Na U ka Amohela Khalemelo?
‘MEHLENG ena batsoali ba otla tam tam (moropa), e seng bana ba bona.’ Polelo ena e utloiloe melomong ea liithuti tse ling tsa sekolo kolecheng e ’ngoe Afrika. Li ne li bolela eng? Hore khalemelo e fetiloe ke linako. Batsoali ha ba batle ho e sebelisa, ’me bana ba nyakalletse ho se e fumane.
Na boo ke boikutlo bo bohlale? Ho latela buka e hlalosang mantsoe, khalemelo haholo-holo ke “koetliso, ho bōpa botho kapa ho phethahatsa matla a kelello kapa a boitšoaro.” Na ho na le motho ea ka hlang a tsoella ntle ho khalemelo ea mofuta oo? Ke hobane’ng ha banana bao ba sekolo ba Maafrika—le batsoali ba bona—ba nahana hore ba ka ho etsa?
Ha e le hantle, boikutlo bo fosahetseng mabapi le khalemelo ha boa lekanyetsoa ho banana ba sekolo ba Maafrika le batsoali ba bona. Ho bonahala e ka batho ba bangata kajeno ba talima keletso leha e le efe kapa khalemelo e le ho khathatsana ho sa hlokahaleng le bolokolohi ba bona le ho fokotsa litokelo tsa bona. Leha ho le joalo, boikutlo bo joalo ha boa tloaeleha feela lekholong lena la bo20 la lilemo. Lilemong tse fetileng tse likete-kete, Molimo ka booona o ile oa hlokomela hore “tšekamelo ea pelo ea motho e mpe ho tloha bocheng ba hae ho ea pele.” (Genese 8:21, NW) Ha a supa liphello tsa lilemo tse likete-kete tsa tšekamelo e mpe joalo, moapostola Pauluse o ngotse: “Batho e tla ba baithati, ba ratang chelete, baithorisi, baikhantši, banyefoli, ba sa utloeng batsoali, ba hlokang teboho, ba sa halaleleng. E tla ba batho ba se nang lerato, ba hanang ho boelanngoa le ba bang, ba buang batho hampe, ba hlokang boitšoaro, ba hlaha, ba hloileng tsohle tse lōkileng, mahlabaphieo, ba sōrō, baikhōhōmōsi.” (2 Timothea 3:2-4, TLP) Hase feela khalemelo e sa rateheng!
Na Khalemelo E Hlile E Mpe Hakaalo?
Na Mokreste o hlile o hloka khalemelo? Ha e le hantle, Jesu o itse tsela e isang bophelong e “tšesane.” (Mattheu 7:13, 14) Ho bonolo ho e kheloha. Ka hona na e ke ke ea e-ba bohlale ho amohela khalemelo, koetliso, joalokaha buka e hlalosang mantsoe e e bolela? Nahana ka taba ea motsamai ea lahlehang ka tsietsi ’me ka masoabi a iphumana a le haufi le sebaka se kotsi. Haeba motho eo a sa mo tsebeng a ithaopela ho mo bontša hore na a ka khutlela tseleng ea hae joang, o tla itšoara joang? Na ka bohale o tla hana thuso, a tsitlella hore o na le tokelo ea ho ea moo a lakatsang ho ea? Na o tla tsekisa motho ea botsoalle eo a sa mo tsebeng ka hore o khathatsana le litokelo tsa hae? Le hanyenyane. O ne a tla leboha thuso eo a e nehoang.
Ka hona Mokreste o bohlale ha a leboha thuso e fanoang ka tsela ea khalemelo e mosa. Mantsoe ana a moprofeta ke ’nete ho sa tsotellehe hore na re lilemo li kae kapa re na le phihlelo e kae bophelong: “Oho! Jehova, kea tseba hobane tsela ea motho ha e matleng a hae, ’me motho ea tsamaeang a ke ke a lokisa lika tsa hae.” (Jeremia 10:23) Ka hona, bohle re hloka khalemelo.
Ba Hanne Khalemelo
E mong ea ileng a hana khalemelo ke Kaine, ea ileng a honohela moen’ae Abele. Ha a bona hore Kaine o qala ho kheloha tsela e nepahetseng, Jehova ka boeena a mo eletsa, a botsa: “U bohale ke’ng? ’me sefahleho sa hao se sosobanetse’ng? Ekare ha u etsa hantle, na sefahleho sa hao se ke ke sa ela na? ’Me ha u sa etse hantle, sebe se laletse monyako, ’me litakatso tsa sona li lebile ho uena, u mpe u se buse.” (Genese 4:6, 7) Kaine ha a ka a mamela. A bolaea moen’ae Abele ’me kahoo a kenya polao historing ea batho.—Genese 4:8-16.
Mehleng ea Samuele, bara ba Eli le bona ha ba ka ba amohela khalemelo. Ntat’a bona e ne e le moprista e moholo sehalalelong sa Jehova, empa bara ba hae ba sebelisa boemo ba bona ho utsoa linyehelong le ho eka basali hore ba etse bohlola le bona. Ntat’a bona a ba khalemela—habobebe—empa ba se ke ba mamela. Phello ea e-ba efe? Ho hana hoa bona khalemelo hoa khannela ho bolaoeng hoa bona ntoeng, ’me Eli ka boeena a bolaoa ke ho tšosoa ke pehi.—1 Samuele 2:12-17, 22-25; 3:11-18; 4:1-4, 10-18.
Ba Bang ba ile ba Mamela
Leha ho le joalo, ba bang ba fetse ba amohela khalemelo. Davida, morena le mohlabani, a etsa tlōlo ea molao e sisimosang ha a etsa hore ho bolaoe Uria, monna oa mosali eo Davida a neng a febile le eena. Empa Davida a amohela khalemelo eo Molimo o e rometseng ka moprofeta Nathane, ’me kahoo Jehova ha a ka a mo lahla ka ho feletseng. (2 Samuele 12:1-14) E, khalemelo e ka re thusa hore re hlaphoheloe le libeng tse tebileng haholo.
Jobo o ile a eletsoa ke monna e monyenyane Elihu, ’me a ka be a ile a hana keletso ka bohale. Le hoja Jobo a ile a hlokofatsoa habohloko ke Satane, o ile a hana ho ‘rohaka Molimo ’me a shoe.’ Ka tlaleho e joalo, mohlomong a ka be a sa bona lebaka la ho mamela keletso ea mohlankana enoa. Leha ho le joalo, Jobo a e mamela, ’me a ithuta hore, ho sa tsotellehe botšepehi ba hae, ho ne ho hlokahala hore a lokise boikutlo ba hae. Joale a neoa tokelo ea ho amohela keletso e tsoang ho Jehova ka seqo ’me qetellong a putsoa ka mahlohonolo a mangata. (Jobo 2:9, 10; 32:6; 42:12-16) Kahoo, khalemelo e ka thusa le bona ba nang le tlaleho e hlahelletseng ea mamello le botšepehi.
Moapostola Petrose le eena, o ile a amohela khalemelo. Hopola, Petrose e ne e le moapostola oa Jesu Kreste, paki ea phetoho ea Jesu, le eo Jesu a neng a mo neile “linotlolo tsa ’muso.” (Mattheu 16:18, 19) Empa ka lekhetlo le leng moapostola Pauluse, eo ha ho bapisoa e neng e le molateli e mocha oa Jesu, o ile a khalemela Petrose pontšeng ka lebaka la boitšoaro ba hae phuthehong ea Antioke. Petrose ka ho totobetseng a amohela khalemelo, hobane hamorao o buile ka “Pauluse, ngoan’abo rōna ea ratoang.” (2 Petrose 3:15; Ba-Galata 2:11-14) Kahoo, Mokreste ea nang le litokelo tse ngata a ka lebella khalemelo le eena.
Bakreste Ba Kajeno le Khalemelo
Ka phuthehong, ha rea lokela ho makalla ho amohela keletso e tsoang ho mang kapa mang ea hōlileng tsebong. Empa ba hlileng ba abetsoeng boikarabelo ba ho alosa lithahasello tsa rōna ke baholo ba khethiloeng. Ke balisa bana ba moea bao Bibele e reng ho bona: “U lekole linku tsa hao hantle, ’me u hlahlobe mohlape oa hao hantle.”—Liproverbia 27:23.
Ho ka ’na hoa re thusa hore re amohele khalemelo haeba re hlokomela hore ho hloka baholo lerato la sebele hammoho le sebete sa sebele hore ba fane ka keletso. Hangata thuso ea baholo e-ea hanoa ha ba leka ho thusa. Ka mohlala, moholo e mong oa Moafrika o ile a bua le Mokreste e mong oa khale, a mo hlokomelisa hore o kenella nthong e ’ngoe eo e seng ea Bokreste. Ho ne ho le thata ho fana ka keletso eo, ’me ha thatafatsoa haholo ke hore Mokreste eo a khopehe. Qetellong, keletso ea hanoa, ’me ea neng a e fuoa a hlobohana le moholo ea neng a lekile ho mo thusa. Ho ka be ho bile bohlale hakaakang hoja a hopola hore “maoma a etsoang ke motsoalle a tšepeha”!—Liproverbia 27:6.
Khalemelo e ka re thusa hore re sebelise maele a mang a Bibele: “Motho ea pelo-keletsi o bonela kotsi pele, ’me oa itšireletsa, empa ea leebelo eena o ea pele, ’me o oela tsietsing.” (Liproverbia 22:3) Mantsoe ao a ka be a thusitse monna oa Mokreste hona naheng eo. O ile a itloaetsa ho ea matlong a sechaba a lijo a siile mosali oa hae le bana. Hona hoa tšoenya ba bang hobane sebakeng seo basali ba fepang matlong a mangata a lijo e hlile ke matekatse a batlang bao a ka ba tšoasang. Ka hona ka makhetlo a mangata baholo ba moo ba buisana le monna enoa ka taba ena. Empa a hana keletso, hangata e le ka sefutho. Qetellong, a oela lerabeng la boitšoaro bo bobe. Ho ka be ho bile bohlale haholoanyane hakaakang hoja a mamela keletso e entsoeng ka morero o motle!
Haeba ka motsotsoana re lebala pono eo e leng ea rōna ’me re leka ho bona lintho kamoo Jehova a li bonang, re tla amohela khalemelo habonolonyana. Ke ’nete, khalemelo e ka ’na ea e-ba khopotso e sa amoheleheng ea ho se phethahale hoa rōna. E ka ’na ea re hobosa ka nakoana. Empa nahana kamoo Jehova a khahloang ke ha bahlanka ba hae ba etsa ka bohlale ’me ba qoba ho oela sebeng. Lentsoe la hae le re: “Mora oa ka, hlalefa, u nthabise pelo, ’me ke tla ba le puo ho fetola ba nkomanyang.” (Liproverbia 27:11) Haeba re ka tlosa boikhohomoso ba rōna ’me ra amohela khalemelo e fanoang, re tla ba har’a ba nehang Jehova karabo liqosong tsa Satane.
Khalemelo e Bea Litholoana tse Molemo
Joalokaha re bone, bohle re loketsoe ke khalemelo. E hlokoa ke banna le basali, ba bacha le ba baholo, bao e leng khale ba le ’neteng le ba bacha. Ka hona, re lokela ho lebella khalemelo, haesita le ho e batla. Ithute Lentsoe la Molimo ’me u hlokomele seo le se bolelang se sebeletsang joaloka keletso ho uena. (2 Timothea 3:16, 17) U be teng libokeng ’me u mamele ka hloko ho utloa hore na ke eng e u amang. (Ba-Heberu 10:24, 25) Haeba khalemelo e lerato ea Mangolo e fanoa motheong oa botho, e amohele ka liatla tse peli ka moea oo e fanoang ka oona. Iphe monyetla oa tlhakiso eohle e laeang e tsoang ho Jehova.
Pauluse o itse ho Baheberu: “Khalemelo e ’ngoe le e ’ngoe ha e etsoa ha e thabise, e bohlōkō; empa hamorao bao e ba thapisitseng e ba tlisetsa litholoana tsa khotso, tsa ho lōka.” (Baheberu 12:11, TLP) Kahoo, le hoja ka linako tse ling khalemelo e ka ’na ea utloisa bohloko, e hlahisa molemo. Ho amohela khalemelo ho ka re thusa ho ba har’a ba khahlisang Jehova. Khalemelo e tla re thusa hore re ‘phele ka bokhabane, re etse ho lokileng le ho bolela ’nete kamoo e leng lipelong tsa rōna kateng.’ (Pesaleme ea 15:1, 2) Ka baka leo, e se e ka kaofela re ka amohela khalemelo.