PHELA JOALOKA MOKRESTE
Mocha Tšollela Pelo ea Hao ho Batsoali ba Hao
Ke hobane’ng ha u lokela ho bolella batsoali ba hao kamoo u ikutloang kateng? (Lipr 23:26) Ke hobane Jehova o ba file boikarabelo ba hore ba u hlokomele le ho u tataisa. (Pes 127:3, 4) Ho ka ba thata hore ba u thuse ha u sa ba bolelle lintho tse u tšoenyang le tsela eo u ikutloang ka eona. U ka fetoa ke monyetla oa ho ithuta lintho tseo bona ba ileng ba ithuta tsona bophelong. Na ho phoso ho se ba bolelle lintho tsohle? Eseng ka linako tsohle, hafeela u etsa bonnete ba hore ha u ba thetse.—Lipr 3:32.
U ka bua le batsoali ba hao joang? Leka ho bua le bona ka nako e le loketseng kaofela ha lona. Haeba seo se u thatafalla u ka ngolla e mong oa bona lengolo ho mo bolella kamoo u ikutloang kateng. U tla etsa’ng haeba ba batla ho bua ka ntho eo u sa thabeleng ho bua ka eona? Hopola hore ba batla ho u thusa. Nka batsoali ba hao e le metsoalle ea hao eseng lira tsa hao. Boiteko ba hao ba hore u buisane le batsoali ba hao u phutholohile, bo tla u thusa bophelo bohle ba hao!—Lipr 4:10-12.
SHEBELLANG VIDEO EA BOCHA BA KA—NKA BUISANA LE BATSOALI BA KA JOANG? EBE LE ARABA LIPOTSO TSE LATELANG:
Esther le Partik ba ile ba hlokomela’ng ka tsela eo ba neng ba etsa lintho ka eona?
U ka ithuta’ng mohlaleng oa Jesu?
Batsoali ba hao ba bontšitse joang hore baa u rata?
Batsoali ba hao ba batla hore u atlehe bophelong
Ke melao-motheo efe ea Bibele e ka u thusang hore u khone ho buisana le batsoali ba hao?