Watchtower ONLINE LIBRARY
Watchtower
ONLINE LIBRARY
Sesotho (Lesotho)
  • BIBELE
  • LINGOLOA
  • LIBOKA
  • g98 1/8 maq. 20-22
  • Kamoo U ka Sebetsanang ka Katleho Kateng le Mehla ea Boitsebiso

Ha ho na video mona.

Ka masoabi ho bile le bothata.

  • Kamoo U ka Sebetsanang ka Katleho Kateng le Mehla ea Boitsebiso
  • Tsoha!—1998
  • Lihloohoana
  • Lingoloa Tse Tšoanang
  • Baamoheli le Bafani ba Boitsebiso
  • Na re Hloka Lintho Tse Ngata Hakaale Tse se Nang Thuso?
  • Boitsebiso bo Bongata Haholo
    Tsoha!—1998
  • Ke’ng e Bakang ho Tšoenyeha ka Boitsebiso?
    Tsoha!—1998
  • Ho Sebelisa Internet—Falimehela Likotsi!
    Tšebeletso ea Rōna ea ’Muso—1999
  • Sebelisa Inthanete ka Bohlale
    Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—2011
Bala Tse Ling
Tsoha!—1998
g98 1/8 maq. 20-22

Kamoo U ka Sebetsanang ka Katleho Kateng le Mehla ea Boitsebiso

RE TLAMEHA ho tobana le ’nete ea hore ho na le litšobotsi tse ngata mehleng ena ea boitsebiso lilemong tsena tsa bo-1990 tse tla ’ne li tsoele pele ho re tšoenya. Mabapi le tse ling tsa tsona, re ka etsa ho fokolang kapa ha ho letho leo re ka le etsang. Ka lehlakoreng le leng, ho na le mehato eo re ka e nkang ho tlosa boholo ba lintho tse re tšoenyang, haeba e se ho li tlosa kaofela. Kahoo, re ka ’na ra re ho pholoha mehleng ena ea boitsebiso ke phephetso leha ho le joalo ke mosebetsi o putsang.

Baamoheli le Bafani ba Boitsebiso

Ebang re inka ka tsela ena kapa che, kaofela ha rōna re baamoheli le bafani ba boitsebiso ho isa bohōleng bo itseng nakong eohle ea bophelo ba rōna. Leha ho le joalo, boko ba rōna bo amohela boitsebiso le ho bo sebelisa ka litsela tse sa tšoaneng. Tsela e ’ngoe e akarelletsa bokhoni bo tsotehang ba boko ba ho sebelisa boitsebiso bo sa ikutloe.

Tsela e ’ngoe e akarelletsa ho sebelisoa ha boitsebiso ka ho nahana ka bona joaloka nakong ea moqoqo. Re na le taolo e ngata haholo holim’a mofuta ona oa tšebeliso ea boitsebiso—re le bafani hammoho le baamoheli ba bona. Ha Bibele e tla tabeng ea meqoqo e se nang thuso, e lemosa ka bao ‘e seng feela ba sa tšoarehang ka letho, empa hape e le basebi le ba kena-kenanang le litaba tsa batho ba bang, ba bua ka lintho tseo ba sa tšoanelang ho bua ka tsona.’ (1 Timothea 5:13) Ka mantsoe a mang, e-ba hlokolosi hore u se qete nako e ngata haholo u bua ka boitsebiso bo se nang thuso kapa esita le bo kotsi. Se ke ua ba motho ea phelelang ho tseba litaba tsa morao-rao tsa lesebo. Nako ea bohlokoa le matla li ka senngoa, ’me sena se ka etsa hore rōna le ba bang re tšoenyehe. U ka ’na ua lahleheloa ke menyetla ea ho amohela le ho aba boitsebiso bo hahang le boo e leng ba bohlokoa ka ho fetisisa bakeng sa ho pholoha lefatšeng lena le likhathatso.

Boitsebiso bo bokelloang ka ho bala bo sebelisoa ka ho nahana ka bona ’me kahoo bo nka nako e telele ka ho fetisisa. Tletlebo e tloaelehileng ea motho ea imetsoeng ke matšoenyeho ke hore, “Ke sitoa ho bala sohle seo ke lokelang ho se bala!” Na u ikutloa hore u na le ho hongata haholo hoo u lokelang ho ho bala ’me u na le nako e fokolang bakeng sa hona? Ka lebaka la hore ho bala ho ja nako, bokhoni le monyaka oa hona hangata lia nyamela mehleng ena ea boitsebiso bo fumanehang ka nako le motsotso. Ba bangata haholo ba lumella TV ho ba qetela nako. Leha ho le joalo, boitsebiso bo ngotsoeng e ntse e le mokhoa o matla ka ho fetisisa oa ho susumetsa matla a ho nahana le oa ho fetisa boitsebiso, likhopolo le maikutlo.

Ke joang re ka sebetsanang ka katleho le ho bala boitsebiso bo bongata hakaale bo hlokang hore re bo ele hloko ’me bo hlōlisana le TV, lipapali tsa k’homputha le mesebetsi e meng ea boikhathollo? Karabo ke ho khetha. Ho khetha, ho hloaea kapa ho khetholla se tlang pele, linthong tseo re batlang ho li utloa, ho li bona, ho li bua, kapa ho li bala ho ka ’na ha tlosa ho tšoenyeha ho hongata ho hlahisoang ke boitsebiso. Ho khetha ka tsela e atlehang ho ka etsoa ka mekhahlelo e ’meli.

Na re Hloka Lintho Tse Ngata Hakaale Tse se Nang Thuso?

Hangata kutloisiso ea rōna ea lintho tseo re li hlokang e sothoa ke seo ba bang ba nahanang hore rea se hloka kapa seo litsebi tsa mecha ea phatlalatso li re khannelang hore re lumele hore rea se hloka. E le ho rarolla mafenekha ana a boitsebiso, sebelisa molao ona oa motheo: Lula ka bo itekanetseng! Richard S. Wurman o e beha ka tsela ena: “Lekunutu la ho sebelisa boitsebiso ke ho lekanyetsa boitsebiso boo u bo amohelang ho bo amang bophelo ba hao feela . . . Ke lumela hore hase ’nete hore ha u e-na le ho hongata hoo u khethang ho hona, u khona ho nka mehato e loketseng haholoanyane le hore u ba le bolokolohi bo eketsehileng. Ho e-na le hoo, ho bonahala eka ho ba le ho hongata hoo u khethang ho hona ho baka ho tšoenyeha ho eketsehileng.”

Kahoo, ha ho tluoa tabeng ea ho bala kapa ea ho shebella TV, ke hantle hore u hlahlobe seo u se tloaetseng. Ipotse: ‘Na see sea hlokahala mosebetsing leha e le bophelong ba ka? Na ho hlile hoa hlokahala hore ke tsebe litaba tsohle tse se nang thuso le tsa lesebo mabapi le bao ho thoeng ke likhalala lefatšeng? Bophelo ba ka bo ne bo tla ba joang haeba ke ne ke sa shebella lenaneo leo la TV, ke sa bala buka kapa makasine eo, kapa ke sa qete nako e ngata tjee ke bala koranta?’ Ba bang ba ’nile ba khona ho lekanyetsa seo ba se balang le seo ba se shebellang ho TV ’me ba tlosa boitsebiso bo bongata bo ba ferekanyang likelellong le bo tlatsang matlo a bona. Ka mohlala, ba entse qeto ea ho etsa peeletso ea koranta e le ’ngoe feela ea litaba e tsoang letsatsi le letsatsi. Etsoe likoranta tse ngata li na le litaba tsa sehlooho tse tšoanang. Batho ba bang ba kōpile ka ho khetheha hore ba se kenyetsoe likoranta tsa phatlalatso tseo ba sa li kōpang ka mabokoseng a bona a poso.

Ho phela bophelo bo itekanetseng le bo se nang mafenekha ho ile ha khothalletsoa ke motho e moholo ka ho fetisisa ea kileng a phela, Jesu Kreste. (Matheu 6:25-34) Meetlo e mengata ea Asia e buella le ho sebelisa bophelo bo itekanetseng ’me ebile meetlo e mengata ea Bophirimela e bo talima e le tsela e phahameng ka ho fetisisa ea bophelo. Mongoli Duane Elgin o ile a re: “Ho phela bophelo bo itekanetseng ke ho phela bophelo bo nang le morero le bo se nang litšitiso tse sa hlokahaleng.”

Joale, ha u se u hlophisitse boitsebiso boo u bo nkang ho latela litlhoko tsa hao, etsa ka tsela e tšoanang le ka lithahasello tsa hao, kaha seo u se thahasellang ke sona se u susumelletsang ho ithuta. Leha ho le joalo, bothata mona ke ho khetholla se hlileng se u thahasellisang le seo u ka ’nang ua nahana hore se lokela ho u thahasellisa e le hore u khahlise ba bang—mohlomong batho bao u sebetsang le bona. Empa haeba u ka hlophisa ho bala le ho shebella TV kapa k’homputha feela joalokaha u ne u tla hlophisa mosebetsi leha e le ofe o mong, u tla fumana hore ho sebeletsa seo u hlileng u se thahasellang ho etsa hore bophelo ba hao e be bo thabisang, bo se nang matšoenyeho a sa hlokahaleng.

Kahoo, u ka sebetsana ka katleho joang le ho tšoenyeha ka boitsebiso? U ka ’na ua se ke ua khona ho ho tlosa ka ho feletseng, empa ho latela litekanyetso tse seng kae tse itekanetseng tseo re li bontšitseng ho ka thusa haholo. Lula ka boitsebiso bo itekanetseng, ’me u bo hlophise ho ea ka litlhoko le lithahasello tsa hao. Nako ea tla eo ka eona maranrang ’ohle a bophelo, ho akarelletsa le ho tšoenyeha ka boitsebiso, e tla beng e le lintho tsa nako e fetileng, empa leha ho le joalo, boloka makhabane a theknoloji ea kajeno sebakeng sa ’ona. A nke e le thuso bakeng sa ho finyella se itseng. U se ke ua ba lekhoba la ’ona kapa ua emisoa le monna oa mateneng ke ’ona. Kahoo, boitsebiso bo molemo e tla ba bo hahang, bo khothatsang le bo ruisang molemo, bo sa u bakeleng ho tšoenyeha.

[Lebokose le leqepheng la 21]

Leka Phapanyetsano

“Emisa tšebeletso ea hao ea k’hebole ea TV, . . . ’me ka khoeli u sebelise [chelete] e lekanang le eo bakeng sa buka e le ’ngoe kapa tse eketsehileng tse molemo. Libuka li fapane le thelevishene: Li tsamaea butle, lia hapa, lia hlasimolla, li susumelletsa ho sebelisa kelello, ’me li khothalletsa boqapi.” “U ka boetse ua nahana ka ho ipehela moeli oa ho se fete lihora tse itseng ka beke ho Internet, kapa bonyane u leka-lekanye nako eo u e qetang k’homputheng ka ho qeta nako e lekanang le eona u bala libuka.”—Data Smog—Surviving the Information Glut.

[Lebokose le leqepheng la 22]

E-ba Monghali, Eseng Lekhoba

“Tima thelevishene. Ha ho tsela e potlakang bakeng sa ho boela u khona ho laola tsela eo u phelang ka eona, khotso ea lelapa la hao le lintho tseo u li nahanang ho feta ho tima sesebelisoa se susumetsang bophelo le boikutlo ba ba bangata haholo ba rōna. Batho ba limilione ba Amerika ba ’nile ba sibolla khutso le tlhasimoloho tse tlisoang ke ho toboketsa konopo ea OFF, re se re sa bolele lihora-hora tsa nako ea bolokolohi tse fumanoang bocha tseo ka tsona ba qalang ho etsa lintho tseo ho neng ho se mohla ba kileng ba fumana nako ea ho li etsa nakong e fetileng.”—Data Smog—Surviving the Information Glut.

[Lebokose le leqepheng la 22]

Hlokomela Internet

Batho ba boitšoaro bo litšila ba sebelisa Internet bakeng sa ho ntšetsa pele boitšoaro ba bona bo litšila le ho leka ho fumana balekane ba baithaopi kapa liphofu tse se nang molato. Ba bang ba sebelisa Internet ho buella litaba tsa bona tsa botho. Bakoenehi le bona ba qapa Mecha ea phatlalatso bakeng sa ho tšoasa ba seng hlokolosi.

Internet e lokela ho sebelisoa ka hlokolosi haholo, ’me ka sebele batsoali ba lokela ho lula ba behile leihlo ngoaneng leha e le ofe oa bona eo e ka ’nang eaba oa e sebelisa. Ke ’nete hore ho na le mehloli e mengata e molemo e ka fumanoang, joaloka ea laebrari bakeng sa phuputso, mabenkele a libuka le mecha ea litaba. Ka mohlala, morao tjena Mokhatlo oa Watchtower o boletse Mocha oa oona oa boitsebiso e le (http://www.watchtower.org), o sebeletsang ho fana ka boitsebiso ba ’nete ka Lipaki tsa Jehova. Ho ntse ho le joalo, motho o lokela ho hlokomela hore ho na le tšusumetso e kotsi moo, ho akarelletsa ea boitsebiso ba bootsoa le bokoenehi.

Mokreste o lokela ho ela hloko temoso ea Pauluse: “Ka hona, sena kea se bua le ho se paka Moreneng, hore le se hlole le tsamaea feela joalokaha lichaba le tsona li tsamaea ho se ruiseng molemo ha likelello tsa tsona . . . E le tse feletsoeng ke kutlo eohle ea boitšoaro, li ineheletse boitšoaro bo hlephileng ho sebetsa ho se hloeke ha mofuta o mong le o mong ka meharo. Empa ha lea ithuta Kreste a le joalo.” (Baefese 4:17-20) Hape, “Bohlola le ho se hloeke tsa mofuta o mong le o mong kapa meharo le ho boleloa a li se ke tsa boleloa har’a lōna, feela joalokaha ho tšoanela batho ba halalelang; leha e le boitšoaro bo hlabisang lihlong kapa puo ea booatla kapa mesoaso e nyonyehang, lintho tse sa tšoanelang, empa ho e-na le hoo e be ho leboha.” (Baefese 5:3, 4) Re lokela ho hlokomela hore Mecha e mengata ea phatlalatso e qapiloe ke batho ka sepheo sa boitšoaro bo litšila kapa ba sa tšepahaleng. ’Me mecha e meng e mengata eo e seng ea boitšoaro bo litšila kapa ea ho se tšepahale, e kang ea lihlopha tsa meqoqo feela, ke e senyang nako feela. Ho tsohle tse joalo, suthela hōle!

    Lingoliloeng Tsa Sesotho Lesotho (1985-2026)
    Tsoa
    Kena
    • Sesotho (Lesotho)
    • Romela
    • Ikhethele
    • Copyright © 2025 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
    • Kamoo e Lokelang ho Sebelisoa
    • Tumellano ea ho Boloka Lekunutu
    • Privacy Settings
    • JW.ORG
    • Kena
    Romela