MATLOTLO A TSOANG BIBELENG | LIKETSO 27-28
Pauluse o ea Roma ka Sekepe
Pauluse ha a ka a khaotsa ho etsa mosebetsi oa boboleli le hoja e ne e le motšoaruoa. Ha a ne a le sekepeng, o ile a bua le basebetsi ba sekepe le bapalami ka Molimo. Ka mor’a hore sekepe se soahlamane Malta, ntle ho tikatiko o ile a nka monyetla ka hore a bolelle bao a ba phekotseng litaba tse molemo. Ka mor’a matsatsi a mararo a fihlile Roma, o ile a bolella banna ba ka sehloohong ba Bajuda ka Molimo. Lilemo tse peli tseo a li qetileng e le motšoaruoa, o ne a ruta bohle ba neng ba mo etela ka Molimo.
U ka etsa’ng e le hore u etse mosebetsi oa boboleli ho sa tsotellehe maemo kapa lintho tse ka u sitisang?