PHELA JOALOKA MOKRESTE
Bacha, na Jehova ke Motsoalle oa Lona?
U batla motsoalle ea joang? E ka ’na eaba u rata motho ea tšepahalang, ea mosa le ea ratang ho fana. Jehova o na le makhabane ao kaofela. (Ex 34:6; Lik 14:17) Oa mamela ha u mo rapela. Oa u thusa nako eohle ha u hloka thuso. (Pes 18:19, 35) Jehova o tšoarela liphoso tsa hao. (1Jo 1:9) Jehova ke motsoalle ea molemo hakaakang!
U ka etsa’ng e le hore u be motsoalle oa Jehova? U ka ithuta ka eena ka lentsoeng la hae. U ka mo joetsa mabina-bine a pelo ea hao. (Pes 62:8; 142:2) Bontša hore u rata lintho tseo Jehova a li nkang e le tsa bohlokoa, joaloka mora oa hae, ’muso oa hae le litšepiso tseo a re etselitseng tsona. Ruta batho ba bang ka eena. (De 32:3) Leka ka matla ho ba le setsoalle se haufi le Jehova ’me e tla ba motsoalle oa hao ka ho sa feleng.—Pes 73:25, 26, 28.
SHEBELLANG VIDEO EA BACHA, LATSOANG ’ME LE BONE HORE JEHOVA O MOLEMO EBE LE ARABA LIPOTSO TSE LATELANG:
U ka etsa’ng e le hore u inehele ho Jehova le hore u kolobetsoe?
Batho ba bang ka phuthehong ba ka u thusa joang hore u sebeletse Jehova?
Tšimo e ka u thusa hore u tiise setsoalle sa hao le Jehova joang?
U ka ba motsoalle oa Jehova ka ho sa feleng!
Ke mesebetsi efe eo u ka e etsang ka mokhatlong oa Jehova?
Ke eng eo u e ratang ka Jehova?