Watchtower ONLINE LIBRARY
Watchtower
ONLINE LIBRARY
Sesotho (Lesotho)
  • BIBELE
  • LINGOLOA
  • LIBOKA
  • mwb22 March leq. 13
  • Liteko Tsohle li Tla Fela

Ha ho na video mona.

Ka masoabi ho bile le bothata.

  • Liteko Tsohle li Tla Fela
  • Bukana ea Seboka sa Bophelo ba Bokreste le Tšebeletso ea Rona—2022
  • Lingoloa Tse Tšoanang
  • Jehova o re Thusa ho Mamella Mathata a Rona
    Bukana ea Seboka sa Bophelo ba Bokreste le Tšebeletso ea Rona—2023
  • Lula u E-na le Mamello
    Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova (O Ithutoang)—2023
  • Na U Ikemiselitse ho Leta U sa Fele Pelo?
    Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova (O Ithutoang)—2017
  • Letela Jehova ka Mamello
    Bukana ea Seboka sa Bophelo ba Bokreste le Tšebeletso ea Rona—2022
Bala Tse Ling
Bukana ea Seboka sa Bophelo ba Bokreste le Tšebeletso ea Rona—2022
mwb22 March leq. 13
Litšoantšo: Karolo ea video ea “Batho ba Momahaneng Lefatšeng le Arohaneng.” 1. Letšoele la bara le barali babo rona ba batšo kopanong. 2. Baholo ba batšo le ba basoeu ba nka senepe le balekane ba bona. 3. Bara babo rona ba babeli ba merabe le lilemo tse sa tšoaneng ba etsa mosebetsi oa boboleli.

PHELA JOALOKA MOKRESTE

Liteko Tsohle li Tla Fela

Ho ka ba bonolo hore liteko tseo re kopanang le tsona li re nyahamise, haholo-holo ha li nka nako e telele. Davida o ne a tseba hore bothata ba hae bo neng bo bakoa ke Morena Saule bo ne bo tla fela, le hore e ne e tla ba morena joalokaha Jehova a ne a tšepisitse. (1Sa 16:13) Tumelo eo Davida a neng a e-na le eona e mo thusitse hore a be le mamello le ho letela Jehova.

Ha re na le mathata, re ka leka ho sebelisa bohlale kapa tsebo ea rona ho fetola maemo a rona. (1Sa 21:12-14; Lipr 1:4) Leha ho le joalo, mathata a mang a tla lula a le teng esita le haeba re entse sohle seo re ka se khonang ho a rarolla re sebelisa melao-motheo ea Bibele. Maemong a joalo, re lokela ho ba le mamello ’me re letele Jehova. Haufinyane o tla felisa mathata a rona ’me a ‘hlakole meokho eohle’ ea rona. (Tše 21:4) Ebang mathata a rona a felisoa ke Jehova ka ho toba kapa a fela ka lebaka le leng le itseng, seo re se tsebang ke hore: Liteko tsohle li tla fela. Ho tseba seo ho ka re khothatsa.

SHEBELLANG VIDEO EA BATHO BA MOMAHANENG LEFATŠENG LE AROHANENG EBE LE ARABA LIPOTSO TSE LATELANG:

  • Ke mathata afe ao Bakreste ba karolong e ka boroa ea Amerika ba kopaneng le ’ona?

  • Ba ile ba bontša lerato le mosa joang?

  • Ba ile ba tsoela pele ho “nepisisa lintho tsa bohlokoa” joang?​—Fil 1:10

    Lingoliloeng Tsa Sesotho Lesotho (1985-2026)
    Tsoa
    Kena
    • Sesotho (Lesotho)
    • Romela
    • Ikhethele
    • Copyright © 2025 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
    • Kamoo e Lokelang ho Sebelisoa
    • Tumellano ea ho Boloka Lekunutu
    • Privacy Settings
    • JW.ORG
    • Kena
    Romela