Watchtower ONLINE LIBRARY
Watchtower
ONLINE LIBRARY
Sesotho (Lesotho)
  • BIBELE
  • LINGOLOA
  • LIBOKA
  • mwb21 May leq. 7
  • Khalemelo e Bontša Hore Jehova oa re Rata

Ha ho na video mona.

Ka masoabi ho bile le bothata.

  • Khalemelo e Bontša Hore Jehova oa re Rata
  • Bukana ea Seboka sa Bophelo ba Bokreste le Tšebeletso ea Rona—2021
  • Lingoloa Tse Tšoanang
  • Ho Utloisisa Morero oa Taeo
    Molula-Qhooa o Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—2003
  • Na U ka Amohela Khalemelo?
    Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—1986
  • Jehova o re Khalemela Hobane a re Rata
    Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova (O Ithutoang)—2018
  • U ka Laea Bana ba Hao Joang?
    Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—2014
Bala Tse Ling
Bukana ea Seboka sa Bophelo ba Bokreste le Tšebeletso ea Rona—2021
mwb21 May leq. 7
Batsoali baa lla ha ba bona mora oa bona ea sa bakeng a tloha lapeng.

PHELA JOALOKA MOKRESTE

Khalemelo e Bontša Hore Jehova oa re Rata

Khalemelo e amana le ho ruta le ho laea hape e ka boela ea bolela ho lokisa kapa ho fuoa kotlo. Khalemelo ea Jehova e re thusa hore re mo sebeletse ka tsela eo a e amohelang. (Bar 12:1; Heb 12:​10, 11) Ka linako tse ling, khalemelo e ka ba bohloko empa ba e fumanang e ka ba thusa hore e be batho ba lokileng le hore ba fumane litlhohonolofatso tsa Jehova. (Lipr 10:7) Batho ba khalemeloang le ba khalemelang ba lokela ho hopola’ng?

Motho ea khalemelang. Baholo, batsoali le ba bang ba etsisa Jehova ka hore ba leke ka matla ho khalemela ka tsela e lerato le e mosa. (Jer 46:​28) Esita le khalemelo e matla e lokela hore e fanoe ka lerato le ka tsela e loketseng.​—Tit 1:13.

Motho ea khalemeloang. Ho sa tsotellehe hore na re fuoa khalemelo ea mofuta ofe, re lokela ho e amohela ’me re e sebelise hang-hang. (Lipr 3:​11, 12) Kaha ha rea phethahala, kaofela ha rona re hloka khalemelo ho sa tsotellehe hore na re e fuoa joang. Re ka fumana khalemelo ha re bala Bibele, ha re le libokeng ’me ka linako tse ling ba bang ba ka e fumana ho komiti ea boahloli. Haeba re amohela khalemelo ’me re e sebelisa, re tla thabela bophelo hona joale ’me re phele ka ho sa feleng nakong e tlang.​—Lipr 10:17.

SHEBELLANG VIDEO EA “JEHOVA O KHALEMELA BAO A BA RATANG” EBE LE ARABA LIPOTSO TSE LATELANG:

  • Setšoantšo se hlahang videong ea ‘Jehova o Laea eo a mo Ratang.’ Canon o tšimong le batsoali ba hae ha a ntse a le monyane.

    Bophelo ba mora oa bo rona Canon bo ne bo le joang pele, hona bo ile ba fetoha joang?

  • Setšoantšo se hlahang videong ea ‘Jehova o Laea eo a mo Ratang.’ Canon o buisana le baholo ha a sa ntse a le mocha.

    Jehova o ile a mo khalemela ka lerato joang?

  • Setšoantšo se hlahang videong ea ‘Jehova o Laea eo a mo Ratang.’ Canon o se a le moholo ’me o qoqa le bacha libokeng.

    Amohela khalemelo ea Jehova

    Re ka ithuta’ng mohlaleng oa mor’a bo rona Canon?

    Lingoliloeng Tsa Sesotho Lesotho (1985-2026)
    Tsoa
    Kena
    • Sesotho (Lesotho)
    • Romela
    • Ikhethele
    • Copyright © 2025 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
    • Kamoo e Lokelang ho Sebelisoa
    • Tumellano ea ho Boloka Lekunutu
    • Privacy Settings
    • JW.ORG
    • Kena
    Romela