Watchtower ONLINE LIBRARY
Watchtower
ONLINE LIBRARY
Sesotho (Lesotho)
  • BIBELE
  • LINGOLOA
  • LIBOKA
  • w03 10/1 maq. 20-23
  • Ho Utloisisa Morero oa Taeo

Ha ho na video mona.

Ka masoabi ho bile le bothata.

  • Ho Utloisisa Morero oa Taeo
  • Molula-Qhooa o Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—2003
  • Lihloohoana
  • Lingoloa Tse Tšoanang
  • Phapang ke Efe Pakeng Tsa ho Laea le ho Otla?
  • Taeo ea Batsoali ba Lerato
  • Balisa ba Bakreste ba Laea ka Bonolo
  • Jehova ke Moahloli ea Phethahetseng
  • Ho Amohela Taeo ea Jehova
  • Na U ka Amohela Khalemelo?
    Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—1986
  • Khalemelo e Bontša Hore Jehova oa re Rata
    Bukana ea Seboka sa Bophelo ba Bokreste le Tšebeletso ea Rona—2021
  • Jehova o re Khalemela Hobane a re Rata
    Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova (O Ithutoang)—2018
  • U ka Laea Bana ba Hao Joang?
    Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—2014
Bala Tse Ling
Molula-Qhooa o Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—2003
w03 10/1 maq. 20-23

Ho Utloisisa Morero oa Taeo

U HOPOLA eng ha u utloa lentsoe “taeo”? Buka e ’ngoe e hlalosang mantsoe e hlalosa taeo e le “mokhoa oa ho etsa hore batho ba mamele melao kapa litekanyetso tsa boitšoaro, le ho ba otla ha ba sa mamele.” Le hoja ena e se eona feela tlhaloso e amohelehang ea taeo, batho ba bangata kajeno ba nka ntho e ’ngoe le e ’ngoe e amanang le taeo ka tsela e mpe ka ho tšoanang.

Leha ho le joalo, Bibele eona e hlalosa taeo ka tsela e fapaneng. Morena Solomone ea bohlale o ile a ngola a re: “Mora oa ka, u se ke ua lahla taeo ea Jehova.” (Liproverbia 3:11) Mantsoe ana ha a bolele mefuta eohle ea taeo, empa a bolela “taeo ea Jehova,” e leng taeo e thehiloeng melao-motheong e phahameng ea Molimo. Ke taeo ea mofuta ona feela e hlahisang melemo ea moea—e bileng e ratehang. Ha ho bapisoa, taeo e thehiloeng monahanong oa motho o khahlanong le melao-motheo e phahameng ea Jehova, hangata ea tlatlapa ebile e kotsi. Ke ka lebaka lena batho ba bangata ba sa rateng taeo.

Ke hobane’ng ha re khothalletsoa ho amohela taeo ea Jehova? Mangolo a hlalosa hore taeo ea Molimo ke pontšo ea lerato leo Molimo a ratang libōpuoa tsa hae tsa batho ka lona. Kahoo, Solomone o ile a tsoela pele a re: “Jehova o khalemela eo a mo ratang, feela joalokaha ntate a khalemela mora ea mo khahlisang.”—Liproverbia 3:12.

Phapang ke Efe Pakeng Tsa ho Laea le ho Otla?

Taeo eo ho buuoang ka eona ka Bibeleng ke ea mefuta e sa tšoaneng, ke tataiso, thuto, koetliso, khalemelo, esita le kotlo. Leha ho le joalo, boemong bo bong le bo bong, taeo ea Jehova e susumetsoa ke lerato, ’me morero oa eona ke hore ea lauoang a rue molemo. Ha Jehova a laea motho ho mo khalemela, le ka mohla morero oa hae hase feela ho mo otla.

Ka lehlakoreng le leng, ha Molimo a otla motho, hase kamehla a mo otlang ka sepheo sa ho mo khalemela kapa ho mo ruta. Ka mohlala, ho tloha mohla Adama le Eva ba entseng sebe, ba ile ba qala ho utloa liphello tsa ho se mamele. Jehova o ile a ba leleka serapeng sa Edene sa paradeise, ’me ba ile ba angoa ka ho teba ke liphello tsa ho se phethahale, ho kula le botsofali. Ka mor’a ho phela habohloko ka lilemo tse makholo, ba ile ba shoella ruri. Ka sebele sena sohle e ne e le kotlo e tsoang ho Molimo, eseng taeo e khalemelang. Ka lebaka la hore Adama le Eva ba ne ba sa mamela ka boomo ba bile ba sa bake, ba ne ba se ba ke ke ba khalemeloa.

Litlaleho tse ling tsa ha Jehova a fana ka kotlo li akarelletsa Moroallo oa mehleng ea Noe, ho timetsoa ha Sodoma le Gomora le ho felisoa ha lebotho la Egepeta Leoatleng le Lefubelu. Ha Jehova a ne a etsa tsena tsohle, morero oa hae e ne e se ho tataisa, ho ruta, kapa ho koetlisa batho ba neng ba angoa ke liketso tseo. Ha moapostola Petrose a ngola ka liketso tse joalo tsa Molimo tsa ho otla, o ile a re: “[Ha aa] ka a ithiba ho faneng ka kotlo ho lefatše la boholo-holo, empa a sireletsa Noe, ’moleli oa ho loka, hammoho le ba bang ba supileng ha a tlisa moroallo holim’a lefatše la batho ba se nang bomolimo; ’me ka ho fetola metse ea Sodoma le Gomora molora a e ahlola, a behela batho ba se nang bomolimo mohlala oa lintho tse tlang ho tla.”—2 Petrose 2:5, 6.

Ke ka kutloisiso efe liketso tsee tsa kotlo li neng li “behela batho ba se nang bomolimo mohlala oa lintho tse tlang ho tla”? Lengolong la hae le eang ho Bathesalonika, Pauluse o bua ka mehla ea rōna e le nako eo ka eona Molimo, ka Mora oa hae, Jesu Kreste, a tla “tlisa phetetso holim’a ba sa tsebeng Molimo le ba sa mameleng litaba tse molemo.” Pauluse o eketsa ka ho re: “Bana ba tla feta kotlong ea boahloli ea timetso e sa feleng.” (2 Bathesalonika 1:8, 9) Ho hlakile hore kotlo ea mofuta ona ha e etsoe ka morero oa ho ruta kapa oa ho lokisa ba otloang. Leha ho le joalo, ha Jehova a khothalletsa barapeli ba hae hore ba amohele taeo ea hae, ha a bue ka ho otla baetsalibe ba sa bakeng.

Hoa thahasellisa hore ebe Bibele ha e hlalose Jehova haholo-holo e le ea otlang batho. Ho e-na le hoo, hangata o hlalosoa e le mosuoe ea lerato le mokoetlisi ea nang le mamello. (Jobo 36:22; Pesaleme ea 71:17; Esaia 54:13) E, kamehla taeo ea Molimo e fanoang ka morero oa ho khalemela e tsamaea le lerato le mamello. Ha Bakreste ba utloisisa morero oa taeo, ba khona ho e amohela hamolemonyana le ho fana ka eona ka boikutlo bo nepahetseng.

Taeo ea Batsoali ba Lerato

Ka lapeng le ka phuthehong ea Bokreste, ho hlokahala hore bohle ba utloisise morero oa taeo. Sena ke ’nete ka ho khetheha ho batho ba maemong a bolaoli, ba kang batsoali. Liproverbia 13:24 e re: “Ea sa sebeliseng thupa o hloile mora oa hae, empa ea mo ratang o mo batla ka taeo.”

Batsoali ba lokela ho fana ka taeo joang? Bibele ea hlalosa: “Lōna, bo-ntate, le se ke la halefisa bana ba lōna, empa le tsoele pele ho ba hōlisa ka taeo le kelello e laoloang ke Jehova.” (Baefese 6:4) Keletso ena e phetoa ka mantsoe ana: “Lōna bo-ntate, le se ke la khentša bana ba lōna, e le hore ba se ke ba nyahama.”—Bakolose 3:21.

Batsoali ba Bakreste ba utloisisang morero oa taeo e ke ke ea e-ba ba khahlapetsang. Molao-motheo o boletsoeng ho 2 Timothea 2:24 o ka sebelisoa tseleng eo batsoali ba fanang ka taeo ka eona. Pauluse o ile a ngola a re: “Lekhoba la Morena ha ho hlokahale hore le loane, empa ho hlokahala hore le be bonolo ho bohle, le tšoanelehele ho ruta.” Ho tlakoloha ka bohale, ho tlatsa lerata le ho rohakana kapa ho tjolietsa, ho hang hase taeo e lerato ’me ha lia lokela Mokreste.—Baefese 4:31; Bakolose 3:8.

Batsoali ha ba khalemele feela ka ho otla ka potlako e le ho khaola khang. Bana ba bangata ba hloka ho lemosoa khafetsa pele ba lokisa monahano oa bona. Kahoo, batsoali ba lokela ho ipha nako, ho bontša mamello le ho nahana ka botebo ka tsela eo ba laeang ka eona. Ba lokela ho hopola hore bana ba tlameha ho hōlisoa “ka taeo le kelello e laoloang ke Jehova.” Sena se bolela ho ba koetlisa ka lilemo tse ngata.

Balisa ba Bakreste ba Laea ka Bonolo

Melao-motheo e tšoanang ea sebetsa le ho baholo ba Bakreste. Joaloka balisa ba lerato, ba ikitlaelletsa ho khothatsa mohlape ka ho o ruta, ho o tataisa le ho o khalemela ha ho hlokahala. Ha ba laea, ba hopola morero oa sebele oa taeo. (Baefese 4:11, 12) Haeba pakane ea bona e ne e le feela ho otla, ba ne ba tla ahlola mofosi ebe ba fella hona moo. Taeo ea Molimo e akarelletsa ho hongata ho feta hoo. Ka lebaka la hore baholo ba susumetsoa ke lerato, ha ba file mofosi keletso ba tla ’ne ba tsoele pele ho mo thusa. Kaha baa be ba amehile e le kannete, hangata ba lokisetsa ho khothatsa mofosi le ho mo koetlisa ka makhetlo a ’maloa.

Ho latela keletso e ho 2 Timothea 2:25, 26, le haeba baholo ba sebetsana le batho ba sa amoheleng khalemelo kapele, ba lokela ho ruta “ka bonolo.” Ka mor’a mona lengolo lena le bolela morero oa taeo: “Mohlomong Molimo a ka ba fa pako e isang tsebong e nepahetseng ea ’nete, ’me ba ka ’na ba boela ba hlaphoheloa hantle likelellong ho tsoa lerabeng la Diabolose.”

Ka linako tse ling, hoa hlokahala hore bafosi ba sa bakeng ba khaoloe ka phuthehong. (1 Timothea 1:18-20) Esita le bohato bo matla joalo bo lokela ho nkoa e le taeo, e se kotlo feela. Nako le nako, baholo ba leka ho etela batho ba khaotsoeng ba sa tsoeleng pele ka liketso tse fosahetseng. Maetong a joalo, baholo ba sebetsa tumellanong le morero oa sebele oa taeo ka ho bolela mehato e hlokahalang hore motho a khutlele ka phuthehong ea Bokreste.

Jehova ke Moahloli ea Phethahetseng

Batsoali, balisa ba Bakreste le ba bang bao Mangolo a ba fileng matla a ho laea, ba lokela ho nka boikarabelo bona ka botebo. Ha baa lokela ho ahlola ba bang ka ho inahanela hore ba ke ke ba khalemeleha. Kahoo, le ka mohla taeo ea bona ha ea lokela ho ba ea boiphetetso kapa kotlo e tletseng bora.

Ka sebele Bibele e bolela hore ke Jehova ea tla fana ka kotlo e matla le ea ho qetela. Ha e le hantle, Mangolo a re “ke ntho e tšabehang ho oela matsohong a Molimo ea phelang.” (Baheberu 10:31) Le hoja ho le joalo, le ka mohla ha ho motho ea lokelang ho leka ho ipapisa le Jehova ntlheng ena kapa ntlheng leha e le efe e ’ngoe. Hape, ha ho motho ea lokelang ho ba le lebaka la ho ba le boikutlo ba hore ke ntho e tšabehang ho oela matsohong a motsoali kapa moholo ea itseng ka phuthehong.

Jehova o khona ho etsa lintho ka teka-tekano e phethahetseng ha a laea. Batho ha ba khone. Molimo a ka bona se ka pelong ’me a bona ha motho a se a ke ke a khalemeleha ’me kahoo a lokeloa ke kotlo ea makhaola-khang le ea ho qetela. Ka lehlakoreng le leng, batho ba ke ke ba khona ho ahlola ba bang ka tsela e joalo. Ka lebaka leo, ha ho hlokahala taeo, ka linako tsohle ba maemong a boikarabelo ba lokela ho laea ka morero oa ho khalemela.

Ho Amohela Taeo ea Jehova

Kaofela ha rōna re hloka taeo ea Jehova. (Liproverbia 8:33) Ha e le hantle, re lokela ho labalabela taeo e thehiloeng Lentsoeng la Molimo. Ha re ntse re ithuta Lentsoe la Molimo, re ka amohela taeo e tsoang ho Jehova ka ho toba ka Mangolo. (2 Timothea 3:16, 17) Leha ho le joalo, ka linako tse ling re tla fumana taeo e hlahang ho Bakreste-’moho le rōna. Ho hlokomela sepheo seo taeo e joalo e fanoang ka sona ho tla re thusa ho e amohela ka boithatelo.

Moapostola Pauluse o ile a lumela a re: “Ke ’nete, ha ho taeo eo hona joale e bonahalang e thabisa, empa e baka mesarelo.” Ka mor’a mona o ile a eketsa a re: “Leha ho le joalo ka mor’a moo ho ba koetlisitsoeng ke eona e beha litholoana tsa khotso, e leng, ho loka.” (Baheberu 12:11) Taeo ea Jehova ke ponahatso ea lerato le tebileng leo a re ratang ka lona. Ebang rea lauoa kapa rea laea, a re hopoleng hore na morero oa taeo ea Molimo ke ofe ’me re ele hloko keletso ena e bohlale ea Bibele e reng: “Tšoara taeo; u se ke ua e tlohela. E sireletse, etsoe ke bophelo ba hao.”—Liproverbia 4:13.

[Litšoantšo tse leqepheng la 21]

Molimo ha a khalemele baetsalibe ba sa bakeng ka ho ba laea, empa o ba fa kotlo ea boahloli

[Litšoantšo tse leqepheng la 22]

Ba susumetsoa ke lerato, baholo ba qeta nako ba etsa lipatlisiso le ho thusa bafosi

[Litšoantšo tse leqepheng la 23]

Ka mamello le ka lerato batsoali ba rupela “ka taeo le kelello e laoloang ke Jehova”

    Lingoliloeng Tsa Sesotho Lesotho (1985-2026)
    Tsoa
    Kena
    • Sesotho (Lesotho)
    • Romela
    • Ikhethele
    • Copyright © 2025 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
    • Kamoo e Lokelang ho Sebelisoa
    • Tumellano ea ho Boloka Lekunutu
    • Privacy Settings
    • JW.ORG
    • Kena
    Romela