Watchtower ONLINE LIBRARY
Watchtower
ONLINE LIBRARY
Sesotho (Lesotho)
  • BIBELE
  • LINGOLOA
  • LIBOKA
  • mwb19 June leq. 8
  • Etsa Hore ho Ithuta Bibele ho U Tsoele Molemo

Ha ho na video mona.

Ka masoabi ho bile le bothata.

  • Etsa Hore ho Ithuta Bibele ho U Tsoele Molemo
  • Bukana ea Seboka sa Bophelo ba Bokreste le Tšebeletso ea Rona—2019
  • Lingoloa Tse Tšoanang
  • Ho Fumana Thabo Lentsoeng la Jehova
    Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—1986
  • Ho Ithuta Hoa Putsa
    Rua Molemo Thutong ea Sekolo sa Tšebeletso sa Puso ea Molimo
  • Ho Ithuta—Hoa Putsa Ebile Hoa Thabisa
    Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—2000
  • Latela Mohlala oa Marena
    Molula-Qhooa o Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—2002
Bala Tse Ling
Bukana ea Seboka sa Bophelo ba Bokreste le Tšebeletso ea Rona—2019
mwb19 June leq. 8

PHELA JOALOKA MOKRESTE

Etsa Hore ho Ithuta Bibele ho U Tsoele Molemo

HOBANE’NG HO LE BOHLOKOA?: Ho ithuta lentsoe la Molimo ho re thusa “ho utloisisa ka ho phethahetseng . . . bophara le bolelele le bophahamo le botebo” ba lentsoe la Molimo. (Ef 3:​18) E boetse e re thusa ho “ba ba sa tšoauoeng phoso le ba hlokang molato” lefatšeng lena le khopo le hore re ‘tšoare ka thata lentsoe la bophelo’. (Fil 2:​15, 16) Ho ithuta re le bang ho re fa monyetla oa hore re ikhethele hore na re batla ho ithuta re sebelisa sengoliloeng se fe. Re ka etsa’ng hore ho bala le ho ithuta Bibele ho re tsoele molemo?

KAMOO RE KA HO ETSANG KATENG:

  • Tšoaea litemana kapa u ngole lintlha Bibeleng eo u e sebelisang ho ithuta kapa e sesebelisoeng sa elektronike

  • Ipotse lipotso tse kang tsena ha u bala Bibele: ‘Mang? Eng? Neng? Hokae? Hobane’ng? Joang?

  • Etsa lipatlisiso. Sebelisa lithulusi tsa ho etsa lipatlisiso ka taba kapa temana ea Bibele e amanang le taba eo

  • Nahanisisa ka seo u se balang ebe oa lemoha hore na u ka se sebelisa joang

  • Sebelisa seo u ithutileng sona bophelong ba letsatsi le letsatsi.​—Lu 6:​47, 48

SHEBELLANG VIDEO EA LE TŠOARE “KA THATA” HA LE NTSE LE ITHUTA BIBELE, KA MOR’A TENG LE ARABE LIPOTSO TSE LATELANG:

  • Batho ba bang ba re ba ithuta Bibele joang?

  • Ke hobane’ng ha re lokela ho rapela kamehla pele re ithuta Bibele?

  • Ke’ng e ka re thusang ho utloisisa litemana tsa Bibele hantle?

  • Re ka tšoaea lintlha tsa bohlokoa joang Bibeleng eo re ithutang ka eona?

  • Ke hobane’ng ha ho le bohlokoa ho thuisa ha re ithuta lentsoe la Molimo?

  • Re lokela ho etsa’ng ka seo re ithutileng sona?

Morali’abo rona o etsa lipatlisiso nakong eo a ithutang Bibele; mor’abo rona o ts’oaea Bibele ea hae ka mebala e sa ts’oaneng; morali’abo rona o bonts’a banna ba babeli lintho tseo a ithutileng tsona ka Bibeleng; mor’abo rona oa rapela

“Molao oa hao ke o rata hakaakang! Ke nahanisisa ka oona letsatsi lohle.”​—Pes 119:97

    Lingoliloeng Tsa Sesotho Lesotho (1985-2026)
    Tsoa
    Kena
    • Sesotho (Lesotho)
    • Romela
    • Ikhethele
    • Copyright © 2025 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
    • Kamoo e Lokelang ho Sebelisoa
    • Tumellano ea ho Boloka Lekunutu
    • Privacy Settings
    • JW.ORG
    • Kena
    Romela