E-BA MAFOLOFOLO MOSEBETSING OA BOBOLELI | Eketsa Thabo Ea Hao Boboleling
Cheseha ha u Ruta
Ha u cheseha, u ka etsa hore le batho ba bang ba chesehe ebile ba tla mamela ka hloko lintho tseo u li buang. Ha re cheseha, re bontša hore re nka molaetsa oa rona e le oa bohlokoa. Ho sa tsotellehe setso kapa botho ba rona, re ntse re ka loanela hore re chesehe. (Bar 12:11) Re ka khona joang?
Ntlha ea pele, nahana hore na molaetsa oa hao ke oa bohlokoa hakae. U na le monyetla oa ho ‘bolela litaba tse molemo tsa lintho tse molemo!’ (Bar 10:15) Ntlha ea bobeli, nahana hore na litaba tsa hao li ka ntlafatsa bophelo ba bamameli ba hao joang. Ba hloka ho utloa litaba tseo. (Bar 10:13, 14) Ntlha ea ho qetela, bua ka cheseho. Tsamaisa matsoho, hlooho le mahetla ka tsela e loketseng u be u bontše boikutlo ba hao sefahlehong.
SHEBELLANG VIDEO EA THABELA MOSEBETSI OA HO ETSA BARUTUOA—NTLAFATSA TSELA EO U RUTANG KA EONA—KA HO CHESEHA HA U RUTA EBE LE ARABA LIPOTSO TSE LATELANG:
Ke’ng e ileng ea etsa hore Nteboheleng a se ke a chesehela ho ithuta Bibele le Lipontšo?
Nteboheleng o ile a thusoa ke’ng hore a boele a chesehe?
Ha u cheseha, u ka etsa hore le batho ba bang ba chesehe
Ke hobane’ng ha re lokela ho ameha ka makhabane a bamameli ba rona?
Cheseho ea rona e ka ama batho bao re ithutang Bibele le bona le batho ba bang joang?