Watchtower ONLINE LIBRARY
Watchtower
ONLINE LIBRARY
Sesotho (Lesotho)
  • BIBELE
  • LINGOLOA
  • LIBOKA
  • g 6/06 maq. 20-23
  • Kamoo ho Nka Lifoto ho Qalileng

Ha ho na video mona.

Ka masoabi ho bile le bothata.

  • Kamoo ho Nka Lifoto ho Qalileng
  • Tsoha!—2006
  • Lihloohoana
  • Lingoloa Tse Tšoanang
  • Motho oa Pele oa ho Nka Lifoto Lefatšeng
  • Ho Tsebahatsoa Lefatšeng
  • Daguerre le Talbot
  • Liphetoho Tse Khōlō Tse Bakiloeng ke ho Nka Lifoto
  • Li se li ka Nkoa ke Bohle
  • Ho Ikhopotsa Liketsahalo—ka ho Toboketsa Konopo Feela!
    Tsoha!—1991
  • Ho Ntlafatsa Bokhoni ba Rona Boboleling ka ho Paka re Sebelisa K’hamera Kapa Intercom
    Bophelo le Tšebeletso ea Rōna—Kemiso ea Liboka—2020
  • Leihlo—“Setho se Honoheloang ke Baetsi ba Mochine oa Computer”
    Tsoha!—1988
  • Ke Eng eo U ka Ratang ho e Botsa Molimo?
    Molula-Qhooa o Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—2003
Bala Tse Ling
Tsoha!—2006
g 6/06 maq. 20-23

Kamoo ho Nka Lifoto ho Qalileng

KA MONGOLI OA TSOHA! SWEDEN

Ho thoe baeti ba setsebi se seng sa fisiks sa motaliana se bitsoang giambattista della porta (1535?-1615) ba ile ba haroha letsoalo. ka pel’a bona leboteng, ho ile ha hlaha litšoantšo tse nyenyane tsa batho ba thulametseng ba neng ba ntse ba tsama-tsamaea. ba fehile mahlo, bashebelli bao ba ile ba pepetlolotseha ho tsoela ka ntle ho kamore eo ba neng ba le ho eona. della porta o ile a qosoa ka boloi!

A TLA a etsahalloa ke taba motho oa batho a ne a re o leka ho thabisa baeti ka ho ba bontša tsela eo k’hamera e hlahisang litšoantšo ka eona ka kamoreng e lefifi. Mokhoa oo k’hamera e sebetsang ka oona o bonolo empa e ka etsa mosebetsi o tsoileng matsoho. E sebetsa joang?

Ha khanya e kena ka lebokoseng kapa ka kamoreng e lefifi ka lesoba le lenyenyane, e hlahisa setšoantšo se nkiloeng ka ntle se thulametse leboteng le leng. Seo baeti ba Della Porta ba neng ba se bone e ne e le feela batšoantšisi ba neng ba ntse ba tšoantšisa ka ntle. Kamore eo e lefifi e bile eona e betlileng tsela hore ho be le lik’hamera tsa sejoale-joale. Kajeno e ka ’na eaba u e mong oa batho ba limilione ba nang le k’hamera kapa bonyane ba kileng ba sebelisa k’hamera e tloaelehileng, e sa bitseng chelete e ngata eo ha motho a qeta ho e sebelisa a e lahlang.

Esita le mehleng eo ea Della Porta, hase hore kamore eo e lefifi e ne e le ha e qala ho tsejoa. Aristotle (384-322 B.C.E.) o ile a hlokomela tsela eo hamorao e neng e tla sebelisoa lik’hamereng. Setsebi sa Moarabia sa lilemong tsa bo-900, Alhazen, se ile sa hlalosa tšebetso eo ka ho hlaka, ’me motaki oa litšoantšo oa lilemong tsa bo-1400, Leonardo da Vinci, o ile a ngola ka eona libukeng tsa hae. Ho qaptjoa ha lense lilemong tsa bo-1500 ho ile ha ntlafatsa tšebetso ea k’hamera, ’me bo-ralitšoantšo ba bangata ba ile ba e sebelisa hore litšoantšo tsa bona li shebahale ka tsela nepahetseng mahlakoreng ’ohle ebang li hōle kapa li haufi. Ho sa tsotellehe boiteko bo bongata bo ileng ba etsoa, ho ’nile ha e-ba thata ho etsa litšoantšo tse tšoarellang ho fihlela lilemong tsa bo-1800.

Motho oa Pele oa ho Nka Lifoto Lefatšeng

Ho ka etsahala hore ebe Joseph-Nicéphore Niepce, setsebi sa fisiks sa Mofora, o ile a qala ho batla mokhoa oa ho nka lifoto tse tšoarellang khale koo ka bo-1816. Empa katleho ea hae e bile ha a ne a etsa liteko tsa ho hatisa ka poleiti e lumelang ho nka enke libakeng tse loketseng ’me a sibolla hore a ka sebelisa ntho e tšabang khanya e neng e bitsoa sekontiri sa Judaea. Lilemong tsa bo-1825, o ile a kenya poleiti ea lekapa le nang le loto ’me e tlotsitsoe ka sekontiri ka har’a lebokose le lefifi la k’hamera, a e shebisa fensetereng ea jarete ea hae ’me a e qetisa lihora tse robeli e le letsatsing. Esita le bo-maithutoana ba nkang lifoto kajeno ba ke ke ba e-ba motlotlo ka foto e ileng ea tsoa e sa hlaka ea mohaho, sefate le moliko, empa Niepce eena o ne a e-na le lebaka la ho ikotla sefuba ka eona. Ho ka etsahala hore foto eo ea hae e ne e le ea pele e tšoarellang ho tse kileng tsa nkuoa!

E le hore a ntlafatse mokhoa oa hae haholoanyane, ka 1829, Niepce o ile a kopanela khoebo le rakhoebo ea matla ea neng a bitsoa Louis Daguerre. Lilemong tsa ka mor’a hore Niepce a hlokahale ka 1833, Daguerre o ile a etsa khatelo-pele ea bohlokoa. O ile a sebelisa k’hemik’hale e bitsoang silver iodide ho tlotsa poleiti ea koporo. K’hemik’hale ena e ile ea bonahala e tšaba khanya ho feta sekontiri. Ka lehlohonolo la motea-phala, o ile a fumana hore ha a sebelisa mouoane oa sekete poleiting eo ka mor’a hore e be khanyeng, foto e nkiloeng e ne e hlaka le ho feta. Sena se ile sa fokotsa nako eo poleiti e behoang khanyeng ka eona. Hamorao ha Daguerre a sibolla hore ho hlatsoa poleiti ka mokelikeli o nang le letsoai ho ne ho etsa hore foto e se ke ea fifala ka mor’a nako, ho nka lifoto ho ne ho le mothating oa ho nkeloa holimo lefatšeng.

Ho Tsebahatsoa Lefatšeng

Ha boqapi ba Daguerre, bo bitsoang daguerreotype, bo ne bo tsebahatsoa ho sechaba ka 1839, tsela eo batho ba arabetseng ka eona e bile e hlollang. Setsebi Helmut Gernsheim se ngotse bukeng ea sona e reng The History of Photography: “Mohlomong ha ho boqapi bo bong bo kileng ba tsukutla batho mehopolong ka matla a maholo hakana le ho amoheleha lefatšeng ka potlako e tšabehang joaloka ba daguerreotype.” Motho e mong ea neng a le teng ha sechaba se tsebisoa ka boqapi boo o ile a ngola: “Hora hamorao, mabenkele ’ohle a rekisang likhalase tsa mahlo a ne a pepeteha bareki, empa a ne a sitoa ho khotsofatsa litlhoko tsa bongata ba batho ba neng ba batla ho ea sebelisa daguerreotype; matsatsi a ’maloa hamorao hohle libakeng tse bulehileng tsa Paris u ne u ka bona mabokose a matšo a maoto a mararo a hlonngoe ka pel’a likereke le matlo a borena. Litsebi tsohle tsa fisiks, tsa k’hemiste le banna bohle ba rutehileng ba motse-moholo ba ne ba bentša lipoleiti tsa silevera, esita le likhorane tse nang le mabenkele a lijo li ne li sitoa ho ithiba ’me li sebelisa chelete ea tsona boqaping bona bo bocha, li reka iodine le sekete.” Koranta ea Paris ka potlako e ile ea bitsa ho nkeha hoo ha nakoana daguerrétypomanie (ho hlanyetsa daguerretype).

Ho ikhetha hona ha lik’hamera tsa daguerreotype ho ile ha etsa hore setsebi se seng sa saense sa Lebrithani, John Herschel, se ngole: “E tla be e se ho feteletsa lintho ho bitsa lik’hamera tsena mehlolo.” Ba bang ba bile ba hlalosa boqapi bona e le matla a boselamose.

Empa hase batho bohle ba ileng ba amohela boqapi boo. Ka 1856 morena oa Naples o ile a thibela ho nka lifoto ka molao, mohlomong hobane ho ne ho nkoa hore ho tsamaisana le “meea e mebe.” Ha motaki oa Mofora, Paul Delaroche, a bona daguerreotype, o ile a re: “Ho tloha ka le holimo lena ho taka litšoantšo ho felile!” Boqapi boo bo ile ba etsa hore bataki ba litšoantšo ba tšoenyehe kaha ba ne ba nka hore bo tl’o felisa mokhoa oo ba iphelisang ka oona. Mohlalosi e mong o ile a hlalosa seo ba bang ba neng ba se tšaba ka ho re: “Kaha foto e ntša setšoantšo se le kamoo se leng kateng, e sa pate lipha, batho ba ka ’na ba qetella ba sa ananele botle hakaalo.” Ho phaella moo, lifoto li ne li boetse li nyatsuoa hobane ho ne ho hlokomeloa hore li ne li felisa tsela eo batho ba neng ba nka botle le bocha e le tsa bohlokoa ka eona.

Daguerre le Talbot

William Henry Fox Talbot, setsebi sa fisiks sa Lenyesemane, o ne a lumela hore ke eena ea qapileng ho nka lifoto ’me ka hona a makala ha a utloa ho phatlalatsoa boqapi ba Daguerre. Talbot eena o ne a kenya k’hamereng lipampiri tse tlotsitsoeng ka k’hemik’hale ea silver-chloride. O ne a tlotsa nekethifi ka boka hore e bonaletse, a ntan’o e beha holim’a pampiri e ’ngoe e tlotsitsoeng ka k’hemik’hale ea silver-chloride, ebe o li beha khanyeng ea letsatsi hore ho hlahe foto.

Le hoja qalong mokhoa ona oa Talbot o ne o sa tuma haholo ebile e le oa boleng bo tlaase, ho teng o ne o tšepisa. O ne o etsa hore ho be le likopi tse ngata tsa foto e le ’ngoe, ’me likopi tsa pampiri li ne li le theko e tlaase ebile li tšoareha habonolo ho feta tsa daguerreotype tse neng li pshatleha habonolo. Mokhoa oa kajeno oa ho nka lifoto o thehiloe mokhoeng oa Talbot, athe daguerreotype eona, le hoja e ne e ile ea tuma haholo qalong, e ile ea fella moeeng.

Leha ho le joalo, Niepce, Daguerre, le Talbot e ne e se bona feela ba neng ba loanela sekola sa hore ke bona Baqapi ba Mokhoa oa ho Nka Lifoto. Ka mor’a hore ho phatlalatsoe boqapi ba Daguerre ka 1839, bonyane ke banna ba ka bang 24—ho tloha leboea Norway ho ea boroa Brazil—ba ileng ba itlhahisa le ho ipolela hore ke bona ba qapileng mokhoa oa ho nka lifoto.

Liphetoho Tse Khōlō Tse Bakiloeng ke ho Nka Lifoto

Monna e mong ea neng a loanela hore ho etsoe liphetoho sechabeng, e leng Jacob August Riis, o ile a bona ho nka lifoto e le monyetla o motle haholo oa ho pepesa bofutsana le mahlomola a batho. Ka 1880, o ile a qala ho nka lifoto litakaneng tsa New York City ha shoalane e tšoere, a sebelisa phofshoana ea magnesium eo a neng a e chesa ka paneng e le hore e mo etsetse khanya—mokhoa oo ho seng pelaelo hore o ne o le kotsi. Ka makhetlo a mabeli o ile a chesa ntlo eo a neng a sebeletsa ho eona, ’me ka lekhetlo le leng liaparo tsa hae li ile tsa tšoara mollo. Ho boleloa hore lifoto tsa hae ke le leng la mabaka a ileng a etsa hore ha Mopresidente Theodore Roosevelt a lula setulong, a nke khato ’me a tlise liphetoho tse itseng sechabeng. Tšusumetso e matla ea lifoto tse bontšang botle ba naha tse neng li nkoa ke William Henry Jackson le eona e ile ea etsa hore Lekhotla la Ketsa-molao la United States ka 1872 le phatlalatse Yellowstone e le serapa sa pele sa boikhathollo lefatšeng.

Li se li ka Nkoa ke Bohle

Ho elella bofelong ba bo-1880, batho ba bangata ba neng ba ka rata ho nka lifoto ba ne ba ntse ba sitisoa ke ho tura le ho rarahana ha ho nka lifoto. Empa ka 1888 ha George Eastman a ne a qapa k’hamera e nyenyane, e sebelisoang habonolo ea Kodak, e nang le rolo ea lifilimi ka hare, o ile a betlela bohle tsela bakeng sa hore ba khone ho nka lifoto.

Ka mor’a ho nka lifoto, motho o ne a isa k’hamera ea hae fekthering. Teng filimi e ne e hlatsuoa ’me k’hamera e kenngoa filimi e ncha ebe e romeloa ho mong’a eona hammoho le lifoto tse hlatsoitsoeng—tsena tsohle li etsoa ka chelete e tlaase. Ruri lepetjo le reng “Penya konopo ebe tsohle u li siea matsohong a rōna” le ne le sa feteletse taba.

Ho nka lifoto ho ne ho se ho ka etsoa ke mang le mang, ’me lifoto tse libilione tse nkoang selemo le selemo kajeno li bontša hore ho nka lifoto ho sa ntse ho ratoa. Ho phaella mokhoeng ona o ratoang, kajeno ho na le lik’hamera tsa digital, tse hlahisang lifoto ka ho hlaka sekrineng sa tsona. Li sebelisa karete e nyenyane e ka bolokang lifoto tse makholo. Ho ka hlahisoa lifoto tsa boleng bo holimo ka ho sebelisa k’homphieutha ea lapeng hammoho le printhara. Ha ho pelaelo hore mokhoa oa ho nka lifoto o tsoa hōle.

[Setšoantšo se leqepheng la 20]

Foto ea daguerreotype e bontšang mahlakore ’ohle a Paris, hoo e ka bang ka 1845

[Setšoantšo se leqepheng la 20]

Kopi ea foto eo mohlomong e leng eona ea pele, hoo e ka bang ka 1826

[Setšoantšo se leqepheng la 20]

Setšoantšo se toroiloeng sa lebokose le lefifi la k’hamera, le neng le sebelisoa ke bo-ralifoto ba bangata

[Setšoantšo se leqepheng la 21]

Niepce

[Litšoantšo tse leqepheng la 23]

Foto ea 1844 ea daguerreotype ea Louis Daguerre, le k’hamera ea hae

[Litšoantšo tse leqepheng la 23]

Moo William Talbot a neng a nkela lifoto teng, hoo e ka bang ka 1845, le lik’hamera tsa hae

[Litšoantšo tse leqepheng la 23]

Foto ea 1890 ea George Eastman a tšoere k’hamera ea bobeli ea Kodak le k’hamera ea hae ea pele e nang le rolo ea filimi

[Setšoantšo se leqepheng la 23]

Foto ea sebaka se ileng sa fetoha Yellowstone, e nkiloeng ke W. H. Jackson, ka 1871

[Setšoantšo se leqepheng la 23]

K’hamera ea sejoale-joale ea “digital” e hlahisang lifoto sekrineng

[Litlhaloso Tsa Moo Litšoantšo li Nkiloeng Teng tse leqepheng la 20]

Panoramic of Paris: Photo by Bernard Hoffman/Time Life Pictures/Getty Images; Niepce’s photograph: Photo by Joseph Niepce/Getty Images; camera obscura: Culver Pictures

[Litlhaloso Tsa Moo Litšoantšo li Nkiloeng Teng tse leqepheng la 22]

Page 23: Talbot’s studio: Photo by William Henry Fox Talbot & Nicholaas Henneman/Getty Images; Talbot’s camera: Photo by Spencer Arnold/Getty Images; Kodak photo, Kodak camera, and Daguerre camera: Courtesy George Eastman House; Yellowstone: Library of Congress, Prints & Photographs Division, LC-USZ62-52 482

    Lingoliloeng Tsa Sesotho Lesotho (1985-2026)
    Tsoa
    Kena
    • Sesotho (Lesotho)
    • Romela
    • Ikhethele
    • Copyright © 2025 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
    • Kamoo e Lokelang ho Sebelisoa
    • Tumellano ea ho Boloka Lekunutu
    • Privacy Settings
    • JW.ORG
    • Kena
    Romela