Watchtower ONLINE LIBRARY
Watchtower
ONLINE LIBRARY
Sesotho (Lesotho)
  • BIBELE
  • LINGOLOA
  • LIBOKA
  • g98 1/8 maq. 13-14
  • Boitsebiso bo Bongata Haholo

Ha ho na video mona.

Ka masoabi ho bile le bothata.

  • Boitsebiso bo Bongata Haholo
  • Tsoha!—1998
  • Lihloohoana
  • Lingoloa Tse Tšoanang
  • Boitsebiso ke Eng?
  • Ke’ng e Bakang ho Tšoenyeha ka Boitsebiso?
    Tsoha!—1998
  • Kamoo U ka Sebetsanang ka Katleho Kateng le Mehla ea Boitsebiso
    Tsoha!—1998
  • Rua Molemo ka Botlalo Linthong Tseo Jehova a re Fang Tsona
    Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova (O Ithutoang)—2016
  • Sebelisa Inthanete ka Bohlale
    Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—2011
Bala Tse Ling
Tsoha!—1998
g98 1/8 maq. 13-14

Boitsebiso bo Bongata Haholo

LEKHOLO lena la bo20 la lilemo le bile le boitsebiso bo bongata haholo boo ho seng mohla bo kileng ba e-ba teng. Ebang ke bo hatisoang, bo phatlalatsoang seea-le-moeeng kapa thelevisheneng, ho Internet, kapa ka litsela tse ling, lefatše le tletse boitsebiso bo bongata. David Shenk oa ngola bukeng ea hae e bitsoang Data Smog—Surviving the Information Glut: “Boitsebiso bo bongata haholo bo hlaha e le tšokelo ea sebele. . . . Hona joale re tobane le ho ba le matletse-tletse a boitsebiso.”

Nka koranta e ’ngoe e tsebahalang haholo e le mohlala o le mong feela. Ho boleloa hore khatiso e tloaelehileng ea har’a beke ea The New York Times e jere boitsebiso bo bongata ho feta boo motho feela ea tloaelehileng a neng a ka bo fumana bophelong bohle ba hae Engelane, morao koo lekholong la bo17 la lilemo. Empa ntle ho likoranta tsa letsatsi le letsatsi, limakasine le libuka tsa mefuta-futa tse hlalosang lihlooho tse ngata li phaella hlabeng ea boitsebiso bo hlahisoang. Libuka li hatisoa ka likete tse mashome selemo le selemo. ’Me kaha boitsebiso ba saense bo imena habeli ka mor’a lilemo tse ling le tse ling tse tšeletseng, hase ho makatsang hore ebe lefatšeng ka bophara ho na le likoranta tse fetang 100 000 tsa theknoloji feela. ’Me Internet e etsa hore pokello e khōlōhali ea boitsebiso e fumanehe ho basebelisi ba k’homputha.

Ho thoe’ng ka limakasine? Likoranta tsa khoebo, limakasine tsa basali, limakasine tsa bacha, limakasine tsa lipapali le boithabiso—ka sebele, hoo e batlang e le limakasine tsa lihlooho tsohle le tse thahasellisang batho—li tletse hohle lefatšeng, ’me kaofela ha tsona li batla hore re li ele hloko. Ho thoe’ng ka karolo e phethoang ke phatlalatso—“terompeta ea lelea,” kamoo e ’nileng ea hlalosoa hamolemonyana kateng? Bukeng ea hae e bitsoang Information Anxiety, mongoli Richard S. Wurman oa bolela: “Mekhatlo ea phatlalatso e hlasela maikutlo a rōna ka liphatlalatso tse ngata haholo tse batlang ho shejoa, ho mameloa, ho fofoneloa le ho tšoaroa.” E u qophella hore u hloka sehlahisoa sa morao-rao, se ntlafalitsoeng, e le hore “u kheme le linako.”

Setsebi sa kelello le mofuputsi oa maemo a bophelo oa Australia, Dr. Hugh MacKay, o boletse hore ‘lefatše le imetsoe ke boitsebiso ’me batho ba khothalletsoa ho kena tseleng e potlakileng ea tsamaiso ea boitsebiso bo fapanyetsanoang ka lik’homputha.’ Dr. MacKay o bona hore bothata ke keketseho e sekhahla ea tlhophiso ea mananeo a litaba le liketsahalo tsa morao-rao seea-le-moeeng le thelevisheneng, hammoho le keketseho e tšosang ea boitsebiso ba morao-rao bo tsamaeang ka mecha e rarahaneng ea lik’homputha, e hlahisitseng lefatše leo ho lona ba bangata ba latelang phatlalatso ea boitsebiso boo hangata e mpang e le tlhaloso feela e sa fellang ea lintlha le liketsahalo, eseng ea tlaleho e feletseng.

Boitsebiso ke Eng?

Motso oa lentsoe la Selatine informare (boitsebiso) o jere khopolo ea ho bōpela motho taba, joalokaha sebōpi sa lipitsa tsa letsopa se bōpa letsopa. Kahoo, litlhaloso tse ling tsa “ho tsebisa” li fana ka moelelo oa “ho khabisa kelello” kapa “ho bōpa kapa ho rupela kelello.” Babali ba ’maloa ba tla hopola ka ho hlaka hore hase khale haholo ha boitsebiso e ne e le feela letoto kapa taba e re tsebisang makolopetso a kang hore na ke mang, hokae, eng, neng, kapa joang. Ho ne ho se puo e khethehileng kapa mantsoe a khethehileng bakeng sa ho fetisa boitsebiso. Sohle seo re neng re lokela ho se etsa e ne e le ho bo kōpa kapa ho ichebela bona.

Empa hona joale re lilemong tsa bo-1990, ’me lefatše le qapile mantsoe a macha a mangata a amanang le boitsebiso hoo mantsoe ao ka booona feela a ka bakang pherekano. Le hoja a mang a mantsoe ana kapa tse ling tsa lipolelo tsena li batla li le bonolo ’me li utloisiseha, joaloka “infomania,” “technophilia” le “mehla ea boitsebiso,” tse ling li ka hlahisa mathata a sebele. Kajeno lefatše le hohotsoe ke infomania—e leng tumelo ea hore motho ea nang le boitsebiso bo bongata o monyetleng ho feta ba bang ba sa khoneng ho bo fumana le hore boitsebiso ha e sa le mokhoa oa ho finyella ho itseng, empa e se e le pakane ka bobona.

Ho chesehela boitsebiso hona ho matlafatsoa ke bongata ba mekhoa ea puisano, joaloka mochine oa fax, thelefono ea cellular le k’homputha, tseo ba bang ba li nkang e le pontšo le letšoao la mehla ea boitsebiso. Ke ’nete hore boiketlo, lebelo le matla tseo lik’homputha li nang le tsona li entse hore boitsebiso bo fumanehe ho feta leha e le neng pele—hoo Nicholas Negroponte, oa Massachusetts Institute of Technology, a reng: “Batho ha ba sa nka lik’homputha e le lisebelisoa feela. Ba li nka e le tsela ea bophelo.” Kahoo, boitsebiso le litheknoloji tse bo tsamaisang li nketsoe holimo haholo, maemong a mang lia rapeloa, li na le balateli ba bangata ba inehetseng ho tsona likarolong tsohle tsa lefatše. Litaba tsa thelevishene le mananeo a liketsahalo tsa morao-rao li ba maemong a batlang eka ke a borapeli, ha ka nako e tšoanang mananeo a lipuisano a thelevisheneng a nang le litaba tse ngata tse se nang thuso a mameloa ke batho bao hangata ba sa a boneng a le phoso le ba thetsehang habonolo.

Kaha tsela eo re phelang le ho sebetsa ka eona e fetotsoe ke mehla ea boitsebiso, batho ba bangata kajeno ba khathatsoa ke “ho tšoenyeha ka boitsebiso” ka litsela tse fapaneng. Ha e le hantle ho tšoenyeha ka boitsebiso ke eng? U ka tseba joang haeba ho u amme? Na ho hlile ho na le seo u ka se etsang ka hona?

[Setšoantšo se leqepheng la 13]

Globe on pages 13, 15, and 20: Mountain High Maps® Copyright © 1997 Digital Wisdom, Inc.

    Lingoliloeng Tsa Sesotho Lesotho (1985-2026)
    Tsoa
    Kena
    • Sesotho (Lesotho)
    • Romela
    • Ikhethele
    • Copyright © 2025 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
    • Kamoo e Lokelang ho Sebelisoa
    • Tumellano ea ho Boloka Lekunutu
    • Privacy Settings
    • JW.ORG
    • Kena
    Romela