MATLOTLO A TSOANG BIBELENG | GENESE 6-8
“A Fela a Etsa Joalo”
Nahana hore na ho ne ho le boima hakaakang ho Noe le lelapa la hae ho haha areka, ba se na lisebelisoa tsa ho haha tsa morao-rao ebile ba sa tsebe le mekhoa e ntlafetseng ea ho haha.
Areka ena e ne e le kholohali, e le bolelele ba limithara tse 133, bophara ba limithara tse 22 le bophahamo ba limithara tse 13
Lifate li ne li lokela ho rengoa, li pongoe, li fefuoe, ebe li kenngoa hantle moo li lokelang ho ba teng
Areka ena e kholohali e ne e lokela ho tlotsoa ka sekontiri ka ntle le ka hare
Ba ne ba lokela ho bokella lijo tsa bona le tsa liphoofolo tse neng li tla ba qhoba selemo kaofela
E ka ’na eaba mosebetsi ona o nkile lilemo tse 40 ho isa ho tse 50
Pale ee e ka re khothatsa joang haeba re utloa eka ntho eo Jehova a re kopang hore re e etse e boima?