Watchtower ONLINE LIBRARY
Watchtower
ONLINE LIBRARY
Sesotho (Lesotho)
  • BIBELE
  • LINGOLOA
  • LIBOKA
  • mwb21 September maq. 3-16
  • Sebelisa U ka Thaba ka ho sa Feleng! Tšimong

Ha ho na video mona.

Ka masoabi ho bile le bothata.

  • Sebelisa U ka Thaba ka ho sa Feleng! Tšimong
  • Bukana ea Seboka sa Bophelo ba Bokreste le Tšebeletso ea Rona—2021
  • Lingoloa Tse Tšoanang
  • U ka Sebelisa Buka ea “U ka Thaba ka ho sa Feleng!” Joang ha u Ruta Batho Bibele?
    Rata Batho u ba Etse Barutuoa
  • Thusa Batho Bao U Ithutang Bibele le Bona Hore ba Kolobetsoe
    Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova (O Ithutoang)—2021
  • U ka Thusa Lithuto Joang Hore li Qetelle li Kolobelitsoe?​—Karolo ea Pele
    Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova (O Ithutoang)—2020
  • Kamoo re ka Sebelisang Bukana ea Litaba Tse Molemo Tse Tsoang ho Molimo!
    Tšebeletso ea Rōna ea ’Muso ea 2013
Bala Tse Ling
Bukana ea Seboka sa Bophelo ba Bokreste le Tšebeletso ea Rona—2021
mwb21 September maq. 3-16
Banyalani ba bua le monna ea setopong ka bukana ea “U ka Thaba ka ho sa Feleng!”

PHELA JOALOKA MOKRESTE

Sebelisa U ka Thaba ka ho sa Feleng! Tšimong

Re thabile haholo hore ebe re na le buka le bukana tse ncha tse tla re thusa ho ithuta Bibele le batho. Re rapela Jehova hore a hlohonolofatse boiteko ba rona ba ho etsa barutuoa ba bangata. (Mat 28:​18-20; 1Ko 3:​6-9) Re ka sebelisa lithulusi tsee tse ncha joang?

Buka ea U ka Thaba ka ho sa Feleng! lenaneo la ho ithuta Bibele, e tl’o re ruta mokhoa o mocha oa ho ithuta Bibele le batho. Lintlha tsena tse latelang li tla re thusa ha re lokisetsa le ha re ithuta Bibele le batho.a

  • Balang lirapa ebe ka mor’a moo le buisana ka lipotso

  • Balang mangolo a ngotsoeng “bala” ebe u thusa motho eo u balang le eena hore a utloisise hore na a amana joang le taba eo le ntseng le ithuta eona

  • Bapala livideo ’me le buisane ka tsona le sebelisa lipotso tse hlahang karolong ka ’ngoe

  • Leka ho bua ka lintlha tsa khaolo kaofela thutong e le ’ngoe

Ha u le tšimong, e-fa mong’a ntlo bukana pele e le ho bona hore na o thabela ho ithuta. (Sheba lebokose le reng “Ho Tsamaisa Bukana ea U ka Thaba ka ho sa Feleng! Leetong la Pele.”) Ha le qetile ho ithuta bukana me motho eo u ithutang le eena a batla ho tsoela pele, u ka mo fa buka ebe le qala khaolong ea bone. Haeba le ntse le ithuta buka ea Re ka Ithuta Eng Bibeleng? kapa ea Le Ipoloke Leratong la Molimo, li tloheleng ebe le qala ho bala buka ea U ka Thaba ka ho sa Feleng! ’me u khethe hore na le tla qala hokae.

Banyalani ba ithuta Bibele le monna ka buka ea “U ka Thaba ka ho sa Feleng!”

SHEBELLANG VIDEO EA THABELA THUTO EA BIBELE EBE LE ARABA LIPOTSO TSE LATELANG:

  • Motho eo u ithutang Bibele le eena o tla ithuta’ng bukeng ee e ncha?

  • Ke hobane’ng ha u lokela ho bontša motho eo u qalang ho ithuta Bibele le eena video ee?

  • U ka lula u khothalletsa motho eo u ithutang Bibele le eena hore a finyelle eng?​—Sheba lebokose le reng, “Seo u ka se Etsang Karolong ka ’Ngoe.”

a HLOKOMELA: Le hoja e se setlamo ho tšohla lintlha tse hlahang tlas’a “batla,” ha u lokisetsa iphe nako ea ho bala le ho shebella video tse hlahang karolong eo. Ha u etsa joalo, u tla khona ho tseba hore na ke eng e ka thusang le ho khahla motho eo u ithutang Bibele le eena. Lingoloa tsa elektroniki li na le li-link tse u isang livideong le lingoloeng tse ling.

SEO U KA SE ETSANG KAROLONG KA ’NGOE

 

LIKHAOLO

ELA HLOKO

LINTHO TSEO MOTHO EA ITHUTANG BIBELE A KA LI ETSANG

1

01-12

Ithute hore na Bibele e ka u thusa joang le hore na u ka etsa’ng e le hore u tsebe Mongoli oa eona

Khothalletsa motho eo u ithutang le eena hore a bale Bibele, a lokisetse thuto le hore a tle libokeng

2

13-33

Bona hore na Molimo o re etselitseng le hore na o batla re mo rapele joang

Khothalletsa motho eo u ithutang le eena hore a bolelle batho ba bang lintho tseo a ithutang tsona le hore e be mohoeletsi

3

34-47

Lintho tseo Molimo a li lebelletseng ho batho ba mo rapelang

Khothalletsa motho eo u balang le eena hore a inehele ho Jehova le hore a kolobetsoe

4

48-60

Ithute hore na u ka etsa’ng e le hore o lule o na le kamano e ntle le Molimo

Ruta motho eo u balang le eena hore a khetholle se nepahetseng le se fosahetseng le ho lula a matlafatsa setsoalle sa hae le Jehova

HO TSAMAISA BUKANA EA U KA THABA KA HO SA FELENG! LEETONG LA PELE

Joaloka lipampitšana, leqepheng le qetellang la bukana ena hona le potso e thahasellisang. Leka ho etsa sena se latelang:

  • Botsa mong’a ntlo potso ebe u mo thusa hore a fumane karabo ho tse tharo tse ka morao bukaneng

  • Bala karabo lengolong la Pesaleme ea 37:29

  • Buisanang ka lintlha tse hlahang tlas’a sehloho se reng, “See se ka Ntlafatsa Bophelo ba Hao Joang?” Haeba nako e u lumella, bala mangolo ebe u hlalosa le setšoantšo

  • Kopa mong’a ntlo ho araba potso e qetellong ea leqephe ebe le qala ho ithuta khaolo ea pele

    Lingoliloeng Tsa Sesotho Lesotho (1985-2026)
    Tsoa
    Kena
    • Sesotho (Lesotho)
    • Romela
    • Ikhethele
    • Copyright © 2025 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
    • Kamoo e Lokelang ho Sebelisoa
    • Tumellano ea ho Boloka Lekunutu
    • Privacy Settings
    • JW.ORG
    • Kena
    Romela