Watchtower ONLINE LIBRARY
Watchtower
ONLINE LIBRARY
Sesotho (Lesotho)
  • BIBELE
  • LINGOLOA
  • LIBOKA
  • mwb20 September leq. 3
  • U se ke oa Hasa Litaba Tseo Eseng ’Nete

Ha ho na video mona.

Ka masoabi ho bile le bothata.

  • U se ke oa Hasa Litaba Tseo Eseng ’Nete
  • Bophelo le Tšebeletso ea Rōna—Kemiso ea Liboka—2020
  • Lingoloa Tse Tšoanang
  • ‘Ea se Nang Phihlelo o Lumela Lentsoe le Leng le le Leng’
    Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—2015
  • Boitsebiso bo Bongata Haholo
    Tsoha!—1998
  • Le Tloaele ho Etsa Lintho Tseo le Ithutileng Tsona
    Molula-Qhooa o Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—2002
  • Na U Tseba Lintlha Kaofela?
    Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova (O Ithutoang)—2018
Bala Tse Ling
Bophelo le Tšebeletso ea Rōna—Kemiso ea Liboka—2020
mwb20 September leq. 3

PHELA JOALOKA MOKRESTE

U se ke oa Hasa Litaba Tseo Eseng ’Nete

’Mè ea makalletseng molaetsa oo a qetang ho o bala fonong.

Mehleng ena batho ba ka fumana litaba ka pele ha ba mamela liea-le-moea, ba shebella thelevishene, ba bala litaba inthaneteng kapa likoranteng. Batho ba rapelang “Molimo oa ’nete” ha ba batle ho hasa litaba tseo e seng tsa ’nete esita leha ekaba ka phoso feela. (Pes 31:5; Ex 23:1) Ha litaba tseo eseng ’nete li ntse li fetela ho batho ba bang, li ka ba kotsi haholo. Kahoo ha u batla ho utloa hore na taba e nepahetse, ipotse lipotso tse latelang:

  • ‘Na litaba tsee li tsoa mohloling o nepahetseng?’ Motho a ka ’na a bua litaba empa a sa tsebe lintlha kaofela. Re lokela ho qoba ho bua litaba tseo re sa kholisehang hore li tsoa mohloling o nepehetseng hobane ha li ntse li fetela bathong ba bang, lia fetoha. Ba nang le boikarabelo ka phuthehong ba lokela ho qoba ho bua lintho tseo ba sa tsebeng hantle hore na li nepahetse kapa che hobane batho ba bangata ka phuthehong baa ba tšepa

  • ‘Na litaba tsee li senya botumo ba motho?’ Ho ka ba molemo hore u se ke oa bua litaba haeba li ka senya botumo ba batho ba bang.​—Lipr 18:8; Fil 4:8

  • ‘Na batho ba tla kholoa litaba tsee?’ U lokela ho ba hlokolosi ha u utloa litaba tse ka ’nang tsa makatsa batho

SHEBELLANG VIDEO EA NKA QOBA HO SEBA JOANG? EBE KA MOR’A MOO LE ARABA LIPOTSO TSE LATELANG:

  • Moshanyana ea ntse a betsoa ka sabole.

    Liproverbia 12:​18 e re lintho tseo re li buang li ka ba kotsi hakae?

  • Sehlopha sa batho ba ntseng ba seba.

    Lengolo la Bafilipi 2:4 le ka re thusa joang ho khetha hore na ke’ng eo re e buang ka batho ba bang?

  • Motho ea hanang ho mamela lesebo.

    Re ka etsa’ng haeba re utloa batho ba bang ba bua motho e mong hampe?

  • Monna ea sebang o eme le ea tlalehang litaba.

    Re lokela ho ipotsa lipotso life pele re ka qala ho bua ka batho ba bang?

    Lingoliloeng Tsa Sesotho Lesotho (1985-2026)
    Tsoa
    Kena
    • Sesotho (Lesotho)
    • Romela
    • Ikhethele
    • Copyright © 2025 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
    • Kamoo e Lokelang ho Sebelisoa
    • Tumellano ea ho Boloka Lekunutu
    • Privacy Settings
    • JW.ORG
    • Kena
    Romela