Watchtower ONLINE LIBRARY
Watchtower
ONLINE LIBRARY
Sesotho (Lesotho)
  • BIBELE
  • LINGOLOA
  • LIBOKA
  • mwb20 August leq. 3
  • Ema u Tiile ha Bofelo bo Ntse bo Atamela

Ha ho na video mona.

Ka masoabi ho bile le bothata.

  • Ema u Tiile ha Bofelo bo Ntse bo Atamela
  • Bophelo le Tšebeletso ea Rōna—Kemiso ea Liboka—2020
  • Lingoloa Tse Tšoanang
  • Leka ka Matla Hore U be Sebete
    Bukana ea Seboka sa Bophelo ba Bokreste le Tšebeletso ea Rona—2017
  • Ha ho Thata ho ba Sebete
    Bukana ea Seboka sa Bophelo ba Bokreste le Tšebeletso ea Rona—2021
  • “E-ba Sebete . . . ’me u Nke Bohato”
    Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova (O Ithutoang)—2017
  • Mphe Sebete
    Binelang Jehova le Thabile
Bala Tse Ling
Bophelo le Tšebeletso ea Rōna—Kemiso ea Liboka—2020
mwb20 August leq. 3

PHELA JOALOKA MOKRESTE

Ema u Tiile ha Bofelo bo Ntse bo Atamela

KE HOBANE’NG HA HO LE BOHLOKOA? Lintho tse tla etsahala haufinyane li tla leka sebete le tšepo ea rona ho Jehova ho feta leha e le neng pele. Matšoenyeho a maholo a tla qala ka hore ho felisoe bolumeli ba bohata. (Mat 24:​21; Tše 17:​16, 17) Nakong eo e moferefere, re ka ’na ra tlameha ho fana ka molaetsa o matla oa kahlolo. (Tše 16:​21) Gogo oa Magogo o tla re hlasela. (Eze 38:​10-12, 14-16) Jehova o tla sireletsa batho ba hae ka hore a tlise ntoa ea letsatsi le leholo la hae. (Tše 16:​14, 16) E le hore re tle re be sebete ha lintho tsena li etsahala, re hloka ho tšepahala ha re hlaheloa ke liteko hona joale.

RE KA ETSA JOANG?

  • Ka sebete emela melao ea Jehova ea boitšoaro.​—Esa 5:20

  • Tsoela pele u tla libokeng.​—Heb 10:​24, 25

  • Mamela tataiso e tsoang mokhatlong oa Jehova.​—Heb 13:17

  • Nahana kamoo Jehova a ileng a pholosa batho ba hae nakong e fetileng.​—2Pe 2:9

  • Rapela Jehova ’me u mo tšepe.​—Pes 112:​7, 8

SHEBELLANG KAROLOANA EA VIDEO EA LINTHO TSE TLA ETSAHALA NAKONG E TLANG TSE TLA HLOKA HORE RE BE SEBETE EBE KA MOR’A MOO LE ARABA LIPOTSO TSE LATELANG:

  • Setšoantšo se hlahang videong ea ‘Lintho Tse Tla Etsahala Nakong e Tlang Tse Tla Hloka Hore re be Sebete.’ Morali oa bo rona o Holong ea ’Muso ’me o tšoenyehile kamor’a ho sheba hore na ke bo-mang ba eang liphuthehong tse ling.

    Bahoeletsi ba ile ba thulana le teko efe ha phutheho ea bona e kopanngoa le liphutheho tse ling?

  • Setšoantšo se hlahang videong ea ‘Lintho Tse Tla Etsahala Nakong e Tlang Tse Tla Hloka Hore re be Sebete.’ Morali eo oa bo rona o buisana le ba bang ba babeli ka hore na ba tla etsa joang ha e le mona liphutheho li se li arotsoe.

    Ho mamela ho ka re thusa hore re be sebete joang?

  • Setšoantšo se hlahang videong ea ‘Lintho Tse Tla Etsahala Nakong e Tlang Tse Tla Hloka Hore re be Sebete.’ Moshanyana o tšoenyehile kamor’a ho sheba setšoantšo se hlahang bukeng ea ‘ ’Muso oa Molimo oa Busa!’ se bontšang hore na ho tla etsahala’ng ka Armagedone.

    Ke hobane’ng ha re tla hloka sebete ha Armagedone e fihla?

  • Setšoantšo se hlahang videong ea ‘Lintho Tse Tla Etsahala Nakong e Tlang Tse Tla Hloka Hore re be Sebete.’ Ha Josafate le Bajuda ba bang ba fihla lebaleng la ntoa, ba fumana hore masole a ba lireng a shoele kaofela.

    Itokise hona joale bakeng sa lintho tse tla etsahala kamoso tse tla hloka hore re be sebete

    Ke tlaleho efe ea Bibele e ka re thusang hore re be le tumelo ea hore Jehova o tla re pholosa?​—2Likr 20:​1-24

    Lingoliloeng Tsa Sesotho Lesotho (1985-2026)
    Tsoa
    Kena
    • Sesotho (Lesotho)
    • Romela
    • Ikhethele
    • Copyright © 2025 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
    • Kamoo e Lokelang ho Sebelisoa
    • Tumellano ea ho Boloka Lekunutu
    • Privacy Settings
    • JW.ORG
    • Kena
    Romela