PHELA JOALOKA MOKRESTE
Ho Ntlafatsa Bokhoni ba Rona Boboleling ka ho Paka re Sebelisa K’hamera Kapa Intercom
KE HOBANE’NG HA HO LE BOHLOKOA?: Ka lebaka la tlolo ea molao e ntseng e eketseha le ho ntlafala ha theknoloji, batho ba bangata ba se ba khona ho buisana le batho ba bang ba ntse ba le ka tlung ba sebelisa lik’hamera kapa li-intercom. Ka linako tse ling re ka ’na ra tšaba ho bua le motho ka Bibele re sa mo bone empa eena a ntse a re bona. Ho hopola lintlha tse latelang ho tla re thusa ho qoqa le batho ka Bibele re sebelisa lik’hamera kapa intercom.
KAMOO U KA HO ETSANG KATENG:
Eba le maikutlo a matle. Batho ba bangata bao matlong a bona ho nang le intercom kapa k’hamera ba thabela ho qoqa le rona ka molaetsa oa Bibele.
Re lokela ho hopola hore lik’hamera tse ling li qalella ho nka video hang ha u ema pel’a keiti kapa pel’a monyako. Kahoo re lokela ho ba hlokolosi kaha e ka ’na eaba mong’a ntlo o ntse a re shebile kapa o ntse a utloa hore na re re’ng.
Haeba ho ba le motho ea arabang, re lokela ho bua le eena joalokaha eka re shebane mahlong. U lokela ho bososela le ho tsamaisa litho tsa ’mele ka tsela eo u neng u tla etsa ka eona ha mong’a ntlo a ne a eme pel’a hao. Bua ntho eo u neng u rerile hore u tla e bua ha mong’a ntlo a ne a ka hlaha monyako. Haeba ho na le k’hamera u se ke oa atametsa sefahleho sa hao haholo pel’a eona. Ha ho se motho ea arabang, u se ke oa siea molaetsa.
U lokela ho hopola hore le haeba le qetile ho bua le mong’a ntlo, e ka ’na eaba o ntse a le shebile kapa a mametse hore na le ntse le re’ng.