Watchtower ONLINE LIBRARY
Watchtower
ONLINE LIBRARY
Sesotho (Lesotho)
  • BIBELE
  • LINGOLOA
  • LIBOKA
  • mwb20 April leq. 7
  • “Lahlang Melimo Esele”

Ha ho na video mona.

Ka masoabi ho bile le bothata.

  • “Lahlang Melimo Esele”
  • Bophelo le Tšebeletso ea Rōna—Kemiso ea Liboka—2020
  • Lingoloa Tse Tšoanang
  • Jehova a ka U Thusa Hore U Hlole Meea e Khopo
    Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova (O Ithutoang)—2019
  • Ke’ng Seo Bibele e se Rutang ka Bodemona?
    Tsoha!—2017
  • Sebeletsa Jehova a le Mong Feela
    Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova (O Ithutoang)—2019
  • Na Tšireletso ea Sebele e ka Fumaneha?
    Molula-Qhooa o Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—1993
Bala Tse Ling
Bophelo le Tšebeletso ea Rōna—Kemiso ea Liboka—2020
mwb20 April leq. 7
Monna o lahla sefaha sa hae sa bademona.

PHELA JOALOKA MOKRESTE

“Lahlang Melimo Esele”

Jakobo o ne a tseba hore Jehova o hloka boinehelo bo khethehileng. Ka nako eo, Jehova o ne a e-so ka a fana ka molao oa hore batho ba se ke ba rapela litšoantšo. (Ex 20:​3-5) Kahoo, Jakobo o ile a laela batho bohle bao a neng a e-na le bona hore ba lahle litšoantšo tsohle tse rapeloang ka mor’a hore Jehova a mo bolelle hore a khutlele Bethele. Jakobo o ile a lahla litšoantšo tseo hammoho le masale ao batho ba neng baa roala e le hore ba itšireletse ho meea e litšila. (Gen 35:​1-4) Re kholisehile hore Jehova o ile a thabisoa ke liketso tsena tsa Jakobo.

Mehleng ee, re ka bontša joang hore re inehetse ho Jehova feela? Re ka qoba ntho e ’ngoe le e ’ngoe e amanang le borapeli ba litšoantšo kapa ho sebelisana le bademona. Taba ena e bolela ho lahla ntho e ’ngoe le e ’ngoe e amanang le boselamose ’me re be re hlahlobe le boithabiso ba rona hantle. Mohlala, ipotse: ‘Na ke thabela ho bala libuka kapa ho shebella lifilimi tse hlahisang lithotsela kapa lintho tse phahametseng matla a tlhaho? Na li hlahisa boselamose kapa ho betsa batho ba bang ka mantsoe a boloi e le boithabiso feela bo seng kotsi?’ Re lokela ho qoba ntho e ’ngoe le e ’ngoe eo Jehova a e hloileng.​—Pes 97:10.

SHEBELLANG VIDEO EA “HANYETSANG DIABOLOSE” EBE LE ARABELA LIPOTSO TSE LATELANG:

  • Ngoana o kakaletse betheng, o roetse khoetsa. ’Mè oa hae o ntse a qoqa le batho bao a ithutang Bibele le bona.

    Ke mathata afe ao Palesa a ileng a kopana le ’ona?

  • Bahoeletsi ba tlile le baholo ho tla thusa motho eo ba ithutang Bibele le eena.

    Haeba uena, motho eo u ithutang Bibele le eena kapa motho e mong feela eo u mo tsebang a hlaseloa ke bademona, ke hobane’ng ha ho le bohlale ho kopa thuso ho baholo?

  • ’Mè oa ngoana o chesa khoetsa ea ngoana.

    Hanyetsa Diabolose ’me u atamele haufi le Molimo.​—Jak 4:​7, 8

    Ke lintho life tseo re lokelang ho li lahla haeba re batla ho thabisa Jehova?

  • Ke qeto efe e bohlale eo Palesa a ileng a etsa?

  • Ke lintho life tseo u ka li etsang moo u lulang e le hore u qobe ho hlaseloa ke bademona?

    Lingoliloeng Tsa Sesotho Lesotho (1985-2026)
    Tsoa
    Kena
    • Sesotho (Lesotho)
    • Romela
    • Ikhethele
    • Copyright © 2025 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
    • Kamoo e Lokelang ho Sebelisoa
    • Tumellano ea ho Boloka Lekunutu
    • Privacy Settings
    • JW.ORG
    • Kena
    Romela