Ha Bongoana bo Baballoa
BONGOANA bo monate bo itšetlehile haholo ka ho ba le batsoali ba nang le tlhokomelo e ntle. Empa ho ba motsoali ea nang le tlhokomelo e ntle ho akarelletsa eng? E ka ’na eaba u kile ua utloa keletso mabapi le taba ena. Fa bana ba hao nako e lekaneng. Ba mamele. Ba fe tataiso e nepahetseng. Ba utloele bohloko, u thabe le bona le ho sareloa le bona. E-ba motsoalle oa bona oa sebele empa u sa sekisetse matla a hao joaloka motsoali. Ke ’nete hore melao-motheo e joalo e phetoang hangata e ka thusa batsoali ho phetha boikarabelo ba bona hantle. Empa ho na le ho hong ho lokelang ho tla pele ’me ebile e le habohlokoa haholoanyane.
Batsoali ba limilione lefatšeng ka bophara ba fumane hore melao-motheo e latelang ea Bibele ke senotlolo sa ho ba motsoali ea molemo. Hobane’ng? Hobane Mongoli ea bohlale oa Bibele, Jehova Molimo, ke eena ea qalileng tokisetso ea lelapa. (Genese 1:27, 28; 2:18-24; Baefese 3:15) Kahoo, Lentsoe la hae le bululetsoeng ke lona le molemohali leo ho ka shejoang tataiso ea ho hōlisa bana ho lona. Leha ho le joalo, buka ea khale joaloka Bibele e ka fana ka leseli joang mokhoeng o atileng kajeno oa ho potlakisa bana hore ba tsoe bongoaneng? A re ke re hlahlobeng melao-motheo e meng ea Mangolo e sebetsang.
“Ho ea ka Lebelo la Bana”
Jakobo, mora oa Isaka, e ne e le ntate oa bana ba fetang 12. Bibele e tlaleha mantsoe a hae a bohlale mabapi le leeto leo a neng a le nkile le lelapa: “Bana ha baa tiea . . . Ka kōpo, moren’a ka [Esau, moholoane oa Jakobo] a ke a fetele ka pele ho mohlanka oa hae, ’me e se eka nka tsoela pele leetong ka nako e ntoketseng . . . ho ea ka lebelo la bana.”—Genese 33:13, 14.
Jakobo o ne a tseba hore bana ba hae hase batho ba baholo. Ba ne ba sa “tiea”—ba le banyenyane, ba fokola ba bile ba hloka tlhokomelo haholoanyane ho feta batho ba hōlileng. Ho e-na le hore a qobelle bana ba hae hore ba tsamaee ka lebelo la hae, o ile a fokotsa lebelo hore le tšoane le la bona. Ka tsela ena, o ile a bontša bohlale boo Molimo a bo bontšang ho bana ba hae ba batho. Ntate oa rōna o tseba mefokolo ea rōna. Ha aa lebella ho fetang hoo re ka ho khonang.—Pesaleme ea 103:13, 14.
Esita le liphoofolo tse ling li bontša bohlale bo joalo, hobane Molimo o li entse “li le bohlale ka tlhaho.” (Liproverbia 30:24) Ka mohlala, litsebi tsa lihloliloeng li hlokometse hore mohlape oohle oa litlou o tsamaea ka lebelo la manamane a har’a tsona, li tsamaea butle ho fihlela ha a khona ho tsamaea ka lebelo la tsona.
Karolo e ’ngoe ea sechaba sa kajeno ha e sa latela bohlale ba bomolimo. Empa ha ua lokela ho etsa se tšoanang. Hopola hore ngoana oa hao ha aa “tiea”—ha a khone ho jara mojaro le boikarabelo ba batho ba baholo. Ka mohlala, haeba u le motsoali ea se nang molekane, ea nang le mathata a itseng a botho, ’me u ikutloa u batla ho bolella ngoana oa hao lekunutu, hanela seo. Ho e-na le hoo, batla motsoalle ea seng a hōlile ea ka u thusang ho lokisa litaba—haholo-holo ea tla u thusa hore u sebelise keletso e bohlale ea Bibele.—Liproverbia 17:17.
Ka tsela e tšoanang, u se ke ua lumella hore bophelo ba ngoana oa hao bo potlakisoe haholo, bo etsetsoe kemiso, bo laoloe ka thata-thata hoo mahlahahlaha ’ohle a bocha a ho thabela bophelo a ntšoang ka ho feletseng bophelong ba ngoana. Behela ngoana oa hao lebelo le nepahetseng, eseng leo ka bofofu le tšoanang le la lefatše lena la kajeno. Bibele e eletsa tjena ka bohlale: “U se ke ua lumella lefatše le u potolohileng hore le u hatelle hore u tšoane le lona.” (Baroma 12:2, Phillips)
“Ho na le Nako e Behiloeng Bakeng sa Ntho e ’Ngoe le e ’Ngoe”
Molao-motheo o mong oa Bibele o bontšang bohlale o re: “Ho na le nako e behiloeng bakeng sa ntho e ’ngoe le e ’ngoe, esita le nako bakeng sa taba e ’ngoe le e ’ngoe tlas’a maholimo.” Ho hlakile hore ho na le nako ea ho sebetsa. Bana ba na le mosebetsi o mongata oo ba o etsang—ho akarelletsa mosebetsi oa sekolo, mosebetsi oa lapeng le lintho tsa moea. Leha ho le joalo, eona temana eo ea Bibele e re ho boetse ho na le “nako ea ho tšeha” le “nako ea ho tlōla-tlōla.”—Moeklesia 3:1, 4.
Ka ho khetheha bana ba hloka ho bapala, ho tšeha le ho ntša mafolofolo a bongoana ba sa tšoenngoe ke letho. Haeba ho etsoa hore nako eohle ea bona e felle sekolong, mesebetsing ea ka mor’a sekolo le boikarabelong bo bong bo boima, joale tlhoko ea bona ea hore ba bapale e ka hatakeloa. Seo se ka ba khentša, esita le ho ba nyahamisa.—Bakolose 3:21.
Nahana kamoo u ka sebelisang molao-motheo o tšoanang oa Bibele ka litsela tse ling. Ka mohlala, kaha ntho e ’ngoe le e ’ngoe e na le nako, na hoo ha ho bolele hore bongoana e lokela ho ba nako ea hore ngoana e be ngoana? U ka ’na ua arabela ka hore ho joalo, empa hase ka linako tsohle bana ba hao ba ka lumelang hoo. Hangata bashanyana le banana ba banyenyane ba batla ho etsa lintho ba etsisa batho ba baholo. Ka mohlala, bananyana ba ka ’na ba batla ho apara le ho itlhopha joalokaha eka ke bo-’mè. Ho kena boroetsaneng pele ho nako ho ka ’na ha eketsa khatello ea ho batla ho bonahala joalokaha eka ba se ba hōlile.
Batsoali ba bohlale ba bona kotsi ea tšekamelo eo. Lipapatso tse ling le boithabiso lefatšeng lena le hlephileng boitšoarong li hlahisa bana e le ba hlalefelang litaba tsa ho kopanela liphate ba sa le banyenyane haholo. Litlolo, mabenyane le lifeshene tse tsosang takatso li ata haholo baneng. Empa ke hobane’ng ha u ka etsa hore bana ba hohele batho ba khopameng ba batlang ho ba sebelisa hampe ho kopaneleng liphate? Ka ho thusa bana hore ba apare ka tsela e lokelang lilemo tsa bona, batsoali ba sebelisa molao-motheo o mong oa Bibele: “Ea masene ea boneng tlokotsi o ipatile.”—Liproverbia 27:12.
Mohlala o mong: Ho lumella lipapali hore e be ntho e tlang pele bophelong ba ngoana ho ka etsa hore a be le bophelo bo sa leka-lekanang, boo ho bona ho seng ho se na nako bakeng sa ntho e ’ngoe le e ’ngoe. Bibele e eletsa ka bohlale: “Koetliso ea ’mele e na le molemo o monyenyane; empa boinehelo ba bomolimo bo molemo bakeng sa lintho tsohle, kaha bo e-na le tšepiso ea bophelo ba hona joale le ea bo tlang ho tla.”—1 Timothea 4:8.
U se ke ua lumella ngoana oa hao hore a be le mohopolo oa hore “ho hlōla ke eona ntho e tlang pele.” Batsoali ba bangata ba felisa monate oa lipapali ka ho khannela bana ba bona hore ba be le moea oa tlhōlisano o feteletseng, ba hlōle ho sa tsotellehe hore na ho etsahala’ng. Ka hona, bana ba bang ba ikutloa ba tlameha ho qhekella kapa hona ho lematsa libapali tse ling e le hore ba hlōle. Ho hlakile hore ho hlōla ha ho hloke hore motho a be a etse joalo!
Ho Ithuta ho ba le Boitšoaro
Bana ba atisa ho thatafalloa ke ho ithuta hore ntho e ’ngoe le e ’ngoe e na le nako. Ha ho bonolo hore ba lete ka mamello ha ba batla ntho e itseng. Ho mpefatsang lintho le ho feta ke moea oa batho ba kajeno ba batlang ho ikhotsofatsa hona joale. Hangata ba phatlalatso ea tsa boithabiso ba fetisa molaetsa oa hore, “Fumana seo u se batlang le hona e be hona joale!”
U se ke ua itumella ho hlōloa ke tšusumetso e joalo ka ho bokotsa le ho senya bana ba hao. Buka ea The Child and the Machine e re: “Hangata ha motho a khona ho lemoha hore ho nka nako pele a fumana ho itseng ho mo thabisang, hoo ke ho bontša bohlale. Ho itaea le ho ba le khotso le ba bang ke pheko pefong e ntseng e e-ja setsi baneng ba kenang sekolo le ba seng ba se tsoile.” Bibele e na le molao-motheo ona o thusang: “Haeba motho a bokotsa mohlanka oa hae ho tloha bocheng ho ea pele, bophelong ba hae hamorao o tla fetoha ea se nang teboho.” (Liproverbia 29:21) Le hoja temana ena e bua ka ho toba ka ho sebetsana le bahlanka ba banyenyane, batsoali ba bangata ba fumane molao-motheo ona o le molemo haholo baneng ba bona.
Har’a lintho tseo bana ba li hlokang, e ka sehloohong ke eo Bibele e reng ke “ho ba hōlisa ka taeo le kelello e laoloang ke Jehova.” (Baefese 6:4) Ho rata taeo ho thusa bana hore ba hōle ba e-na le litšoaneleho tse kang boitšoaro le mamello. Litšoaneleho tsena li tla ba thusa hore ba fumane thabo le khotsofalo bophelong.
Nakong eo ka Eona Lintho Tsohle Tse Sokelang Bongoana li Tla Fela
Leha ho le joalo, u ka ’na ua ipotsa, ‘Na Molimo ea bohlale, ea lerato, ea bululetseng melao-motheo ee e molemo ka sebele o ne a rerile hore lefatše la rōna le be tjee? Na o ne a rerile hore bana ba hōlele lefatšeng leo hangata ho leng kotsi ho ba hōlisetsa ho lona?’ U ka ’na ua tšelisoa ke ho tseba hore Jehova Molimo le Mora oa hae, Kreste Jesu, ba na le lerato le mosa ho batho, ho kopanyelletsa le bana ba lilemo tsohle. Haufinyane ba tla felisa bokhopo bohle lefatšeng.—Pesaleme ea 37:10, 11.
Na u ka rata ho bona ka leihlo la moea nako eo ka eona ho tla beng ho rena khotso le thabo? Nahana ka ketsahalo ena e hlalositsoeng ka ho hlollang Bibeleng: “Phiri e tla lula ka nakoana le konyana e tona, lengau le bothe le potsanyane, ’me namane le taoana e moetse le phoofolo e fepehileng hantle li be hammoho; moshanyana o tla li etella pele.” (Esaia 11:6) Ho tšelisa hakaakang ho tseba hore Molimo o tšepisa bokamoso bo khanyang joalo bakeng sa batho lefatšeng lee leo ho lona hangata bokhopo bo senyang bongoana kapa bo bo potlakisang ka sehlōhō! Ka ho hlakileng, ’Mōpi o batla hore bongoana bo se ke ba lahleha kapa ba potlakisoa—o batla e be bo thabileng le bo nkoang e le ba bohlokoa.
[Setšoantšo se leqepheng la 18]
Ho e-na le ho imetsa ngoana oa hao ka mathata a botho, bolella motho e mong e moholo makunutu a hao
[Litšoantšo tse leqepheng la 18, 19]
Bana ba hloka ho bapala