MATLOTLO A TSOANG BIBELENG | TŠENOLO 17-19
Ntoa ea Molimo e Tla Felisa Lintoa Tsohle
Ke hobane’ng ha Jehova, “Molimo oa lerato le oa khotso” a ile a re Jesu Kreste “Khosana ea Khotso” a loane?—2Ko 13:11; Esa 9:6.
Jehova le Jesu ba rata ho loka empa ba hloile bokhopo
Ha batho ba khopo ba se ba felisitsoe, ho tla lula ho e-na le khotso le toka
Mabotho a leholimo a Molimo a “loana ka ho loka,” joalokaha ba hlaha ba palame lipere tse tšoeu ba bile ba apere lesela la line le lesoeu le hloekileng
Ke joang re ka etsang bonnete ba hore re tla pholoha ha ntoa ee e kupa?—Sof 2:3