlo—bohloko bo ipatileng bo ba jang ka hare. Empa ke hobane’ng ha ho hleka-hlekoa ha bana ka likamano tsa botona le botšehali ho baka tšenyo e joalo ho batho ba bang? Ke hobane’ng ha ho feta ha nako ka bohona feela ho sa folise bohloko boo ho bo bakang? Ho ata ha bothata bona bo tepelletsang ho re tlama hore re lebise tlhokomelo ho bona. Ke ’nete hore mohlomong u ke ke ua thabela ho bala bo bong ba boitsebiso bo tla latela—haholo-holo haeba u ile ua hlaseloa ke ho hleka-hlekoa ho joalo ha u sa le ngoana. Empa u ka kholiseha hore tšepo e teng, hore u ka fola.
[Mongolo o botlaaseng ba leqephe]
a Mabitso ’ohle a fetotsoe.
b Ka baka la hore litlhaloso tsa ho hleka-hlekoa ka likamano tsa botona le botšehali hammoho le mekhoa ea phuputso li fapana haholo, ho thata ho fumana lipalo tse nepahetseng.
c Bana ba bangata ba hleka-hlekoa ke bo-ntat’a bona hantle kapa bo-ntat’a bona ba bobeli. Ba ka boela ba hleka-hlekoa ke baholoane ba bona, bo-malome, bo-ntate-moholo, batho ba baholo bao ba ba tloaetseng, le batho bao ba sa ba tsebeng. Kaha bana ba bangata haholo ba hlaseloang ke batho ba batšehali, ka kakaretso re tla bua ka batho bana ba hlaseloang e le basali. Leha ho le joalo, ka kakaretso boitsebiso bo fanoeng mona bo sebetsa ho batho ba batona le ba batšehali.