MATLOTLO A TSOANG BIBELENG | GENESE 36-37
Baholoane ba Josefa Baa mo Monela
Lintho tse ileng tsa etsahalla Josefa lia bontša hore ho monela batho ba bang ho ka ba kotsi hakaakang! Bapisa mangolo a latelang le lebaka la hore na ke hobane’ng ha re sa lokela ho ba mona.
LENGOLO
LEBAKA
Motho ea mona a ke ke a rua ’Muso oa Molimo
Ha motho a le mona a ka senya bonngoe le khotso ea phutheho
Mona o ka etsa hore motho a qetelle a kula
Ha motho a le mona a ka qetella a sa bone lintho tse ntle tseo ba bang ba li etsang
Ke lintho life tse ka etsang hore re be mona?