Watchtower ONLINE LIBRARY
Watchtower
ONLINE LIBRARY
Sesotho (Lesotho)
  • BIBELE
  • LINGOLOA
  • LIBOKA
  • mwb23 July leq. 11
  • U ka Etsa Hore Lelapa la Hao e be le Thabileng

Ha ho na video mona.

Ka masoabi ho bile le bothata.

  • U ka Etsa Hore Lelapa la Hao e be le Thabileng
  • Bukana ea Seboka sa Bophelo ba Bokreste le Tšebeletso ea Rona—2023
  • Lingoloa Tse Tšoanang
  • Keletso e Bohlale ea ’Mè
    Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—2000
  • Lelapa la Hao le ka Thaba
    Re ka Ithuta Eng Bibeleng?
  • Khalemelo e Bontša Hore Jehova oa re Rata
    Bukana ea Seboka sa Bophelo ba Bokreste le Tšebeletso ea Rona—2021
  • Sebelisa Melao-motheo ea Bibele ho Thusa Bana ba Hao Hore ba Atlehe
    Bukana ea Seboka sa Bophelo ba Bokreste le Tšebeletso ea Rona—2023
Bala Tse Ling
Bukana ea Seboka sa Bophelo ba Bokreste le Tšebeletso ea Rona—2023
mwb23 July leq. 11
Litšoantšo: Lipapiso tse mabapi le video ea “Sebeletsa Hore ho be le Thabo ka Lapeng.” 1. ’Mè le Ntate ba ntse ba ja cake ’me barali ba bona ba ba shebile. 2. Barali baa tšeha nakong ea borapeli ba lelapa. 3. Morali e mong o hlokometse ’mè oa hae ea robetseng sofeng ea kulang.

PHELA JOALOKA MOKRESTE

U ka Etsa Hore Lelapa la Hao e be le Thabileng

Jehova o batla hore malapa a thabe. (Ps 127:3-5; Moe 9:9; 11:9) Leha ho le joalo, thabo eo re bang le eona e ka fela ka lebaka la mathata a lefatše lena le liphoso tsa ba malapa a rona. Ke eng eo litho tsa malapa li lokelang ho e etsa e le hore lelapa e be le thabileng?

Monna o lokela ho tšoara mosali oa hae hantle. (1Pe 3:7) A qete nako le eena. Ha a lokela ho lebella hore mosali oa hae a etse lintho tseo a ke keng a khona ho li etsa. Empa o lokela ho bontša hore o ananela lintho tseo mosali oa hae a li etsetsang eena le lelapa la bona. (Kol 3:15) A bontše mosali oa hae hore oa mo rata hape a mo babatse.—Pr 31:28, 31.

Mosali o lokela ho tšehetsa monna oa hae. (Pr 31:12) A ikokobeletse eena ’me a sebelisane hantle le eena. (Kol 3:18) A bue hantle le eena le ha a bua ka eena ho batho ba bang.—Pr 31:26.

Batsoali ba lokela ho qeta nako le bana ba bona. (De 6:6, 7) Ba lokela ho bolella bana ba bona hore baa ba rata. (Mat 3:17) Ba khalemele bana ba bona ka lerato le ho ba nahanela.—Ef 6:4.

Bana ba lokela ho hlompha batsoali le ho ba mamela. (Pr 23:22) Ba bolelle batsoali ba bona maikutlo a bona le lintho tseo ba li nahanang. Ka tlhompho ba amohele khalemelo ea batsoali ba bona.—Pr 19:20.

SHEBELLANG VIDEO EA SEBELETSA HORE HO BE LE THABO KA LAPENG EBE LE ARABA POTSO E LATELANG:

• Ke’ng eo motho ka mong a ileng a e etsa hore ho be le thabo ka lapeng?

    Lingoliloeng Tsa Sesotho Lesotho (1985-2026)
    Tsoa
    Kena
    • Sesotho (Lesotho)
    • Romela
    • Ikhethele
    • Copyright © 2025 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
    • Kamoo e Lokelang ho Sebelisoa
    • Tumellano ea ho Boloka Lekunutu
    • Privacy Settings
    • JW.ORG
    • Kena
    Romela