E-BA MAFOLOFOLO MOSEBETSING OA BOBOLELI | EKETSA THABO EA HAO BOBOLELING
Thusa Motho eo u Ithuta’ng le Eena Hore a Ithute a Leha a le Mong
Ele hore batho bao re ithutang Bibele le bona ba be le tumelo e matla ba be ba rate Molimo, ha baa lokela ho ithuta le rona feela. (Mat 5:3; Heb 5:12–6:2) Ba boetse ba lokela ho itloaetsa ho ithuta Bibele le lingoloa tse ling ba le bang.
Ha u qala ho ithuta Bibele le motho mo bontše hore na ho lokisetsoa joang ’me u mo khothalletse ho etsa joalo. (mwb18.03 6) Mo khothalletse hore a rapele pele a ithuta a le mong. Mo thuse ho sebelisa lithulusi tsa elektronike tseo re li sebelisang ho ithuta Bibele. Mo bontše hore na a ka fumana joang lintho tse ncha ho jw.org le JW Broadcasting®. Mo thuse hore a bale Bibele kamehla, a lokisetse liboka le hore a batle likarabo tsa lipotso tseo a nang le tsona le ho nahanisisa ka seo a ithutang sona.
SHEBELLANG VIDEO EA THUSA MOTHO EO U ITHUTANG BIBELE LE EENA HORE A ITHUTE LEHA A LE MONG EBE LE ARABA LIPOTSO TSE LATELANG:
Nteboheleng o ile a thusa Lipontšo joang ho hlokomela hore ho ithuta Bibele ha ho akarelletse ho tseba likarabo feela?
Ke eng e kholisitseng Lipontšo hore ke molemong oa rona hore ebe Jehova o hanela boitšoaro bo bobe ba thobalano?
Ruta motho eo u ithutang Bibele le eena hore na ke joang a ka ithutang lintho tsa bohlokoa le ho li sebelisa bophelong ba hae
Lipontšo o ile a ithuta’ng ka ho nahanisisa?