Ke’ng e Bakang ho Tšoenyeha ka Boitsebiso?
“HO TŠOENYEHA KA BOITSEBISO ho bakoa ke lekhalo le ntseng le eketseha pakeng tsa seo re se utloisisang le seo re nahanang hore re lokela ho se utloisisa. Ke khohlo e teng pakeng tsa boitsebiso le tsebo, ’me e hlahisoa ke ha boitsebiso bo sa re bolelle seo re batlang kapa re hlokang ho se tseba.” Ke kamoo ho ngotseng Richard S. Wurman bukeng ea hae e bitsoang Information Anxiety. “Ka nako e telele, batho ba ne ba sa hlokomele kamoo ba haelloang ke tsebo kateng—ba ne ba sa tsebe hore ho na le lintho tse ngata tseo ba neng ba sa li tsebe. Empa hona joale batho baa tseba hore ho na le seo ba sa se tsebeng, ’me seo se etsa hore ba tšoenyehe.” Phello e ba hore ba bangata ba rōna ba ka ’na ba ikutloa hore ba lokela ho tseba se fetang seo ba se tsebang. Ka boitsebiso bo bongata bo tlang ho rōna, re nka likaroloana tse seng kae feela tsa bona. Empa mabakeng a mangata ha re tsebe hantle seo re ka se etsang ka bona. Ka nako e tšoanang, re ka ’na ra nahana hore batho bohle baa bo tseba le hore ba bo utloisisa ho re feta. Ebe joale re qala ho tšoenyeha!
David Shenk o bolela hore boitsebiso bo bongata ho feta tekano bo fetohile tšitiso e bakang “tšilafalo ea boitsebiso.” Oa phaella: “Tšilafalo ea boitsebiso e thiba tsela; ha e fane ka sebaka sa boikhutso, ’me e sitisa hore ho nahanoe ka lintho tse hlokahalang. . . . Ea re sithabetsa.”
Ke ’nete hore boitsebiso bo bongata kapa litaba tse ngata haholo li ka baka ho tšoenyeha, empa hoa tšoana le haeba re se na boitsebiso bo lekaneng kapa, ho hobe ho feta, re e-na le boitsebiso bo fosahetseng. Ho tšoana le ho ikutloa u jeoa ke bolutu empa u le ka har’a ntlo e nang le batho ba bangata. Ho joalokaha John Naisbitt a e beha bukeng ea hae e bitsoang Megatrends, “re qoetse ka har’a boitsebiso bo bongata empa re lapetse tsebo.”
Kamoo Tlōlo ea Molao e Etsoang ka K’homputha e ka U Amang Kateng
Sesosa se seng sa ho tšoenyeha ke keketseho e sekhahla ea tlōlo ea molao e etsoang ka k’homputha. Dr. Frederick B. Cohen, bukeng ea hae e bitsoang Protection and Security on the Information Superhighway, o hlalosa se mo tšoenyang: “FBI [Federal Bureau of Investigation] e hakanya hore selemo le selemo ho senngoa chelete e ka bang lidolara tse limilione tse likete tse 5 [liranta tse limilione tse likete tse 22] ka lebaka la tlōlo ea molao e etsoang ka k’homputha. ’Me ho makatsang ke hore eo e mpa e le karoloana feela ea bothata. Mefokolo ea tsamaiso ea boitsebiso le eona e ’nile ea sebelisoa hampe molemong oa ho laola lipuisano, ho senya botumo, ho hlōla likhohlano sesoleng, esita le ho bolaea.” Ho boetseng ho tšoenyang ka ho eketsehileng ke bothata ba bana ba shebellang boitsebiso ba bootsoa k’homputheng—re se re sa bolele ho senoloa ha makunutu.
Batho ba sa tšepahaleng ba lemaletseng k’homputha ba kenya litaelo tse fosahetseng ka boomo mecheng ea lik’homputha ’me li baka tšenyo. Batlōli ba molao ba tsebang ho hlophisa le ho rarolla mathata ka k’homputha ba kena ka bolotsana mecheng ea elektronike ’me ba iphumanela boitsebiso ba lekunutu, ka linako tse ling ba bile ba utsoa le chelete. Liketso tse joalo li ka ba le liphello tse senyang ho basebelisi ba bang ba likete ba lik’homputha. Tlōlo ea molao e etsoang ka k’homputha ke tšokelo khoebong le ’musong.
Tlhokahalo ea ho ba le Boitsebiso bo Nepahetseng
Ke ’nete hore kaofela ha rōna re hloka ho ba le boitsebiso bo nepahetseng, empa ho ba le boitsebiso bo batsi ha ho hlile ha ho re rute ka kutloisiso ea sebele, kaha boholo ba se hlahang ho thoe ke boitsebiso hase letho haese litaba feela tjee kapa lintlha tse se nang thuso, tse sa re ameng bophelong. Ba bang ba bile ba buella hore ho e-na le ho e bitsa “keketseho e sekhahla ea boitsebiso,” mohlomong qaka ena e ka hlalosoa hamolemo ka ho e bitsa “keketseho e sekhahla ea lintlha” kapa esita le ka tsela e batlang e soma ea ho e bitsa “keketseho e sekhahla ea boitsebiso bo se nang thuso.” Setsebi sa likhakanyo tsa moruo Hazel Henderson, o e bona ka tsela ena: “Boitsebiso ka bobona ha bo rute. Re sitoa ho khetholla boitsebiso bo fosahetseng ho boo e leng boitsebiso-’mōtoana, kapa boo e leng boitsebiso ba leshano tikolohong ena e laoloang ke mecha ea phatlalatso. Ho ameha ka boitsebiso ka bobona feela ho hlahisitse boitsebiso bo bongata haholo bo se nang moelelo ho fapana le ho batla mekhoa e mecha ea kutloisiso.”
Joseph J. Esposito, mookameli oa Encyclopædia Britannica Publishing Group, o etsa qeto ena e tobileng: “Boholo ba boitsebiso ba Mehla ena ea Boitsebiso ke tšenyo feela; ke lerata feela. Keketseho e Sekhahla ea Boitsebiso e fuoe lebitso le e loketseng; ke keketseho e sekhahla e etsang hore re se ke ra utloa letho. Haeba re sitoa ho utloa, re ke ke ra tseba.” Orrin E. Klapp o bolela seo a se hlokometseng: “Ke lumela hore ha ho le ea mong ea tsebang kamoo boitsebiso bo bongata bo phatlalatsoang e leng boitsebiso-’mōtoana kateng, bo fana ka maikutlo a hore bo bolela ho itseng empa ha e le hantle bo sa bolele letho.”
Ntle ho pelaelo u tla hopola hore boholo ba seo u ithutileng sona sekolong e ne e le feela ho u ruta lintlha tse ka etsang hore u atlehe litlhahlobong. Hangata u ne u tšoara lintlha tseo ka hlooho ka nakoana e itseng pele ho nako ea tlhahlobo. Na u hopola u ithuta ka hlooho letoto le lelelele la matsatsi nakong ea thuto ea histori? Hona joale ke liketsahalo tse kae le matsatsi a makae tseo u ka li hopolang? Na lintlha tseo li ile tsa u ruta ho nahana le ho etsa liqeto tse utloahalang?
Na ke Kamehla ho ba le Boitsebiso bo Eketsehileng ho Leng Molemo?
Haeba ho sa laoloe ka hloko, ho ikakhela ka setotsoana ho batleng boitsebiso ho ka bolela tahlehelo e khōlō ea nako, boroko, bophelo bo botle ba ’mele, esita le chelete. Le hoja ho ba le boitsebiso bo eketsehileng ho bula menyetla e mengata, ho ka etsa hore motho ea bo batlang a tšoenyehe, a ipotse hore na o hlahlobile kapa o fumane boitsebiso bohle bo fumanehang. Dr. Hugh MacKay o fana ka temoso ena: “Ha e le hantle, boitsebiso hase tsela e lebisang leseling. Boitsebiso ka bobona, ha bo khantše leseli la hore ho be le morero bophelong ba rōna. Boitsebiso bo amana hanyenyane le ho fumana bohlale. Ke ’nete hore joaloka matlotlo a mang, bo ka ’na ba tlatsetsa tabeng ea bohlale. Re ka ’na ra tseba ho hongata, feela joalokaha re ka ba le lintho tse ngata.”
Hangata, batho ha ba imeloe feela ke boitsebiso bo bongata bo fumanehang kajeno empa hape ba imeloa ke tsieleho ea ho leka ho etsa hore boitsebiso bona e be ntho e utloahalang, e nang le moelelo le e hlileng e rutang. Ho ’nile ha boleloa hore re ka ’na ra “tšoana le motho ea nyoriloeng ea ahloletsoeng hore a sebelise sekoahelo sa botlolo bakeng sa ho noa metsi a tsoang pompong ea setima-mollo. Ho fumaneha ha boitsebiso ka bongata bo boholo le tsela eo hangata bo fetang ka eona ho etsa hore e be bo se nang thuso ho rōna.” Kahoo, boitsebiso boo ho thoeng bo lekane bo lokela ho lekanyetsoa, eseng ka bongata, empa ka boleng le ho sebetsa ha bona ho rōna.
Ho Thoe’ng ka ho Fetisa Boitsebiso?
Polelo e ’ngoe e atisang ho utloahala kajeno ke “ho fetisa boitsebiso.” Sena se amana le ho tsamaisa boitsebiso ka mechine ea elektronike. Le hoja, sena se e-na le melemo ea sona, hase tsela e molemo ea puisano ka kutloisiso e feletseng. Hobane’ng? Hobane re arabela hamolemo ho batho, eseng ho mechine. Ha ho tsamaisoa boitsebiso ka mechine, lipontšo tsa sefahleho ha li bonoe ’me lifahleho ha li bonane le puisano ea ’mele ha e be teng, e leng lintho tseo hangata li bōpang moqoqo le maikutlo puisanong. Ha batho ba qoqa ba talimane, hangata litšobotsi tsena li tlatsa mantsoe a sebelisoang ebile lia a hlakisa. Ha ho le e ’ngoe ea lithuso tsena tsa bohlokoa tse fanang ka kutloisiso e fumanehang tsamaisong ea boitsebiso ea elektronike, esita le ka lithelefono tse ntseng li ata tsa cellular. Ka linako tse ling, esita leha batho ba qoqa ba talimane hoo ha ho fetise ka ho feletseng seo sebui se se hopotseng. Momameli a ka ’na a utloa le ho utloisisa mantsoe ka tsela ea hae ’me a a nka ka moelelo o fosahetseng. Joale kotsi ea hore sena se etsahale e ba e kaakang ha sebui se sa bonoe!
’Nete e soabisang bophelong ke hore nako e ngata ho feta tekano eo ba bang ba e qetang ba le ka pel’a lik’homputha le lithelevishene ka linako tse ling e etsa hore litho tsa lelapa li se tsebane le hoja li ntse li le ka lapeng le le leng.
Na U Kile Ua Utloela ka Tšabo ea Theknoloji?
“Tšabo ea theknoloji” (technophobia ka Senyesemane) e mpa e bolela “ho tšosoa ke theknoloji,” ho akarelletsa tšebeliso ea lik’homputha le mechine e meng e joalo ea elektronike. Ba bang ba lumela hore lena ke le leng la mabaka a atileng haholo a bakang ho tšoenyeha ho hlahisoang ke mehla ena ea boitsebiso. Sehlooho se seng se hlahang ho The Canberra Times, tokollong ea Associated Press, se re: “Baokameli ba Japane ba Tšaba Lik’homputha.” Ho thoe ka mookameli e mong ea ka sehloohong k’hamphaning e ’ngoe e khōlō ea Japane: “[O] na le matla le botumo. Empa ak’u mo behe ka pel’a k’homputha, u bone ha a tsieleha.” Ho ea ka patlisiso e ’ngoe, ho lik’hamphani tsa Japane tse 880, ke tse etsang karolo ea 20 lekholong feela tseo baokameli ba tsona ba khonang ho sebelisa lik’homputha.
Ho tšaba theknoloji ho bakiloe ke likoluoa tse khōlō tse kang tsa ho koaloa ha lithelefono ka 1991 New York City ho ileng ha sitisa libaka tsa moo tsa boema-fofane ho sebetsa ka lihora tse ’maloa. ’Me ho thoe’ng ka tlokotsi e ileng ea hlahela Setša se Fehlang Motlakase sa Three Mile Island Nuclear, United States, ka 1979? Ho ile ha nka batsamaisi ba setša seo lihora tse ’maloa tse mahlonoko hore ba utloisise seo temoso ea lialamo tse laoloang ke k’homputha e se bolelang.
Ena ke mehlala e seng mekae feela ho bontša kamoo theknoloji ea mehla ena ea boitsebiso e ammeng moloko oa batho ka ho teba kateng. Bukeng ea hae, Dr. Frederick B. Cohen o botsa lipotso tsena tse susumetsang monahano ka ho teba: “Na u kile ua ea bankeng morao tjee? Haeba lik’homputha li ne li sa sebetse, na u ne u ka fumana chelete ho tsona? Ho joang ka lisuphamakete? Na u ka khona ho lefa ka ntle ho mechine e lefisang ea lik’homputha eo li e sebelisang?”
Mohlomong u tloaelane le boemo bo bong kapa maemo a mang ho ana a boiqapelo:
• Ho bonahala mochine oa hao o mocha o rekotang oa video (VCR [videotape recorder]) o e-na le likonopo tse ngata haholo ho oona nakong eo u batlang ho khetha lenaneo le itseng leo u batlang ho le rekota. U ka khetha linthong tse peli, ho bonahala u le sethoto ka ho bitsa mochana oa hao ea lilemo li robong hore a u thuse ka VCR kapa u etsa qeto ea ho se shebelle lenaneo leo etsoe ha ho letho le u tlamang ho le shebella.
• U hloka chelete ka potlako. U khanna koloi ho ea mochineng o haufi oa banka empa ka potlako ua hopola hore lekhetlong la ho qetela ha u ne u o sebelisa, u ile ua ferekana ’me ua tobetsa likonopo tse fosahetseng.
• Thelefono ea lla ofising. Thelefono eo e fetiselitsoe ho uena ka phoso. Ke thelefono ea mookameli oa hao ea mokatong o ka holimo ho oa hao. Ho na le tsela e bonolo ea ho fetisa thelefono eo, empa ha u e tsebe hantle, kahoo u etsa qeto ea hore motsamaisi oa switchboard e be eena ea fetisang thelefono eo.
• Dashboard ea koloi eo u sa tsoa e reka e shebahala joaloka ea sefofane sa jet sa morao-rao. Ka tšohanyetso, lebone le lefubelu lea khantša, ’me u tšoenngoa ke hore ha u tsebe hore na ho khantša hoo ha lona ho supa eng. Joale u tlameha ho hlahloba buka ea litaelo e nang le boitsebiso bo bongata.
Ena e mpa e le mehlala e seng mekae ea tšabo ea theknoloji. Re ka kholiseha hore theknoloji e tla ’ne e tsoele pele ho hlahisa thepa e rarahaneng ho feta, eo ntle ho pelaelo batho ba meloko e fetileng ba neng ba tla re ke “ea mohlolo.” Sehlahisoa se seng le se seng se secha se ntlafalitsoeng se kenang ’marakeng se hloka tsebo e eketsehileng haeba se tla sebelisoa ka katleho. Libuka tsa litaelo, tse ngotsoeng ke litsebi ka puo ea tsona e rarahaneng,a lia tšosa ka botsona haeba li ngoloa ho nahannoe hore ’mali o utloisisa mantsoe ao ’me o na le tsebo le bokhoni bo itseng.
Setsebi sa boitsebiso Paul Kaufman, o akaretsa boemo ka tsela ena: “Sechaba sa rōna se na le khopolo e itseng ka boitsebiso, eo le hoja e se hohela, qetellong e se sitisang pakaneng eo se e habileng. . . . Lebaka le leng la sena ke hore tlhokomelo e ngata e ’nile ea lebisoa lik’homputheng le moetsong oa tsona ’me e fokolang ea lebisoa bathong bao e hlileng e leng bona ba sebelisang boitsebiso boo molemong oa ho utloisisa lefatše le ho etsetsana lintho tse molemo. . . . Bothata hase hore re nahana haholo ka lik’homputha empa ke hore re batla re sa nahane hakaalo ka batho.” Ho bonahala eka ho ameha haholo ka ho fumana thoriso ka ho hlahisa theknoloji e ncha e makalitseng hangata ho siea batho ba tšoenyehile ka hore na ke eng e tla latela. Edward Mendelson o re: “Balori ba theknoloji ha ho mohla ba tla hlokomela phapang e teng pakeng tsa lintho tse ka sebelisoang ka katleho le lintho tse lakatsehang feela. Haeba mochine o ka etsoa hore o khone ho etsa mosebetsi o mong o maranrang, joale motho ea nang le khopolo eo e seng ea sebele o nka hore mosebetsi oo o lokela ho etsoa.”
Ke ho hlokomolohuoa hona ha litlhoko tsa batho theknolojing ho tlatselitseng ho tšoenyeheng ka boitsebiso.
Na Tlhahiso ea Mosebetsi e Hlile e Ntlafetse?
Mongoli oa koranta Paul Attewell, ha a ngola ho The Australian, o hlalosa ka phuputso eo a e entseng mabapi le kamoo lik’homputha li ’nileng tsa baballa nako le chelete kateng lilemong tsa morao tjena. Tsena ke tse seng kae feela tsa lintlha tseo a li hlalositseng hantle: “Ho sa tsotellehe lilemo tse nkiloeng ho etsoa matsete tšebelisong ea k’homputha e reretsoeng ho phetha mesebetsi ea tsamaiso le ho fokotsa litšenyehelo, liunivesithi le likoleche tse ’maloa li fumana hore basebetsi ba tsona ba tsamaiso ba tsoela pele ho eketseha. . . . Ka lilemo tse mashome a ’maloa, baetsi ba lik’homputha ba ’nile ba bolela hore theknoloji eo ba e rekisang e ne e tla tlisa khatelo-pele e khōlō tlhahisong ea mosebetsi, e nolofatse hore mosebetsi oa tsamaiso o etsoe ke basebetsi ba fokolang haholo le hona ka litšenyehelo tse tlaase. Ho e-na le hoo, joalokaha re hlokomela, theknoloji ea boitsebiso e lebisitse boiteko hosele: lintho tse ngata tse ncha li etsoa ke basebetsi ba lekanang kapa ba eketsehileng ho fapana le mosebetsi oo pele o neng o etsoa ke basebetsi ba seng bakae. Hangata, ha ho chelete e baballoang. Mohlala o mong oa boiteko bo lebisitsoeng hosele ke oa batho ba sebelisang theknoloji ho ntlafatsa ponahalo ea litokomane ho fapana le ho ngola mosebetsi ka potlako.”
Hona joale ho bonahala eka tsamaiso ea boitsebiso bo fapanyetsanoang ka lik’homputha, e ka ’nang ea hlahisetsa Bakreste kotsi, e nkiloe e le karolo ea bophelo. Empa ke joang re ka qobang ho tšoenyeha ka boitsebiso—bonyane ho isa bohōleng bo itseng? Re fana ka litlhahiso tse seng kae tse sebetsang sehloohong se latelang se sekhutšoanyane.
[Lebokose le leqepheng la 16]
Boitsebiso bo Bongata Haholo bo se Nang Thuso
“Joalokaha bohle re tseba ka phihlelo, batho ba ntse ba thotofala ka mokhoa o makatsang. Re bona tšusumetso e ncha mananeong a se nang thuso a TV, a seea-le-moea a hlohlelletsang lehloeo, a liboholi tsa mananeo a nyarosang, liqoso tsa bolotsana, batho ba ipatlang, a puo e mabifi le e somang ka ho feteletseng. Lifilimi li eketsa ho totobatsa liketso tsa botona le botšehali le pefo. Phatlalatso e ntse e e-ba lerata haholoanyane, e e-ba e hlaselang ka ho eketsehileng, ’me hangata ho sala hanyenyane feela e e-ba e sa latsoeheng . . . Boitšoaro bo litšila boa eketseha, ’me bo hlomphehang boa fokotseha. . . . Seo ba bang ba se bitsitseng ‘tlokotsi litekanyetsong [tsa rōna] tsa lelapa’ se amana haholo le phetoho ea tšohanyetso boitsebisong ho fapana le ho se hlomphe ha indasteri ea libaesekopo ea Hollywood moetlo oa lelapa.”—Data Smog—Surviving the Information Glut, ea David Shenk.
[Lebokose le leqepheng la 17]
Bohlale Tsela ea Khale
“Mora oa ka, etlere ha u amohela litaba tsa ka, ’me u ipolokela melao ea me ka ho uena, u e sekehela tsebe, ’me u lebisa pelo ea hao kutloisisong, ke re, ha u ka bitsa masene, ua hooeletsa kutloisiso, ua e batla joalo ka silefera, ua e rafa joalo ka matlotlo a patiloeng mobung; ke moo u tla tseba ho tšaba Jehova, u fihlele tsebo ea Molimo; hobane Jehova ke eena ea fanang ka bohlale; tsebo le kutloisiso li tsoa molomong oa hae. Hobane bohlale bo tla kena pelong ea hao, tsebo e khahlise moea oa hao; masene a u lebele, kutloisiso e u boloke.”—Liproverbia 2:1-6, 10, 11.
[Mongolo o botlaaseng ba leqephe]
a Mehlala ea puo e rarahaneng ea k’homputha: log on, e bolela “ho bula mochine”; boot up, “ho qala kapa ho lokela tšebetso”; portrait position, “ho otloloha”; landscape position, “boemong bo tšekaletseng.”
[Setšoantšo se leqepheng la 18, 19]
Boitsebiso bo bongata haholo bo ’nile ba bapisoa le ho leka ho tlatsa sekoahelo sa botlolo ka metsi a tsoang pompong ea setima-mollo