Watchtower ONLINE LIBRARY
Watchtower
ONLINE LIBRARY
Sesotho (Lesotho)
  • BIBELE
  • LINGOLOA
  • LIBOKA
  • mwb20 December leq. 3
  • Re Bontša Lerato ka ho Tšehetsa Khalemelo ea Jehova

Ha ho na video mona.

Ka masoabi ho bile le bothata.

  • Re Bontša Lerato ka ho Tšehetsa Khalemelo ea Jehova
  • Bophelo le Tšebeletso ea Rōna—Kemiso ea Liboka—2020
  • Lingoloa Tse Tšoanang
  • Khalemelo e Bontša Hore Jehova oa re Rata
    Bukana ea Seboka sa Bophelo ba Bokreste le Tšebeletso ea Rona—2021
  • Taeo E Ka Hlahisang Litholoana tsa Khotso
    Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—1988
  • Ha Motho eo re mo Ratang a Tlohela ho Sebeletsa Jehova
    Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova (O Ithutoang)—2021
  • Ho Thulana le Phephetso ea Botšepehi bo sa Sekisetseng
    Molula-Qhooa o Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—1996
Bala Tse Ling
Bophelo le Tšebeletso ea Rōna—Kemiso ea Liboka—2020
mwb20 December leq. 3

PHELA JOALOKA MOKRESTE

Re Bontša Lerato ka ho Tšehetsa Khalemelo ea Jehova

Ho khaola motho ea sa bakeng ke mokhoa oa ho mo khalemela hape ho etsa joalo ho sireletsa phutheho. (1Ko 5:​6, 11) Re bontša lerato haeba re tšehetsa mokhoa ona oa Jehova oa ho khalemela. Batho bohle ba utloa bohloko ha motho a khaoloa ho akareletsa le beng ka eena le baholo ba neng ba le komiting ea boahloli. Ke joang re ka tšehetsang khalemelo ea Jehova le hoja maemo a le joalo?

Re susumetsoa ke ho rata melao ea Jehova e hloekileng ebile ha re rate hore botumo ba hae bo senyehe. (1Pe 1:​14-16) Hape re bontša hore re rata motho enoa ea khaotsoeng. Le hoja khalemelo ena e matla e le bohloko, e ka thusa motho ea khaotsoeng hore a ‘behe litholoana tsa khotso, e leng, ho loka.’ (Heb 12:​5, 6, 11) Haeba re itsoakanya le motho ea khaotsoeng kapa ea ikarotseng le phutheho re sitisa Jehova hore a mo khalemele. Hopola hore Jehova o khalemela batho ba hae “ka tekanyo e loketseng.” (Jer 30:​11) Ha re ntse re letetse hore motho ea khaotsoeng a khutlele ho Jehova, re tla tsoela pele ho tšehetsa khalemelo eo le ho etsa sohle seo re ka se khonang ho matlafatsa setsoalle sa rona le Jehova.​—Esa 1:​16-18; 55:7.

SHEBELLANG VIDEO EA TŠEPAHALA KA PELO EOHLE EBE LE ARABA LIPOTSO TSE LATELANG:

  • Setšoantšo se hlahang videong ea ‘tšepahala ka pelo eohle.’ Gabriella le Ben ba utloile bohloko kamor’a ho bala lengolo la mor’a bona ea tlohileng habo.

    Batsoali ba utloa bohloko hakae ha ngoana oa bona a lahla Jehova?

  • Setšoantšo se hlahang videong ea ‘tšepahala ka pelo eohle.’ Metsoalle ea Gabriella le Ben ea ba tšilisa kamor’a liboka.

    Phutheho e ka tšehetsa lelapa leo setho sa lona se khaotsoeng joang?

  • Setšoantšo se hlahang videong ea ‘tšepahala ka pelo eohle.’ Gabriella o iketselitse setšoantšo sa tlaleho ea Bibele ea Kora.

    Ke pale efe ea Bibele e bontšang bohlokoa ba ho tšepahalla Jehova ho feta litho tsa malapa a rona?

  • Setšoantšo se hlahang videong ea ‘tšepahala ka pelo eohle.’ Ha liboka li tsoa, Gabriella o bolella Ben ka molaetsa oo a o fumaneng o tsoang ho mora oa bona.

    Re ka bontša joang hore re tšepahalla Jehova ho feta litho tsa malapa a rona?

    Lingoliloeng Tsa Sesotho Lesotho (1985-2026)
    Tsoa
    Kena
    • Sesotho (Lesotho)
    • Romela
    • Ikhethele
    • Copyright © 2025 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
    • Kamoo e Lokelang ho Sebelisoa
    • Tumellano ea ho Boloka Lekunutu
    • Privacy Settings
    • JW.ORG
    • Kena
    Romela