Ha Bongoana bo Potlakisoa
HO LE lerootho sepakapakeng, sefofane se senyenyane se nang le enjene e le ’ngoe se ile sa luma ha se kha matla tselaneng ea lifofane ’me se phahamela holimo. Ena e ne e le ketsahalo e shebeletsoeng ke ba phatlalatso ea litaba, lik’hamera li popotse ’me batlalehi ba litaba ba botsa lipotso ba hloletsoe le ho babatsa ba sa qaphe mathe. Ke mang ea neng a hapile tlhokomelo ee eohle? E ne e se moqhobi oa sefofane eo e neng e le eena feela ea nang le lengolo, ebile e se mopalami eo e neng e le monna ea seng a hōlile—empa e ne e le morali oa mopalami eo. O ne a le lilemo li supileng feela.
Ngoananyana enoa o ne a lokela ho fofisa sefofane seo. O ne a tlameha ho roba rekoto e itseng le ho phetha seo ka nako e behiloeng. Ba bang ba phatlalatso ea litaba ba ne ba mo emetse moo a il’o lula teng. Ka hona, ho sa tsotellehe leholimo le sa hlakang, boraro boo bo ile ba palama sefofane, ngoana eo a lula holim’a mosamo e le hore a tsebe ho bona dashboard le hore maoto a hae a fihle fatše ha a hata mariki le mafura.
Ka masoabi, leeto le bile lekhutšoanyane haholo. Ka tšohanyetso sefofane seo se ile sa khahlana le sefefo, sa pheuleha eaba sea tsubella, sa bolaea batho bao ba bararo ba neng ba se palame. Eaba hang-hang ba phatlalatso ea litaba ba se ba tlaleha masoabi ho e-na le ho phafa. Baqolotsi ba ’maloa ba litaba le bahlophisi ba ile ba ipotsa hore na ebe ba phatlalatso ea litaba ha baa kenya letsoho ka tsela e itseng koluoeng eo. Batho ba bangata ba ile ba qala ho hatella hore ha ho ngoana ea lokelang ho fofisa sefofane. United States, ho ile ha thehoa molao mabapi le sena. Empa ho ne ho ntse ho haella lintho tsa bohlokoa haholoanyane ho sa tsotellehe ho tšoela seo ka mathe le ho fana ka tharollo e okolang ka holimo feela.
Koluoa eo e ile ea etsa hore batho ba bang ba nahane ka ho teba ka mokhoa o seng o tloaelehile mehleng ena ea rōna. Kajeno bana ba ntšoa bongoaneng ka potlako, ba potlakisetsoa ho phetha mesebetsi ea batho ba baholo ba sa le banyenyane haholo. Ke ’nete hore hase kamehla liphello e bang tse bonahalang kapa tse kotsi haholo. Empa e ka ba tse tebileng le tse nkang nako e telele. A re hlahlobeng mekhoa e ’maloa eo bongoana bo ka potlakisoang ka eona.
Ho Potlakisetsoa ho Ruteha
Ke ho utloahalang hore ebe batsoali ba labalabela ho bona bana ba bona ba atleha. Empa haeba batsoali ba ngongoreha haholo ka tabatabelo eo, ba ka imetsa bana ba bona, ba batla hore ba finyelle se fetang matla a bona, le hona e le ka potlako. Hangata sena se qala ka sepheo se setle. Ka mohlala, ho se ho ata hore batsoali ba ngolise bana ba bona ba banyenyane likolong tse koetlisetsang lintho tse itseng ka mor’a sekolo, ebang e ka ba lipapali kapa ’mino, kapa eona tantši ea ballet. Hangata ho ba le koetliso e khethehileng.
Ka ho hlakileng, ha ho phoso ho khothalletsa ngoana hore a be le talenta kapa a thahaselle lintho tse itseng. Empa na ho na le kotsi ha ho fetelletsoa lintho? Ka sebele ho joalo, hobane ho bonahala bana ba bang ba e-na le likhatello tse ngata joaloka batho ba baholo ba imetsoeng ke lintho tse ngata. Makasine ea Time e re: “Pele bana ba ne ba kile ba thabela bongoana ba bona, empa hona joale ba tlameha ho khathatseha ka mananeo a thuto; bana ba lokelang hore ebe ba matha ka mafolofolo a bocha hona joale ba etsa lintho ba phathahane joaloka linotši.”
Batsoali ba bang ba lakatsa eka bana ba bona ba banyenyane ba ka qala ho ba baatlelete, libini kapa batšoantšisi. Le pele bana ba bona ba hlaha, batsoali ba se ba ntse ba ba ngolisa kerecheng, ka tšepo ea hore e tla ntlafatsa menyetla ea bona ea ho atleha. Ho phaella moo, bo-’mè ba bang ba ngolisa bana ba bona “univesithing ea pele ba hlaha,” e rutang bana ba ka pōpelong ’mino. Sepheo ke ho susumetsa boko ba bona bo ntseng bo hōla.
Linaheng tse ling bana ba lekanngoa matla a ho bala le a ho tseba lipalo le pele ba e-ba lilemo li tšeletseng. Mekhoa e joalo e entse hore batho ba tšoenyehe ka tšenyo e bang teng maikutlong. Ka mohlala, ho etsahala’ng ha ngoana a “feila” kereche? David Elkind, mongoli oa buka ea The Hurried Child, o bontša hore likolo li na le mokhoa oa ho potlakela ho arola bana ho ea ka bohlale ba bona le hona e sa le qalong haholo. Elkind o re li etsa joalo molemong oa tsamaiso, eseng ka mabaka a amanang le ho ruta bana ka mokhoa o atlehang.
Na ho na le liphello tsa ho hatella bana hore ha e le hantle e be batho ba baholo ka ho feletseng? Elkind o tšoenngoa ke tsela eo sechaba se nkileng mokhoa oa ho etsa bana hore e be ba loketseng ho jara mathata a batho ba baholo kateng. O re: “E bontša tšekamelo ea rōna ea ho amohela khatello e khōlō le e ntseng e eketseha ho bacha ba kajeno e le ntho ‘e tloaelehileng.’” Ka sebele, ho bonahala khopolo ea se nkoang se tloaelehile ho bana e fetoha ka potlako.
Ho Potlakela ho Hlōla
Ho bonahala batsoali ba bangata ba nahana hore ke ntho e tloaelehileng, ebile ke ntho e bohlale, hore ba rute bana ba bona hore ho hlōla ke ntho ea bohlokoahali—haholo-holo lipapaling. Bana ba bangata kajeno ba susumetsoa ke likhau tsa Liolimpiki. E le hore ba ka thabela khanya ea metsotsoana e seng mekae ea tlhōlo le ho etsa bonnete ba hore ba tla phela hantle ha ba se ba hōlile, bana ba bang ba qobelloa ho feta bongoana ba bona ka potlako kapa hore ba be ba bo tele.
Nahana ka libapali tsa basali tsa boikoetliso ba ’mele. Li qala li sa le nyenyane haholo ho ba le kemiso ea kamehla e behang ’mele ea tsona e menyenyane tlas’a khatello e khōlō. Li nka lilemo tse ngata li lokisa likelello tsa tsona le ’mele ea tsona bakeng sa litlhōlisano tsa Liolimpiki. ’Nete ke hore ke ba fokolang feela ba tla hlōla. Na ba hlōtsoeng ba ke ke ba nahana hore boitelo bo boholo boo ba bo entseng bocheng ba bona e bile ba lefeela? Qetellong, le bona ba hlōtseng ba ka ’na ba ipotsa hore na tlhōlo eo ea bona e ne e hlile e hloka hore ba tele bocha ba bona joalo na.
Bananyana bana ba ka ’na ba potlakisoa maikutlong hore ba tsoe bongoaneng ka takatso e matla ea hore e be likhalala tsa baatlelete. Empa ho hōla ha bona ’meleng ho ka ’na ha sitisoa ke boikoetliso boo bo matla. Ho ba bang, masapo a thibeloa ho hōla. Ho tloaelehile hore ba be le bothata ba ho ja. Maemong a mangata, ba lieha ho kena boroetsaneng—le hona e le ka lilemo. Leha ho le joalo, banana ba bangata kajeno ba tobana le bothata bo fapaneng: ho kena boroetsaneng ba sa le banyenyane haholo.—Bona lebokose le ka holimo.
Bana ba Nang le Ntho e ’Ngoe le e ’Ngoe Ntle ho Bongoana
Haeba u ne u tlameha ho lumela se boleloang ke ba phatlalatso ea tsa boithabiso, u ne u ka nahana hore ho ba le bongoana bo monate ho bolela ho kena-kena mabothobothong. Batsoali ba bang ba sebetsa ka thata haholo hore ba fe bana ba bona lintho tsohle tse mabothobotho tseo ba ka li khonang, ho kopanyelletsa le lehae le nang le sohle, boithabiso bo bongata le liaparo tsa theko e boima.
Leha ho le joalo, bana ba bangata ba hōlisitsoeng ka tsela eo, baa noa, ba sebelisa lithethefatsi le ho itšoara ka tsela e hlokang botsoalle ea borabele. Hobane’ng? Ba bangata ba tlala bohale hobane ba ikutloa ba hlokomolohuoe. Bana ba hloka batsoali ba ba fang lerato le ba ba hlokomelang. Batsoali ba tšoarehileng haholo hore ba ka etsa joalo ba ka ’na ba nka hore ba sebetsa ka thata hore ba etse bonnete ba hore bana ba bona ba thabile—empa e ka ’na eaba ba etsa ho fapaneng.
Dr. Judith Paphazy o bua ka “batsoali ba sebetsang ka bobeli ba sehlopheng sa batho ba hlahelletseng sechabeng,” ’me o re hangata ba “fa bana ntho leha e le efe eo ba e batlang hobane ba elelloa ka tsela e itseng hore ho lelekisa ha bona lintho tse bonahalang ho ama kamano ea bona le lelapa ka tsela e sa thabiseng.” Ho latela maikutlo a hae, batsoali ba boemong boo ba leka “ho itokolla botsoaling ka ho reka bana.”
Hangata bana ba lefa haboima. Le hoja ba ka ’na ba e-ba le matletsetletse a lintho tse bonahalang, ba haelloa ke ntho ea bohlokoa ka ho fetisisa e ka etsang hore ba be le bongoana bo monate: nako le lerato la botsoali. Ba sa fumane koetliso, taeo le tataiso, ba tobana le lipotso tsa batho ba baholo ba sa le banyenyane, ba sa lokisetsoa hoo ka ho feletseng kapa e le hanyenyane. ‘Na ke lokela ho sebelisa lithethefatsi? Na ke lokela ho kopanela liphate? Na ke lokela ho ba mabifi ha ke koatile?’ Ba ka ’na ba fumana likarabo tsa tsona ho lithaka tsa bona kapa thelevisheneng kapa batšoantšising ba libaesekopo. Liphello li atisa ho felisa bongoana ka potlako, mohlomong e be e be ka tsela e bohloko.
Ho ba ‘Motho e Mong e Moholo’
Ha lelapa le nang le batsoali ba babeli ka tšohanyetso le se le sala ka motsoali a le mong, ebang ke ka lebaka la lefu, karohano kapa tlhalo, hangata bana baa ameha maikutlong. Ke ’nete hore malapa a mangata a motsoali a le mong aa atleha. Empa ho a mang, bana ba potlakisoa hore ba tsoe bongoaneng.
Hoa utloahala hore ka linako tse ling motsoali a le mong a ka ’na a jeoa ke bolutu. Ka lebaka leo, ba bang ba etsa hore ngoana—hangata e moholo—a nke boikarabelo ba ho hlokomela lelapa joaloka “motho e moholo.” Motsoali, mohlomong ka lebaka la ho tsieleha, a ka ’na a bolella mora oa hae e monyenyane kapa morali makunutu a hae, a imetsa ngoana ka mathata ao a e-song ho lokele ho a jara. Batsoali ba bang ba se nang balekane ba itšetleha ka ngoana haholo maikutlong.
Batsoali ba bang ba lahla boikarabelo ba bona ka ho feletseng, ba qobella ngoana hore a phethe karolo ea motho e moholo ka lapeng. Carmen le ausi oa hae, ba boletsoeng pejana, ba ile ba baleha boemo bo joalo ha ba tla ea seterateng. E ntse e le bana ka bobona, ba ne ba se ba fetotsoe batsoali ba banab’abo bona ba banyenyane. Boikarabelo boo bo ne bo le boima haholo hore ba ka bo jara.
Ntle ho pelaelo, ho potlakisa ngoana hore a tsoe bongoaneng ke mokhoa o kotsi, o lokelang ho qojoa ha ho khoneha. Empa ho na le litaba tse monate: Batho ba baholo ba ka nka mehato e nepahetseng ho etsa bonnete ba hore bana ba bona ba thabela lilemo tsa bona tsa bongoana ka nyakallo. Mehato eo ke efe? A re ke re hlahlobeng likarabo tse ling tse pakiloeng ke nako hore lia sebetsa.
[Lebokose le leqepheng la 16]
Mathata a ho Kena Boroetsaneng Kapa Bohlankaneng Pele ho Nako
Na banana ba kena boroetsaneng ba sa le banyenyane mehleng ee? Bo-rasaense ba ngangisana ka taba ena. Ba bang ba re bohareng ba lekholo la bo19 la lilemo, ka karolelano banana ba ne ba kena boroetsaneng ha ba le lilemo li 17, athe kajeno ba kena ba le ka tlaase ho lilemo tse 13. Ho latela phuputso e entsoeng ka 1997 bananeng ba 17 000, karolo ea 15 lekholong ea banana ba makhooa le karolo ea 50 lekholong ea Maamerika a Maafrika United States ba ba le matšoao a ho kena boroetsaneng ba le lilemo li robeli! Leha ho le joalo, lingaka tse ling li hanyetsa sena ’me li lemosa batsoali hore ba se nke matšoao a joalo baneng ba sa leng banyenyane e le “ntho e tloaelehileng.”
Leha ho le joalo, boemo bona bo bakela batsoali le bana bothata. Makasine ea Time e re: “Se tšoenyang ho feta liphetoho tse bang teng ’meleng ke liphello tse ka ’nang tsa e-ba teng kelellong ka lebaka la bana ba kenang boroetsaneng pele ho nako ha ba lokela hore ebe ba bala lipale, eseng hore e be ba se ba itšireletsa makanyaneng. . . . Nako ea bongoana ka boeona e khutšoanyane.” Sehlooho seo se ile sa botsa potso ena e tšoenyang: “Haeba ’mele ea banana ba banyenyane e ba kenya ka sheshe bothong bo boholo pele lipelo tsa bona le likelello tsa bona li lokela seo, ke eng e tla lahlehela ruri?”
Hangata se lahlehang ke ho hloka ha bona tsebo ea lintho tse mpe—ka ho sebelisoa hampe ho kopaneleng liphate. ’Mè e mong o ile a bua tjena sefahla-mahlo: “Banana ba hōtseng botlopotlopo ba tšoana le mahe a linotši [ho linotši]. Ba hohela bashanyana ba seng ba hōlile.” Monyetla oa hore ba qobelloe ho kopanela liphate ba sa le banyenyane o moholo. Ngoananyana a ka lahleheloa ke boitlhompho, letsoalo le letle esita le hona ho se phele hantle ’meleng le maikutlong.
[Setšoantšo se leqepheng la 15]
Ho se fe bana tšoeea ho ka baka mathata
[Setšoantšo se leqepheng la 17]
Ho susumelletsa ngoana hore a be le moea oa tlhōlisano ho tlōla tekano ho ka felisa monyaka oa lipapali
[Setšoantšo se leqepheng la 17]
Lintho tse bonahalang li ke ke tsa nkela tlhokomelo e ntle ea botsoali sebaka